E-ba le Pono e Leka-lekaneng ka Liphoofolo Tse Ruuoang Lapeng
JOALOKAHA ho boletsoe pele, motho o ile a fuoa boikarabelo ba ho hlokomela lefatše le liphoofolo tsohle tse ho lona. Bibele e re: “[Molimo o] behile ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka tlas’a maoto a hae: Likhutšoane le lipholo, kaofela ha tsona, le liphoofolo tsa naha e sabaletseng, linonyana tsa leholimo le litlhapi tsa leoatle.”—Pesaleme ea 8:6-8; 115:16.
Ke habohlokoa hore na batho ba phetha boikarabelo ba bona joang liphoofolong. Lentsoe la Molimo le re: “Ea lokileng o hlokomela moea oa phoofolo ea hae e ruuoang.” (Liproverbia 12:10) Ka sebele, melao ea Molimo Iseraeleng khafetsa e ile ea hatisa tlhokahalo ea ho nahanela liphoofolo. (Deuteronoma 22:4, 10; 25:4) Ha ba ntse ba phethahatsa boikarabelo ba bona, hangata batho ba ’nile ba fetola liphoofolo tse seng hlaha ho li etsa tsa ka tlung, ba ba ba thapisa le tse hlaha ’me le tsona ba li fetola tsa ka tlung.—Genese 1:24.
Leha ho le joalo, re lokela ho hopola hore Bibele e hatisa hore batho ba fapane le liphoofolo. Ke batho ba entsoeng ka ‘setšoantšo le ka sebōpeho sa Molimo’ eseng liphoofolo. (Genese 1:26) Le hoja liphoofolo li ne li bōpiloe li e-na le nako e lekanyelitsoeng ea ho phela, batho ba ne ba e-na le tebello ea ho phela lefatšeng ka ho sa feleng. (Genese 3:22, 23; Pesaleme ea 37:29) Jesu Kreste o ile a re e le hore re thabele “bophelo bo sa feleng,” re tlameha ho ba le tumelo le ho rua tsebo ka Molimo—e leng lintho tseo liphoofolo li ke keng tsa li etsa. (Johanne 3:36; 17:3) Ho feta moo, Bibele e bapisa ba sa tšoaneloeng ke ho tsosoa bafung le “liphoofolo tse sa nahaneng tseo ka tlhaho li tsoaletsoeng ho tšoaroa le ho timetsoa.”—2 Petrose 2:9-12.
Li Etselitsoe Batho
Molimo o bōpile liphoofolo molemong oa batho. Liphoofolo li ka ba thusa hore ba etse mosebetsi oa bona ’me li ka sebeletsa e le metsoalle ea bona kapa e le tsa ka tlung. Li boetse li phahamisa lerato la Molimo le bohlale ba hae. Ka sebele ke ntho e thabisang ho boha botle ba liphoofolo le ho ithuta ho eketsehileng ka ’Mōpi ka ho ithuta bohlale ba tsona bo babatsehang boo li tsoetsoeng li e-na le bona. (Pesaleme ea 104:24; Liproverbia 30:24-28; Baroma 1:20) Mohlala o le mong feela ho e mengata ea bohlale bo joalo o bonoa likokoanyaneng. Ho tsotehang e le kannete ke tsela eo linotši li buisanang ka eona le ho latela litšupiso tsa hore na mohloli oa lijo o hokae—re se re sa re letho ka tsela eo ka eona li hahang khekhe ea tsona.
Liphoofolo li ka tsoela motho molemo ka hore e be lijo ho eena. Qalong, Molimo o ile a lokisetsa hore motho a je limela feela. Empa lilemo tse fetang 1 600 hamorao—ka mor’a letsatsi la Moroallo oa Noe—Molimo o ile a re: “Phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hahabang e phelang e tla ba lijo tsa lōna. Joalokaha ke le nehile limela tse tala, ke le neha tsona kaofela.” (Genese 1:29; 9:3) Kahoo, Molimo o ile a fa batho tokelo ea hore ba je liphoofolo. Ho bonahala tokelo ena e ne e le molemong oa motho, le hoja qalong Molimo a ne a sa kenyelletsa nama e le karolo ea lijo tsa motho.
Mathata a Tsamaisanang le Liphoofolo Tse Ruuoang Lapeng Kajeno
Ho bonahala hore ho theosa le histori, liphoofolo tse ruuoang li ne li bolokoa ka seoelo lapeng, ’me sena se ntse se tsoela pele likarolong tse ngata tsa lefatše. Leha ho le joalo, mehleng ea morao tjena, kaha batho ba falletse metseng e meholo ’me ba atlehile moruong, liphoofolo tsa ka tlung li tloaelehile haholo. Sena se hlahisitse mathata a mang linaheng tse tsoetseng pele moruong.
Liphoofolong tse ruiloeng lapeng tse hakanyetsoang ho limilione tse 500 lefatšeng, tse etsang karolo e tšosang ea 40 lekholong kapa haufi le moo li fumanoa United States. Ho na le lintja tse ruiloeng tse limilione tse 59 le likatse tse limilione tse 75 tse ruiloeng moo. Empa, London le Paris, lelapa ka leng le na le liphoofolo tsa lapeng tse ngata ho feta tsa malapa a New York City!
Paris lilemong tse seng kae tse fetileng, lithuthuthu tse ka bang 70 tse bitsoang li-caninette li ile tsa hiroa hore li hloekise makaka a lintja litselaneng. Ho ile ha hakanngoa hore lintja tse ka bang 250 000 Paris li ne li hlahisa makaka a etsang lithane tse 25 ka letsatsi, ao li-caninette li neng li khona ho hleka ka tlaase ho halofo feela ea ’ona. Ho ne ho tlalehoa hore batho ba makholo ka selemo ba ne ba tsoa likotsi ’me ba kena sepetlele ka mor’a hore ba thellisoe ke makaka a lintja.
Joale ho na le bothata ba lerata. Batho ba bang ba nang le lintja ba mamella boitšoaro ba liphoofolo tsa bona tseo ba li ruileng boo le ka mohla ba neng ba ke ke ba bo mamella ho batho. Ho latela The Pet Care Forum, “beng ba lintja tse boholelang ruri ho bonahala ba hlaolela bokhoni ba ho hlokomoloha lerata leo.” Ka mohlala, ba bang ha ba etse letho ho thibela hore lintja tsa bona li se ke tsa bohola, esita le haeba lerata leo le sitisa moqoqo oa bohlokoa.
Ka lehlakoreng le leng, ntja e ka ’na ea e-ba e imametseng le e thabileng ha mong’a eona a le teng, empa e be e lenyokonyane ha mong’a eona a le sieo. Ke ’nete hore beng ba liphoofolo tse ruuoang lapeng ba ka ’na ba rata liphoofolo tsa bona ho sa tsotellehe liphoso tse joalo, empa moahelani ea sebetsang bosiu kapa ’mè ea lekang ho robatsa lesea la hae a ka ’na a halefisoa ke seo haholo. Ho feta moo, liphoofolo tse jeoang ke bolutu li ka ’na tsa qala ho itšoara ka tsela e ka bakang tšenyo e itseng, tsa tepella maikutlong esita le ho ba tse mabifi.
Lebelo leo liphoofolo tse ruuoang lapeng li ikatisang ka lona ke bothata bo totobalang haholo-holo metseng e meholo. Ho hakanngoa hore ho hlaha lintja tse limilione tse 17 le likatse tse limilione tse 30 United States selemo le selemo. Tse limilione tsa tsona li fella litsing tsa tlhokomelo ea liphoofolo, moo selemo le selemo naheng eo feela ho hakanngoang hore tse limilione tse ’nè ho ea ho tse tšeletseng tsa tsona lia phomotsoa—ke hore, li ea bolaoa.
Ke hobane’ng ha liphoofolo tse ngata hakaale li romeloa litsing tsa tlhokomelo ea liphoofolo? Hangata ke hobane lerato la liphoofolo tse ruuoang lapeng e ka ba la nakoana. Lelinyane la ntja le ratehang kapa la katse ha le hōla e e-ba phoofolo e khōlō le hloka tlhokomelo. Empa ho ka ’na ha se be le motho lapeng ea ka bang le nako kapa mamello ea ho bapala le eona kapa ho e koetlisa. Mongoli e bile e le setsebi sa liphoofolo Dr. Jonica Newby o re: “Ho fapana le tumelo e tloaelehileng, liphuputso tse tsoang lefatšeng lohle li bontša ka tsela e sa fetoheng hore halofo ea lintja tse isoang litsing tsa tlhokomelo ea liphoofolo ha lia lahloa, empa beng ba tsona ba li isa moo hobane ba sa khone ho mamella ho bohola ha tsona, tšenyo eo li e bakang kapa ka lebaka la mafolofolo a tsona.”
Boitsebiso bo buang ka lenane le tlōtseng tekano la liphoofolo tse ruuoang lapeng, bo akaretsa taba ka tsela ena: “Lintho tse phelang li fetohile thepa e ka lahloang, tse ka sikoang ka lerato ha li sa le ntle ’me li lahloe kherehloa ha li se li sokolisa. Ho hlokomoloha bophelo ba liphoofolo ka tsela eo hoa ata ebile ho senya le setso sa rōna.”
Lintlha Tsa Bohlokoa Tse Lokelang ho Nahaneloa
Ho rua phoofolo ea lapeng, haholo-holo motseng o moholo, ho hloka ho nahanisisoa ka ho teba. Liphoofolo tse mahlahahlaha li hloka ho koetlisoa letsatsi le leng le le leng hore li lule li phela hantle. Tlaleho ea “Sechaba le Phuputso ea Liphoofolo Tse Ruuoang Lapeng,” Australia, e re: “Ho tsamaea le ho ikoetlisa ka bobeli lia hlokahala ’meleng hape li susumetsa kelello ea ntja. Lintja tse sa fumaneng boikoetliso bo lekaneng ho ka ba thata ho li laola.” Leha ho le joalo, ba bangata ba nang le liphoofolo tseo ba khathetse haholo ka mor’a mosebetsi o boima oa letsatsi hore ba ka tsamaea le lintja tsa bona hore li ntše matla ’ohle a tsona ao esaleng a bokellana.
Kahoo ba nahanang ka ho rua liphoofolo tsa lapeng ba etsa hantle ha ba ipotsa lipotso tsena: ‘Na ke tla khona ho fa phoofolo ea ka tlhokomelo e loketseng? Na tsela eo ke phelang ka eona e tla qetella e etsa hore e siuoe e sa hlokomeloa boholo ba letsatsi? Na ke tla ba le nako ea ho e tsamaisa kapa hona ho bapala le eona? Haeba ntja ea ka e hloka ho koetlisoa, na ke itokiselitse ho fana ka koetliso eo kapa ho e isa sekolong sa koetliso ea lintja? Na ho ba le phoofolo e ruiloeng lapeng ho tla ja nako ea mesebetsing e meng ea bohlokoa?’
Ntlha e ’ngoe e lokelang ho nahaneloa ke hore ho ba le phoofolo e ruiloeng lapeng ho hloka chelete e ngata. Phuputso ea beng ba liphoofolo tsena e fumane hore ka karolelano, litšenyehelo tsa ho isa ntja ngakeng ea liphoofolo United States e ne e le R1 407, ’me tsa ho isa katse e le R746. ’Me seo hase akarelletse lijo le litlhokahalo tse ling tsa letsatsi le letsatsi. Ho phaella moo, lichabeng tse ling lia khafeloa.
Ho ba le Pono e Leka-lekaneng ke Phephetso
E tlameha ebe ’Mōpi oa rōna oa thaba ha re thabisoa ke libōpuoa tsa hae tsa liphoofolo ’me re bontša ho li nahanela ka tsela e lerato. Joale, na u tla lumela hore e ke ke ea e-ba ho loketseng ho tšoara liphoofolo hampe? Leha ho le joalo, e le mohloli oa boithabiso, ho tloaelehile hore batho ba lumelle liphoofolo tse kang lipoho, lintja le likhoho hore li tšoaroe ka sehlōhō le ho bolaeana ha li loana. Ka bomalimabe, tsela eo batho ba tšoarang liphoofolo ka eona hase kamehla e leng ka tsela eo Molimo a neng a rerile hore li tšoaroe ka eona.
Ka lehlakoreng le leng, batho ba bang ba ameha haholo ka liphoofolo tse ruiloeng lapeng ho feta le lintho tsa bohlokoahali. Ha e le hantle, ha ho rata liphoofolo ho sa laoloe ka nepo, bophelo ba liphoofolo tseo bo ka bonahala bo bile bo le bohlokoa ho feta le ba batho. Ka mohlala, nakong eo se seng sa lipetlele tsa liphoofolo se neng se e-cha, ha beng ba liphoofolo tseo ba ne ba bokane ka ntle, ho tlalehoa ba bang “ba ile ba leka ho qhaqha lekhoakhoa le sirelelitseng, ba lla ba re ba batla ho shoa le baratuoa ba bona.”
Ka sebele e ka ba ntho e mpe haholo le e utloisang bohloko ho bona phoofolo e ratoang e e-shoa. Empa le maemong a joalo, ho ntse ho ka ba le ho leka-lekana ho itseng. Joalokaha ho bontšitsoe pejana, liphoofolo ha lia bōptjoa ka setšoantšo sa Molimo, leha e le hore li ne li reretsoe ho phela ka ho sa feleng, joaloka batho. Mabapi le tsela eo Molimo a entseng batho ka eona, Bibele e re: “O bile o kentse le bosafeleng likelellong tsa bona.” Empa ha ho thoe letho le kang lena ka liphoofolo.—Moeklesia 3:11, Byington.
Ka hona, Bibele ha e re ho phoso ho bolaea liphoofolo—hobane, hona joale ke mohloli o tloaelehileng oa lijo ho ba limilione. Empa ho thoe’ng ka ho qetela phoofolo ea lapeng—ka mohlala, e kulang le e mahlomoleng? Eo e ka ba qeto e thata le e bohloko hakaakang! Leha ho le joalo, morati oa phoofolo e ruiloeng a ka ’na a fihlela qeto ea hore ho etsa joalo ka potlako ebile e se ka tsela e utloisang bohloko ho molemo ho feta ho lokisetsa motsoalle eo oa hae oa phoofolo e tšepahalang phekolo e theko e boima e mpang feela e lelefatsa ho utloa ha eona bohloko—eo hape e ka ’nang ea imetsa le lelapa licheleteng.
Molimo o rata batho ba hae bao a ba bōpileng haholo; na rōna ha rea lokela ho bontša ho nahanela le ho bontša kameho e lerato bakeng sa liphoofolo tseo a li behileng tlhokomelong ea rōna le hore re li lebele? Ba nang le lerato le joalo hangata ba ’nile ba khahloa ke litebello tse babatsehang tsa ho thabela ho phela le liphoofolo joalokaha ’Mōpi oa rōna a ne a rerile qalong. Sehlooho se qetellang letotong lena se tla tšohla taba eo ea liphoofolo tse ruuoang lapeng.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ke hobane’ng ha liphoofolo tse limilione tse isitsoeng litsing tsa tlhokomelo li bolaoa selemo le selemo?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
©Hulton-Deutsch Collection/CORBIS
[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]
Ho rua phoofolo ho ka ’na ha hloka ho hongata ho feta kamoo ba bangata ba nahanang kateng, haholo-holo ho batho ba lulang litoropong
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
’Mōpi oa rōna oa thaba ha re tšoara liphoofolo ka mosa