Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 3/8 maq. 4-7
  • Ntoa ea Nyutlelie—Tšokelo e Etsoa ke Bo-mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ntoa ea Nyutlelie—Tšokelo e Etsoa ke Bo-mang?
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sephiri “Phokotsong” ea Libetsa
  • Ntoa ea Nyutlelie ka Phoso
  • Litho Tse Ncha Libetseng Tsa Nyutlelie
  • Likhukhuni le “Manya a Nyutlelie”
  • Tšokelo ea Nyutlelie—E Hōle le ho Fela
    Tsoha!—1999
  • Na Tšokelo ea Nyutlelie e Tla ke e Fele?
    Tsoha!—1999
  • Bibele e Re’ng ka Ntoa ea Nuclear?
    Lihlooho Tse Ling
  • Ntoa ea Nyutlelie—Na e Ntse e le Tšokelo?
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 3/8 maq. 4-7

Ntoa ea Nyutlelie—Tšokelo e Etsoa ke Bo-mang?

“Timetso e feletseng e bakoang ke libetsa tsa nyutlelie e ntse e le ntho e ka etsahalang. Tšokelo ea eona e ntse e le teng le kajeno, . . . le hoja Ntoa ea Mantsoe e ne e lale lilemong tse fetang tse leshome tse fetileng.”—Eo e kileng ea e-ba Letona la Tšireletso United States, Robert S. McNamara le James G. Blight, moprofesa oa likamano tsa lichaba Mokhatlong oa Watson oa Lithuto Tsa Machaba.

KA 1991 hoba Ntoa ea Mantsoe e lale, lenaka la metsotso la oache e tummeng ea letsatsi la timetso le ile la chechisetsoa morao ka metsotso e 17 pele ho “khitla.” Oache ea letsatsi la timetso e bontšitsoe sekoahelong sa makasine ea Bulletin of the Atomic Scientists, ’me ke letšoao la hore na e ka ’na eaba lefatše le haufi hakae le ntoa ea nyutlelie, (khitla). Ka nako eo, e bile ka lekhetlo la pele lenaka la metsotso le chechisetsoa morao ho khitla ho tloha ha oache eo e ne e thehoa ka 1947. Leha ho le joalo, ka mor’a moo, lenaka la metsotso le qalile ho tsamaea hape ho ea pele. Ka mohlala, ka February 2002, lenaka la oache eo le ile la isoa pele hore le be metsotsong e supileng pele ho khitla, e leng lekhetlo la boraro joale lenaka le tlosoa moo le leng teng ka mor’a hore Ntoa ea Mantsoe e lale.

Ke hobane’ng ha bahatisi ba makasine eo ea saense ba ile ba utloa ho hlokahala hore ba ise lenaka la oache eo pele? Ke hobane’ng ha ba nka hore ntoa ea nyutlelie e sa ntse e le tšokelo? Hona ke mang ea sokelang khotso?

Sephiri “Phokotsong” ea Libetsa

Bulletin of the Atomic Scientists ea hlalosa: “Ho na le libetsa tsa nyutlelie tse fetang 31 000 tse ntseng li le teng.” E tsoela pele: “Tse etsang karolo ea mashome a robong a metso e mehlano ea libetsa tsena li United States le Russia, ’me tse fetang 16 000 li lula li le malala-a-laotsoe.” Ba bang ba ka ’na ba hlokomela ho ikhanyetsa ho teng palong ea libetsa tse teng tsa nyutlelie. Na mebuso ee e matla lihlomong tsa nyutlelie e ne e se e sa phatlalatsa hore e fokolitse libetsa tsa eona hore naha ka ’ngoe e be le tse 6 000 feela?

Mona ke moo ho utulohang sephiri sa “phokotso” ea libetsa teng. Tlaleho ea Mokhatlo oa Carnegie o Fanang ka Lichelete Bakeng sa Khotso ea Machaba ea hlalosa: “Palo ea libetsa tse 6 000 e latela melao e khethehileng ea ho bala eo ho ileng ha lumellanoa ka eona tlas’a selekane sa START [Strategic Arms Reduction Talks (Lipuisano Tsa ho Fokotsa Libetsa Tseo ka ho Khetheha li Hlaselang ba Lireng Mehloling ea Bona ea Lintho Tsa Bohlokoa)]. Lichaba tsena ka bobeli li tla boloka libetsa tsa tsona tse likete tse nang le matla a ho hlasela lira tse haufi, le libetsa tse tla ntšoa ha tse sebelisoang ntoeng li se li felile.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ho latela Bulletin of the Atomic Scientists, “limisaele tse ngata, haeba e se boholo ba tsona United States, tse tlositsoeng pokellong ea limisaele tse emetseng ho sebelisoa neng kapa neng, li tla behoa setorong (hammoho le tse ling tse 5 000 tse seng li ntse li le setorong) ho e-na le hore li qhaqhoe.”

Kahoo, ho phaella libetseng tsa nyutlelie tse likete tseo e leng malala-a-laotsoe, tse ntseng li le setorong—e leng tse matla hore li ka tsoibiloa ka ho toba ho tloha k’honthinenteng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe—ho boetse ho na le libetsa tse ling tse likete tsa nyutlelie hammoho le mefuta ea tse etselitsoeng ho hlasela liphofu tse haufinyane. Ha ho pelaelo hore mebuso e ’meli e matla lihlomong tsa nyutlelie e ntse e e-na le libetsa tsa nyutlelie pokellong ea tsona tse ka ripitlang baahi ba lefatše lohle ka makhetlo-khetlo! Ho boloka libetsa tse ngata hakaalo tse kotsi ho etsa hore ho be le tšokelo e ’ngoe hape—ho tsoibiloa ha misaele ea nyutlelie ka phoso.

Ntoa ea Nyutlelie ka Phoso

Ho latela Robert S. McNamara le James G. Blight, ba qotsitsoeng pejana, “mabotho a United States a libetsa tsa nyutlelie a ’nile a laoloa ke leano la hore libetsa li lule e le malala-a-laotsoe ‘hore li ka tsoibiloa ha ho fumanoa temoso.’” See se bolela’ng? Ba ile ba hlalosa: “Libetsa tsa rōna li emetse feela ho tsoibiloa hang ha tsa Russia li le moeeng,” ’me baa phaella, “tlas’a leano lena, ho ke ke ha feta metsotso e 15 pele re tsoibila limisaele tsa rōna ka mor’a hore ho fanoe ka temoso ea hore Russia ea hlasela.” Ho latela eo e kileng ea e-ba ofisiri ea ho tsoibiloa ha limisaele tsa nyutlelie United States, “ha e le hantle limisaele tsohle tse teng tsa fatše li ka tsoibiloa ka metsotso e ’meli feela.”

Boemo ba libetsa tsena ba hore li ka khoephetsoa ka ho panya ha leihlo, bo hlahisa kotsi ea hore misaele e tsoibiloe ka phoso ka lebaka la temoso e fosahetseng. Sehlooho se seng ho U.S.News & World Report sea hlalosa: “Maemong a ’maloa, ka phoso ho ile ha ntšoa taelo ea hore limisaele li tsoibiloe nakong eo ho neng ho e-na le likoetliso tsa libetsa tsa nyutlelie Amerika.” Litemoso tse tšoanang tse fosahetseng li ile tsa e-ba teng le Russia. Ha rokete e etsang lipatlisiso ea Norway e ne e fana ka temoso e fosahetseng ka 1995, mopresidente oa Russia o ile a qala ho latela mehato e nkoang ea ha ho fanoa ka taelo ea hore limisaele tsa nyutlelie li tsoibiloe.

Leano lena la hore limisaele li lule li le malala-a-laotsoe hore li ka tsoibiloa neng le neng le beha ba boikarabelong ba ho etsa qeto tlas’a khatello e matla. Ka lehlohonolo, linakong tse fetileng balaoli ba ile ba hlokomela hore litemoso tseo li ne li fosahetse, ’me ho fihlela joale, ntoa ea nyutlelie e ’nile ea thibeloa. Mabapi le se ileng sa etsahala ka 1979, mofuputsi e mong o ile a hlalosa: “Lisathalaete tsa rōna tse fanang ka temoso hang-hang ke tsona tse ileng tsa thibela limisaele tsa Amerika [hore li tsoibiloe], e leng tsona tse ileng tsa bontša hore ha ho na misaele le e ’ngoe ea Soviet moeeng.” Leha ho le joalo, ka mor’a nako tsamaiso eo ea sathalaete e lemosang hang-hang e ile ea felloa ke matla. Bafuputsi le bahlahlobisisi ba amehile ka taba ea hore “boholo ba lisathalaete tse fanang ka temoso hang-hang ha li sa sebetsa kapa li tsoile tikolohong ea tsona.” Ka hona, joalokaha motlatsi oa ofisiri e ka sehloohong ea lebotho la metsing ea United States, ea seng a tlohetse mosebetsi a ile a bontša lilemong tse ’maloa tse fetileng, “kajeno ho na le menyetla e meholo joaloka nakong e fetileng ea hore limisaele li tsoibiloe ke ho tšoha lifotle, kapa li tsoibiloe ka lebaka la ho se utloisisane ho itseng, hobane matla a ho laela a filoe motho ea sa tšoaneleheng kapa e le ka phoso.”

Litho Tse Ncha Libetseng Tsa Nyutlelie

Le hoja lihlomo tse khōlō tsa nyutlelie e le tsa mebuso e ’meli e matla libetseng tsa nyutlelie, ho na le mebuso e meng e nang le tsona e kang Chaena, Fora le Great Britain. Mebuso ena eo ho tsebahalang hore e na le libetsa tsa nyutlelie, haufinyane tjena e ile ea amohela India le Pakistan e le litho tsa eona tse ncha libetseng tsena. Ntle le linaha tsena, ho na le tse ling tse ’maloa, ho akarelletsa le Iseraele, tseo hangata li hlalosoang e le linaha tse batlang—kapa mohlomong tseo li seng li ntse li e-na le—libetsa tsa nyutlelie.

Khohlano ea lipolotiki e amang e ’ngoe ea linaha tsena tse nang le libetsa tsa nyutlelie, ho akarelletsa le litho tsa tsona tse ncha, e ka qhomisa ntoa ea nyutlelie. Bulletin of the Atomic Scientists ea hlalosa: “Qaka e pakeng tsa India le Pakistan . . . e bontša hore na linaha tse peli tsena li bile haufi hakaakang le ntoa ea nyutlelie, ka mor’a e ileng ea batla e qhoma nakong ea Qaka ea Limisaele Tsa Cuba.” Tšabo ea hore ntoa ea nyutlelie e ka ’na ea qhoma e ile ea e-ba ea sebele bathong ba bangata ha ba bona maemo a tsitsipaneng mathoasong a 2002.

Ho phaella moo, ho etsoa ha libetsa tse ling tse ka rinyang batho ka bongata ho ekelitse menyetla ea hore ho sebelisoe bomo ea nyutlelie. Ha The New York Times e tšohla tlaleho ea lekunutu ea Pentagon, e ile ea bontša hore “monyetla oa hore ho sebelisoe libetsa tsa nyutlelie bakeng sa ho senya libetsa tsa ba lireng tsa likokoana-hloko, tsa lik’hemik’hale le libetsa tse ling tse ka rinyang batho ka bongata,” e ka ’na eaba e se e le leano la Amerika ntoeng ea nyutlelie.

Tlhaselo ea likhukhuni United States ka la 11 September, 2001, e ile ea hlahisetsa lefatše tšokelo e ’ngoe hape ea ntoa ea nyutlelie. Hona joale ba bangata ba lumela hore mekhatlo ea likhukhuni e leka ho hlahisa—kapa mohlomong e se e ntse e e-na le—libetsa tsa nyutlelie. Seo se ka etsahala joang?

Likhukhuni le “Manya a Nyutlelie”

Na ho na le monyetla oa hore ho etsoe bomo ea nyutlelie ka lintho tse rekisoang ka bokunyata? Ho latela makasine ea Time, karabo ke e. Makasine eo e ile ea tlaleha ka sehlopha se neng se thehiloe hore se thibele bokhukhuni ba nyutlelie. Ho fihlela joale, sehlopha seo “se se se entse libomo tse fetang tse leshome le metso e ’meli” tsa maiketsetso, se sebelisa “theknoloji e fumanoang mabenkeleng a rekisang lintho tsa elektronike le mofuta o itseng oa matla a nyutlelie a rekisoang ka bokunyata.”

Ho fokotsa lihlomo tsa nyutlelie le ho li qhaqha ho ekelitse menyetla ea hore libetsa tseo li utsuoe. Makasine ea Time e re: “Ho tlosa libetsa tsa Russia tse likete tsa nyutlelie limisaeleng tse lebetsoeng ka thata, lifofaneng tse lihang libomo le lisamarineng, le ho li boloka libakeng tse se nang tšireletso e matla, ho tla etsa hore li hohele likhukhuni tse ikemiselitseng.” Haeba likarolo tsa libetsa tsa nyutlelie tse qhaqhiloeng li oela matsohong a sehlotšoana sa batho ’me se li kopanya hape, sehlotšoana seo se ka fetoha ka potlako ho ba setho libetseng tsa nyutlelie!

Makasine ea Peace e bolela hore ha ho hlokahale le hore motho a hahe bomo hore e be setho libetseng tsa nyutlelie. Sohle se hlokahalang ke hore motho a fumane uranium kapa plutonium e lekaneng e khonang ho aroha. Makasine eo e re: “Likhukhuni tse nang le uranium ea kajeno e boemong ba ho etsa libetsa, li ka ba mocheng o motle oa ho phatlola seqhomane ka ho lihela feela halofo ea uranium holim’a halofo e ’ngoe ea eona.” Ho hlokahala motsoako o mokae oa uranium e sa hlapolloang e nang le matla a nyutlelie? Ho latela makasine eo, “lik’hilograma tse tharo li ka lekana.” Ke boima bo batlang bo lekana le ba motsoako oa nyutlelie o neng o ka etsa sebetsa o ileng oa fumanoa le ho amohuoa limokolara tse ileng tsa tšoaroa ka 1994 Czech Republic!

Manya a nyutlelie e ka ba mofuta o mong oa sebetsa sa nyutlelie. The American Spectator e re: “Se tšoenyang litsebi haholo ke hore ho kopanngoa ha manya a nang le mahlaseli a kotsi le liqhomane leha e le life tse tloaelehileng ho ka hlahisa seqhomane se matlahali.” Libetsa tsa mofuta ona, tse ntšang mahlaseli a kotsi, li tsejoa e le libomo tse entsoeng ka manya a nyutlelie. Li kotsi hakae? IHT Asahi Shimbun e hlalosa hore libomo tsena tse entsoeng ka manya li sebelisa “ho phatloha ho hoholo hore ho hasanye mahlaseli a kotsi ka morero oa ho isa chefo ho ba lireng ho e-na le ho ba timetsa ka ho phatloha hoo le ka mocheso.” E tsoela pele: “Phello bathong e ka ba ho kula ho bakoang ke ho hahlameloa ke mahlaseli ao a kotsi ho isa ho shoeng ha motho butle, ka tsela e bohloko.” Le hoja ba bang ba re ho sebelisa manya a fumanehang habonolo a nyutlelie ho ke ke ha baka kotsi e kaalo, ho rekisa ka bokunyata metsoako e sa hlapolloang ea nyutlelie ho tšoenya ba bangata. Ho latela phuputso e sa tsoa etsoa morao tjena lefatšeng ka bophara, ba fetang karolo ea 60 lekholong ea ba arabetseng ba nahana hore bokhukhuni ba nyutlelie bo tla etsahala le pele lilemo tse leshome tse tlang li fela.

Ha ho pelaelo hore tšokelo ea nyutlelie e sa le ntho ea sebele lefatšeng. Guardian Weekly ea Brithani ea la 16-22 January, 2003, e itse: “Monyetla oa hore United States e retelehele libetseng tsa nyutlelie o moholoanyane ho feta leha e le neng pele ka mor’a hore mehla ea tsitsipano ea ntoa ea mantsoe e fele. . . . United States e ntse e eketsa mabaka a eona a ho lokafatsa ho sebelisa libetsa tsa nyutlelie.” Ka hona, hoa utloahala ho botsa: Na ntoa ea nyutlelie e ka qojoa? Na ho na le tšepo leha e le efe ea hore lefatše le tla lokoloha tšokelong ea nyutlelie? Lipotso tsena li tla tšohloa sehloohong se latelang.

[Lebokose le leqepheng la 6]

Na Mehla ea Nyutlelie e Boile Sekoele?

Ha a ngola ho The New York Times Magazine, mongoli oa makasine eo, Bill Keller (eo hona joale e leng eena mohlophisi ea ka sehloohong oa The New York Times) o ile a ntša maikutlo a hore lichaba li kene mehleng e meng ea nyutlelie. Ea pele e ile ea fela ka January 1994, ha Ukraine e lumela ho tela libetsa tseo e neng e li jele lefa ho Soviet Union ea mehleng. Ke hobane’ng ha a bua ka mehla ea nyutlelie e boileng sekoele?

Keller oa ngola: “Ho thoathoaretsa ho bileng teng ka tlas’a lehoatata la Rajasthani ka 1998 ho ile ha phatlalatsa mehla e meng hape ea tšokelo ea ntoa ea nyutlelie, ha puso ea India e neng e sa tsoa khethoa ea Mahindu e ne e qhomisa libomo tse hlano ho bona hore na li fela li sebetsa na. Libeke tse peli hamorao, Pakistan le eona e ile ea etsa se tšoanang.” Ke eng e ileng ea etsa hore liteko tsee li fapane le tsa mehleng ea pele ea nyutlelie? “Tsena e ne e le libetsa tsa nyutlelie tse reretsoeng sebaka se itseng ka ho khetheha.”

Joale, na lefatše le ka ikutloa le sireletsehile ka ho ba le litho tse peli tse eketsang lenane la litho tsa mebuso e nang le libetsa tsa nyutlelie? Keller o tsoela pele: “Naha e ’ngoe le e ’ngoe e ncha e bang le libetsa tsa nyutlelie e eketsa menyetla ea ntoa ea nyutlelie e amang naha e nang le tsona.”—“Se ka Etsahalang,” The New York Times Magazine, May 4, 2003, leqephe la 50.

Boemo bo mpefatsoa le ho feta ke litaba tsa hore ho ka ’na ha etsahala hore ebe Korea Leboea e na le “plutonium e lekaneng hore e hahe libomo tse ncha tse tšeletseng tsa nyutlelie haufinyane. . . . Letsatsi le leng le le leng le eketsa monyetla oa hore Korea Leboea e atlehe ho etseng libetsa tse ncha tsa nyutlelie, mohlomong e be e qhomise e le ’ngoe ea tsona ho bona hore na li fela li sebetsa na.”—The New York Times, la 18 July, 2003.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Lisathalaete tsa mehleng ea khale tse lemosang hang-hang li felloa ke matla

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

NASA photo

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ofisiri ea ’muso e bontša bomo ea nyutlelie e hahiloeng joaloka “sutuk’heisi”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

AP Photo/Dennis Cook

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 5]

Earth: NASA photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela