Tšepo Bakeng sa ba Kulang
NAKONG e fetileng, batho ba ne ba atisa ho qoba batho ba nang le mafu a ho feto-fetoha ha maikutlo ho sa laoleheng. Ka lebaka leo, ba bangata ba neng ba e-na le mafu ana ba ne ba iloa sechabeng. Ba bang ba ne ba khetholloa mesebetsing. Ba bang ba ne ba koekoetloa ke litho tsa malapa a habo bona. Hangata sena se ne se mpefatsa bothata le ho thibela hore ba kulang ba fumane thuso.
Leha ho le joalo, mashomeng a lilemo a sa tsoa feta, ho entsoe boiteko bo boholo ho utloisisa lefu la ho tepella maikutlo le netefalitsoeng ke lingaka le la ho ferekana kelellong. Hona joale hoa tsebahala hore mafu ana aa phekoleha. Empa hase kamehla ho leng bonolo ho fumana thuso. Hobane’ng?
Ho Lemoha Matšoao
Lefu la ho feto-fetoha ha maikutlo ho sa laoleheng ha le fumanoe ka ho etsa liteko tsa mali kapa ka X ray. Ho e-na le hoo, tsela eo motho a itšoarang ka eona, eo a nahanang ka eona le eo a ahlolang lintho ka eona e behoa leihlo nako e telele. Pele ho fihleloa qeto ea hore motho o tšoeroe ke lefu leo, ho lokela ho fumanoe matšoao a mangata. Bothata ke hore ka linako tse ling litho tsa lelapa le metsoalle ha ba hlokomele hore seo ba se bonang ke bona bopaki ba hore motho o na le lefu la ho feto-fetoha ha maikutlo ho sa laoleheng. Dr. David J.Miklowitz oa ngola: “Esita leha batho ba lumellana hore tsela eo motho a itšoarang ka eona hase e tloaelehileng, ba ka ba le mabaka a sa tšoaneng tabeng ea hore na ke hobane’ng ha motho eo a itšoara joalo.”
Ho feta moo, esita leha litho tsa lelapa li lumela hore boemo bona bo tebile, ho ka ’na ha e-ba thata ho kholisa mokuli hore ho hlokahala hore a ee ngakeng. Kapa haeba e le uena ea kulang, u ka ’na ua se ke ua batla ho fumana thuso. Dr. Mark S. Gold oa ngola: “Mohlomong u lumela hore seo u se nahanang ke ’nete ha u tepelletse maikutlo—hore ha u na thuso, kahoo, molemo oa ho batla thuso bakeng sa motho ea kang uena tjee ke ofe. Mohlomong u batla ho buisana le motho e mong ka hona, empa u nahana hore ho tepella maikutlo ke ntho e hlabisang lihlong, hore ha e le hantle ke molato oa hao. . . . Mohlomong ha u tsebe hore tsela eo u ikutloang ka eona e bakoa ke ho tepella maikutlo.” Leha ho le joalo, ke habohlokoa hore ba nang le lefu la ho tepella ho hoholo ha maikutlo ba fumane thuso ea lingaka.
Ke ’nete hore ka linako tse ling motho e mong le e mong o na le ho ikutloa a nyahame, empa sena ha se bolele hore o na le lefu la ho feto-fetoha ha maikutlo ho sa laoleheng. Empa ho thoe’ng haeba ho bonahala maikutlo aa a tebile ho feta ho nyahama feela tjee ho tloaelehileng? Hona ho thoe’ng haeba a phehella nako e telele bo sa tloaelehang—mohlomong libeke tse peli kapa tse tharo? Ho feta moo, mohlomong ho tepella hona ha hao maikutlong ho u sitisa ho etsa lintho ka tsela e tloaelehileng, ebang ke mosebetsing kapa sekolong, kapa ha u etsa lintho tse ling feela bophelong. Boemong bo joalo, e ka ba bohlale ho bona setsebi se khonang ho fumana le ho phekola mafu a ho tepella maikutlo.
Haeba ho e-na le ho se leka-lekane ho itseng ha lik’hemik’hale ’meleng, mokuli a ka fuoa meriana ke ngaka. Maemong a mang ho ka ’na ha buelloa lenaneo la ho fuoa keletso le tla thusa mokuli hore a tsebe hore na a ka sebetsana ka katleho le boemo ba hae joang. Ka linako tse ling, ha ho sebelisitsoe mekhoa ena ka bobeli, ho ba le liphello tse molemo.a Ntho ea bohlokoa ke ho batla thuso le hore u e fumane. Lenore, ea nang le lefu la ho ferekana kelellong ea boletsoeng sehloohong se fetileng, o re: “Hangata bakuli ba tšosoa ke boemo ba bona hape bo ba hlabisa lihlong. Leha ho le joalo, se hlileng se hlabisang lihlong ke ha u belaela hore u na le bothata empa u sa batle ho batla thuso eo u tsebang hantle hore u hlile u oa e hloka.”
Lenore o bua ka se ileng sa mo hlahela. O re: “Ke ile ka robala hoo e ka bang selemo ke sa tsohe. Joale, ka letsatsi le leng ha ke ne ke ikutloa ke le matlanyana, ke ile ka etsa qeto ea ho letsetsa ngaka ho kōpa ho ea e bona.” Ho ile ha fumanoa hore Lenore o tšoeroe ke lefu la ho tepella maikutlo ’me a fuoa meriana. Hoo ho ipakile e le hona moo bophelo ba hae bo ileng ba fetoha teng. Lenore o re: “Ha ke e-noa meriana, ke ikutloa ke phela hantle, le hoja ke tlameha ho lula ke ikhopotsa hore haeba ke khaotsa ho e noa, ke tla khutlela tetete.”
Ho joalo le ka Brandon, ea nang le bothata ba ho tepella maikutlo. O re: “Ha ke sa le mocha, hangata ke ne ke e-ba le maikutlo a ho ipolaea ka lebaka la ho imeloa ke maikutlo a hore ha ke na thuso. Ke feela ha ke le lilemong tsa bo-30 moo ke ileng ka ea bona ngaka.” Joaloka Lenore, Brandon o noa meriana hore a sebetsane ka katleho le boloetse ba hae, empa ho na le lintho tse ling tse amehang. O re: “E le hore ke lule ke phetse hantle, ke itlhokomela kelellong le ’meleng. Ke phomola ka ho lekaneng le ho ela hloko seo ke se jang. Ke boetse ke fepa kelello ea ka le pelo ka lintho tse molemo tse tsoang Bibeleng.”
Leha ho le joalo, Brandon o totobatsa hore lefu la ho tepella maikutlo le netefalitsoeng ke lingaka ke ho kula ’meleng, eseng moeeng. Ho lemoha sena ke habohlokoa haholo bakeng sa hore motho a hlaphoheloe. Brandon oa pheta: “Mokreste e mong ka boikemisetso bo botle o kile a mpolella hore kaha Bagalata 5:22, 23 e re thabo ke tholoana ea moea o halalelang oa Molimo, e tlameha ebe ke tepelletse maikutlo hobane ho na le seo ke ’nileng ka se etsa se thibelang moea oo. Seo se ile sa ntepeletsa le ho feta le ho etsa hore ke ikutloe ke le molato haholo. Empa ka mor’a hore ke fumane thuso, leru le letšo le ile la qala ho apoha. Ke ile ka ikutloa ke le betere haholo! Eka nka be ke ile ka fumana thuso kapele.”
Ho Hlōla Ntoa
Esita le ka mor’a hore ho fumanoe hore na motho o tšoeroe ke eng ’me a bile a fumana phekolo, ho ntse ho ka etsahala hore lefu la ho feto-fetoha maikutlo ho sa laoleheng le tsoele pele e le phephetso ho mokuli. Kelly, ea loanang le ho tepella ho hoholo ha maikutlo, o thabetse thuso ea lingaka e sebetsaneng le boemo ba hae ba ho kula. Ho phaella moo, o ’nile a fumana hore ho tšehetsoa ke ba bang ke habohlokoa. Qalong, Kelly o ne a le leqe ho kōpa thuso ho ba bang hobane o ne a sa batle hore a nkoe e le moroalo. O re: “Ke ile ka tlameha ho ithuta ho kōpa thuso le hona ho e amohela. Ke feela ka mor’a hore ke phetle sefuba sa ka moo ke ileng ka khaotsa ho tetebela.”
Kelly, joaloka e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ea libokeng le balumeli-’moho le eena Holong ea ’Muso. Leha ho le joalo, ka linako tse ling le tsona linako tsena tse thabisang e ba phephetso. “Hangata mabone, ho phethesela ha batho le lerata lia mpherekanya. Ebe joale ke ikutloa ke le molato, ’me ke tepella le ho feta hobane lefu lena le etsa hore ke be le maikutlo a hore e tlameha ebe kea fokola moeeng.” Kelly o sebetsana le boemo boo joang? O re: “Ke ithutile hore ho tepella maikutlo ke lefu le hlokang hore motho a sebetsane le lona. Hase lona le bontšang botebo ba kamoo ke ratang Molimo le Bakreste-’moho le ’na kateng. Hase pontšo ea sebele ea bomoea ba ka.”
Lucia, ea boletsoeng pejana lethathamong la lihlooho tsena o ananela tlhokomelo e babatsehang ea lingaka eo a e fumanang. O re: “Ho bona ngaka ea mafu a kelello e bile ntho ea bohlokoahali e nthusitseng hore ke sebetsane ka katleho le maikutlo a ka a feto-fetohang a bakoang ke lefu lena.” Lucia o boetse o hatella bohlokoa ba ho phomola. O re: “Boroko ke ntho ea bohlokoa ho sebetsaneng le mafolofolo a tsamaisanang le thabo e feteletseng. Ha ke robala nako e nyenyane, ke ba mafolofolo le ho feta. Esita leha ke sa khalehe, ho e-na le hore ke tsohe, ke itloaelitse hore ke paqame moo ’me ke phomole.”
Sheila eo le eena a boletsoeng pejana, o fumane ho thusa ho ngola bukaneng liketsahalo tsa letsatsi le letsatsi. O bona phetoho e khōlō tseleng eo a bonang lintho ka eona. Leha ho le joalo, ho ntse ho e-na le liphephetso. Sheila o re: “Ka mabaka a mang a itseng, mokhathala o etsa hore kelello ea ka e tlale ka lintho tse ’nyahamisang. Empa ke ithutile ho li hatella kapa bonyane ke etse hore li se ke tsa nkama hakaalo.”
Matšeliso a Tsoang Lentsoeng la Molimo
Bibele ke thuso e matlafatsang ho ba bangata ba khathatsoang ke ‘menahano e hlokisang botsitso.’ (Pesaleme ea 94:17-19, 22) Ka mohlala, Cherie o fumane hore ka ho khetheha, Pesaleme ea 72:12, 13 e mo khothatsa haholo. Mono, mopesaleme o re ka Morena ea khethiloeng ke Molimo, Jesu Kreste: “O tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, o tla pholosa meea ea ba futsanehileng.” Cherie o ile a boela a khothatsoa ke mantsoe a moapostola Pauluse a tlalehiloeng ho Baroma 8:38, 39: “Ke kholisehile hore leha e le lefu kapa bophelo kapa mangeloi kapa mebuso kapa lintho tse teng hona joale kapa lintho tse tlang ho tla kapa matla kapa bophahamo kapa botebo kapa pōpo leha e le efe e ’ngoe li ke ke tsa khona ho re arohanya le lerato la Molimo.”
Elaine, ea tšoeroeng ke lefu la ho ferekana kelellong, o fumana kamano ea hae le Molimo e le eona e mo matlafatsang. O tšelisoa haholo ke mantsoe a mopesaleme a reng: “Molimo, u ke ke ua nyelisa pelo e robehileng le e sithabetseng.” (Pesaleme ea 51:17) O re: “Ka sebele e bile ho tšelisang ho tseba hore Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo, Jehova, oa utloisisa. Ho atamela haufi le eena ka thapelo ho ’nile ha ’matlafatsa, haholo-holo linakong tseo ke tšoenyehileng haholo le ho sithabela maikutlong.”
Joalokaha ho hlokomeloa, ho phela le ho feto-fetoha ha maikutlo ho sa laoleheng ke phephetso e ikhethang. Leha ho le joalo, Cherie le Elaine ba fumane hore ho itšetleha ka thapelo ho Molimo hammoho le ho sebelisa phekolo e loketseng ho ba nolofalelitse ho ntlafatsa bophelo ba bona. Leha ho le joalo, litho tsa lelapa le metsoalle ba ka thusa ba nang le lefu la ho ferekana kelellong le ho tepella maikutlong joang?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tsoha! ha e buelle mokhoa leha e le ofe. Bakreste ba lokela ho etsa bonnete ba hore phekolo leha e le efe eo ba e khethang ha e hanane le melao-motheo ea Bibele.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 10]
“Empa ka mor’a hore ke fumane thuso, leru le letšo le ile la qala ho apoha. Ke ile ka ikutloa ke le betere haholo!”—BRANDON
[Lebokose le leqepheng la 9]
Tlhaloso ea Molekane
“Pele Lucia a qala ho kula, o ne a ile a ba le tšusumetso bophelong ba batho ba bangata ka lebaka la ho ba le temohisiso e hlollang. Esita le hona joale ha batho ba etela mosali oa ka nakong eo a leng maemong a matle, ho bonahala ba haptjoa ke boikutlo ba hae bo mofuthu. Seo batho ba bangata ba sa se lemoheng ke hore Lucia o ba le linako tseo a tepellang maikutlo haholo ka tsona ’me tse ling e be tseo a tsohileng molota haholo ka tsona. Ana ke matšoao a lefu la ho ferekana kelellong, e leng bokuli boo a bo mamelletseng lilemo tse ’nè tse fetileng.
“Nakong eo a tsohileng molota haholo ka eona, ka tloaelo Lucia o tsoha horeng ea pele, ea bobeli kapa ea boraro hoseng, a e-na le mehopolo e mengata ea lintho tseo a batlang ho li etsa. O ba mahlahahlaha haholo. O tla itšoara ka tsela e fetelletseng le linthong tse sa reng letho ’me a senye chelete e ngata. O tla ipeha maemong a kotsi haholo, a nahana hore ha ho ea ka o besang oa tuka, hore ha ho kotsi ea letho—boitšoarong, ’meleng le ka litsela tse ling. Ha a le boemong bona o ba kotsing ea ho ipolaea. Kamehla ka mor’a hore a tsohe molota o tepella maikutlo, ’me a tepelle haholo ka tsela e tšoanang le ea ha a ne a tsohile molota.
“Ho ’na bophelo bo fetohile haholo. Le hoja Lucia a ntse a fumana phekolo, seo re ka se finyellang kajeno e ka ’na ea e-ba se fapaneng le seo re neng re se finyeletse maobane kapa seo re tla se finyella ka moso. Se itšetlehile ka maemo. Ke iphumana ke tlameha ho ba ea feto-fetohang le maemo ho feta kamoo ke neng ke nahana hore nka khona.”—Mario.
[Lebokose le leqepheng la 11]
Ha Ngaka e Fana ka Meriana
Ba bang ba nahana hore ho noa meriana ke letšoao la bofokoli. Empa nahana taba ka tsela ena: Motho ea tšoeroeng ke lefu la tsoekere o tlameha ho latela lenaneo la phekolo, le ka ’nang la kopanyelletsa ho ikenta ka insulin. Na see ke letšoao la ho hlōleha? Le hanyenyane! Empa e le mokhoa oa ho etsa hore limatlafatsi li leka-lekane ’meleng e le hore mokuli a ka lula a phela hantle.
Hoa tšoana le ka ho noa meriana ea mafu a ho tepella maikutlo le a ho ferekana kelellong. Le hoja batho ba bangata ba thusitsoe ke lenaneo la ho fuoa keletso le ba thusitseng hore ba utloisise bokuli ba bona, tlhokomeliso ea hlokahala. Haeba ho e-na le ho se leka-lekane ho itseng ha lik’hemik’hale ’meleng, bokuli bona bo ke ke ba phekoloa ke ho fuoa keletso feela. Steven eo e leng mokuli oa lefu la ho ferekana kelellong, o re: “Ngaka e neng e mphekola e ile ea nketsetsa mohlala ona: U ka sebelisa mekhoa eohle e teng lefatšeng ho ruta motho ho khanna, empa haeba u fa motho eo koloi e se nang setering kapa mariki, joale thuto eo ea hao kea lefeela. Ka tsela e tšoanang, ho fa motho ea tepeletseng maikutlo keletso e bontšang bohlale feela ho ka ’na ha se hlahise litholoana tse lebeletsoeng. Mohato oa pele oa bohlokoa ke ho etsa hore boko bo sebetse ka teka-tekano.”
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Bibele ke thuso e matlafatsang ho ba bangata ba khathatsoang ke menahano e fosahetseng