Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 2/8 maq. 10-12
  • Kamoo U ka Tsebang Molimo ka Lebitso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Tsebang Molimo ka Lebitso
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Taba ea Bohlokoa
  • Jehova Molimo ha a Hōle le Uena
  • Lebitso la Molimo
    Tsoha!—2017
  • Hlompha Lebitso la Jehova le Leholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lebitso la Molimo ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Sebelisa Lebitso la Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 2/8 maq. 10-12

Kamoo U ka Tsebang Molimo ka Lebitso

MONGOLI e mong oa koranta o ile a fumana lengolo le latelang le tsoang ho ’mali: “Ke ’nile ka ipotsa potso ena bophelo bohle ba ka, ’me ke tšepa hore u tla nkaraba. Lebitso la Molimo ke mang? Bajuda ba re lebitso la sebele la Molimo le qetelletse le nyametse ha lilemo li ntse li feta. Bakreste ba Mo bitsa Jesu. Mamosleme a Mo bitsa Allah. . . . Hantle-ntle lebitso la hae ke mang?” Koranta e ile ea hatisa potso eo hammoho le karabelo ena: “Ho latela lithuto tsa boholo-holo tsa Baheberu, Molimo o matla ’ohle, ka hona, A ke ke a ba le lebitso le le leng. Leha ho le joalo, kea u tiisetsa hore O tla arabela ha u mo bitsa ka lebitso leha e le lefe leo u mo fang lona ka tlhompho.”

Boikutlo bo sa tsotelleng joalo ka lebitso la Molimo bo tloaelehile kajeno. Le hoja ba sekametse bolumeling, ba bangata ba lumelang Bibeleng ha ba nahane ka ho teba ka taba ea lebitso la Molimo. Empa Molimo o ikutloa joang ka eona? Na ho eena hase taba ea bohlokoa?

Ke Taba ea Bohlokoa

Nahana ka taba ea hore Bibele e bolela lebitso la Molimo, Jehova, makhetlo a likete. Phetolelong ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang, lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a 7 210!a Ke Molimo ka boeena ea ileng a susumetsa bangoli ba Bibele hore ba sebelise lebitso la hae haholo. E mong oa bangoli bana, mopesaleme Asafe, o ile a ngola: “Uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” (Pesaleme ea 83:18) Davida o ile a boela a ngola pesalemeng e ’ngoe: “Re tla bua ka lebitso la Jehova Molimo oa rōna.”—Pesaleme ea 20:7.

Bibele e bontša hore Jehova Molimo o hlahloba lipelo tsa rōna ho bona hore na re ikutloa joang ka lebitso la hae. Mopesaleme o itse: “Haeba re lebetse lebitso la Molimo oa rōna, . . . na Molimo a ke ke a batlisisa see? Etsoe o hlokomela liphiri tsa pelo.” (Pesaleme ea 44:20, 21) Moprofeta Esaia o ngotse: “Lebohang Jehova! Ipiletseng lebitsong la hae. Tsebahatsang mesebetsi ea hae lichabeng. Bolelang hore lebitso la hae le behiloe phahameng.”—Esaia 12:4.

Molimo ka boeena o itse: “Ba tla lokela ho tseba hore lebitso la ka ke Jehova.” (Jeremia 16:21) Ka nako e ’ngoe o ile a re: “Ka sebele ke tla halaletsa lebitso la ka le leholo, le neng le ntse le hlompholloa har’a lichaba, . . . ’me lichaba li tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.” (Ezekiele 36:23) Tse ling tsa lipolelo tsena li bua ka nako eo ka eona Jehova a tla halefa ’me a nke khato khahlanong le ba sa hlompheng lebitso la hae. Taba ea lebitso la Molimo ke ea bohlokoa ho eena.

Jehova Molimo ha a Hōle le Uena

U ka tseba Molimo ka lebitso joang? Ho bolela’ng ho tseba Molimo ka lebitso? Bibele ea arabela: “Ba tsebang lebitso la hao ba tla u tšepa.” (Pesaleme ea 9:10) Ka ho hlakileng, ho tseba Molimo ka lebitso ho feta feela ho tseba hore na lebitso la hae ke mang. U lokela ho mo tšepa. Sena se bolela ho tseba hore na ke Molimo oa mofuta ofe le ho ithuta ka litšobotsi tsa hae le menahano ea hae. Sena se tla u susumelletsa hore u mo tšepe.

Ke feela ho bala ka hloko le ho ithuta Bibele ho ka etsang hore u be le kutloisiso ea hore na Jehova ke Molimo oa mofuta ofe. O tšepisa hore o tla sireletsa ba bontšang ho mo rata le ho rata lebitso la hae. Mabapi le ea etsang seo, Molimo o re: “Kahobane o behile boikutlo ba hae bo mofuthu ho ’na, ke tla boela ke mo pholose. Ke tla mo sireletsa hobane o tsebile lebitso la ka. O tla ipiletsa ho ’na, ’me ke tla mo araba. Ke tla ba le eena mahlomoleng. Ke tla mo pholosa ’me ke mo tlotlise. Ke tla mo khotsofatsa ka matsatsi a malelele, ke tla etsa hore a bone poloko ea ka.”—Pesaleme ea 91:14-16.

Jehova Molimo o na le kamano e babatsehang hakaakang le ba mo tsebang ka lebitso! Le uena u ka thabela kamano e joalo. Lithapelong tsa hao tse tlohang botebong ba pelo, le ka mohla u se ke ua tsilatsila ho mo bitsa ka lebitso. O tla araba hobane Bibele e re, ‘ha a hōle le e mong le e mong oa rōna.’—Liketso 17:27.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, ke phetolelo ea Bibele e fetoletsoeng ka puo ea kajeno e nkelang ea khale sebaka. Tšobotsi e ka sehloohong ea phetolelo ena ke ho khutlisetsa lebitso la Molimo libakeng tse loketseng litemaneng tsa Bibele. Ho fihlela joale, ho hatisitsoe tse fetang limilione tse 122, li feletse kapa li sa fella, ka lipuo tse 45.

[Lebokose le leqepheng la 11]

Molimo o U Tseba ka Lebitso

Molimo o ile a re ho Moshe: “Ke u tseba ka lebitso.” (Exoda 33:12) Tlaleho e tsebahalang ea sehlahla se tukang e netefatsa sena. Bibele e re Molimo “a mo bitsa a le har’a sehlahla se meutloa a re: ‘Moshe! Moshe!’” (Exoda 3:4) Ona ke mohlala o le mong feela ho e mengata eo ho eona Molimo a ileng a bitsa batho ka mabitso a bona. Ho hlakile hore ’Mōpi oa bokahohle o re thahasella ka bomong.

Bibele e re Molimo o tseba naleli e ’ngoe le e ’ngoe ka lebitso ho tse limilione tse likete tse teng. (Esaia 40:26) Joale e tlameha ebe o tsotella batho ba mo rapelang hakaakang! Moapostola Pauluse o ile a ngola hore “Jehova o tseba ba hae.” (2 Timothea 2:19) Sena se bolela ho fetang feela ho tšoara mabitso a bona ka hlooho. Molimo o tseba barapeli ba hae ka ho feletseng. Ka ho tšoanang, le rōna re lokela ho tseba Molimo ka lebitso le ho batla ho tseba litšoaneleho tsa hae ka ho feletseng.

Buka ea ho qetela ea Bibele e hlalosa buka ea tšoantšetso eo ho eona Molimo a ngolang mabitso a bohle ba ileng ba mo rapela historing eohle. Buka ena e bitsoa ‘moqolo oa bophelo’ hobane Jehova Molimo o tla fana ka bophelo bo sa feleng ho bao mabitso a bona a ngotsoeng ho eona. (Tšenolo 17:8) Ena ke tebello e babatsehang ho ba tsebang Molimo ka lebitso.

[Lebokose le leqepheng la 12]

Ba Ile ba Phatlalatsa Lebitso la Molimo

● Pina ea Moshe ha Baiseraele ba se ba le haufi le ho kena Naheng e Tšepisitsoeng: “Ke tla bolela lebitso la Jehova.”—Deuteronoma 32:3.

● Mantsoe a Davida ho Goliathe oa sefonthoane: “Ke tla ho uena ka lebitso la Jehova oa mabotho.”—1 Samuele 17:45.

● Mantsoe a Jobo ka mor’a ho lahleheloa ke letlotlo la hae le ka mor’a lefu la tšohanyetso la bana ba hae kaofela: “Lebitso la Jehova le ke le tsoele pele ho bokoa.”—Jobo 1:21.

● Moapostola Petrose o qotsa Mangolong a Seheberu: “E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.”—Liketso 2:21.

● Moprofeta Esaia: “Lebohang Jehova! Ipiletseng lebitsong la hae. . . . Bolelang hore lebitso la hae le behiloe phahameng.—Esaia 12:4.

● Jesu Kreste a ruta barutuoa ba hae ho rapela: “Joale, le rapele ka tsela ena: ‘Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.’”—Matheu 6:9, 10.

● Jesu Kreste a rapela Molimo: “Ke senotse lebitso la hao.”—Johanne 17:6.

● Ha Molimo a bua le batho ba hae: “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka; ’me nke ke ka fa e mong khanya ea ka.”—Esaia 42:8.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela