Pono ea Bibele
Na ho Noa ho Tlōla Tekano ho Hlile ho Hobe Hakaalo?
LETAHOA le botsoalle, leo morero oa lona e leng ho qabola batho, le ’nile la hlaha ka lilemo litšoantšisong le libaesekopong. Le hoja batho ba iketsang matahoa joalo morero oa bona e le ho qabola batho, motlae oo oa bona o bontša hantle maikutlo a ikhanyetsang ao ba bangata ba nang le ’ona ka ho noa haholo, ba ho nka e le bofokoli empa le teng e se bo kotsi.
Leha ho le joalo, ha ho se ho tluoa ’neteng, ha ho letho le qabolang mono. Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o balla tšebeliso e mpe ea joala har’a likotsi tse ka sehloohong bophelong ba batho lefatšeng ka bophara. Ho boleloa hore kantle ho ho lemalla koae, ho sebelisa joala hampe ho bolaea ba bangata le ho baka maloetse ho feta tšebeliso leha e le efe e ’ngoe ea lintho tse lemalloang, ’me e monya moruo oa Amerika feela chelete e fetang liranta tse libilione li 1,3.
Ho sa tsotellehe linnete tsena, ba bangata ba tsoela pele ho bebofatsa botebo ba ho noa ho tlōla tekano. Le hoja ba ka ’na ba lumela hore ho na le likotsi ka ho sebelisa joala hampe nako e telele, ha ba bone letho le phoso ka hore ka linako tse ling ba noe ka ho feteletseng. Likarolong tse ling tsa lefatše, ho tahoa har’a bacha ho nkoa e le karolo e tloaelehileng ea bophelo eo bacha ba fetang ho eona. ’Me ho sa tsotellehe litemoso tsa bohlokoa tse fanoang ke mekhatlo ea tsa bophelo bo botle, ho noa ka ho feteletseng, e leng ho hlalosoang e le ho otla tse hlano kapa ho feta lekhetlo ka leng ha motho a e-noa, ho eketseha ka tsela e tšosang bathong ba lilemo tsohle. Ka hona, ke ho utloahalang hore ebe batho ba bangata baa ipotsa hore na ho noa haholo ho hlile ho hobe na. Bibele eona e re’ng?
Veine le Seno se Bohale—Limpho Tse Tsoang ho Molimo
Bibele e bua hangata ka veine le ka seno se bohale. Morena Solomone o ngotse: “E-ea, u je lijo tsa hao ka thabo ’me u noe veine ea hao ka pelo e ntle, hobane Molimo oa ’nete o se a ntse a khahlisoa ke mesebetsi ea hao.” (Moeklesia 9:7) Mopesaleme o ile a lumela hore Jehova Molimo ke Mofani oa “veine e thabisang pelo ea motho ea shoang.” (Pesaleme ea 104:14, 15) Ho hlakile hore veine ke e ’ngoe ea limpho tseo Jehova a hlohonolofalitseng batho ka tsona.
Ho hlakile hore ho noa veine ho ne ho amoheleha ho Jesu. Ha e le hantle, mohlolo oa pele oo a ileng a o etsa o ne o amana le ho fetola metsi veine ea boleng bo holimo moketeng oa lenyalo. (Johanne 2:3-10) O ile a boela a sebelisa veine e le letšoao le tšoanelehang le emelang mali a hae ha a theha Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. (Matheu 26:27-29) Bibele e boetse e bua ka molemo oa veine oa ho phekola, kaha moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Timothea hore a “sebelise veine e nyenyane ka lebaka la mala [a hae].”—1 Timothea 5:23; Luka 10:34.
Senotlolo ke ho Noa ka Teka-tekano
Hlokomela hore Pauluse o ile a buella feela ho noa “veine e nyenyane.” Ho hlakile hore Bibele e nyatsa tšebeliso eohle e feteletseng ea joala. Baprista ba Bajuda ba ne ba lokolohile hore ba ka noa ka ho itekanela ha ba se mosebetsing. Leha ho le joalo, ba ne ba thibetsoe ho noa seno leha e le sefe se tahang nakong eo ka eona ba phethang mesebetsi ea bona ea boprista. (Levitike 10:8-11) Lilemo tse ngata hamorao, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba lemosoa hore matahoa ‘a ke ke a rua ’muso oa Molimo.’—1 Bakorinthe 6:9, 10.
Ho feta moo, ha Pauluse a fa Timothea litaelo, o ile a re ba etellang pele phuthehong e ke ke ea e-ba ‘ba likomang tsa botahoa’ kapa ‘ba inehellang veine e ngata.’a (1 Timothea 3:3, 8) Ha e le hantle, Bibele e laela hore matahoa a sa bakeng a lelekoe phuthehong ea Bokreste. (1 Bakorinthe 5:11-13) Joalokaha Mangolo a bontša ka nepo, “veine ke mosomi.” (Liproverbia 20:1) Ho noa joala ho tlōla tekano ho ka etsa hore motho ea noang a hloke boitaolo le ho sitisa ho ahlola ha hae lintho ka tsela e molemo.
Lebaka Leo ka Lona Lentsoe la Molimo le Nyatsang ho Noa ho Tlōla
Jehova, ‘Ea re rutang hore re itsoele molemo,’ oa tseba hore ha re sebelisa ntho leha e le efe hampe, re tla qetella re intšitse kotsi hape re ntšitse le ba bang kotsi. (Esaia 48:17, 18) Sena ke ’nete ha ho tluoa tabeng ea ho noa lino tse tahang. Lentsoe la Molimo lea botsa: “Ke mang ea nang le bomalimabe? Ke mang ea hlokang botsitso? Ke mang ea nang le likhang? Ke mang ea nang le matšoenyeho? Ke mang ea nang le maqeba ntle ho lebaka? Ke mang ea mahlo a lerootho?” Ea araba: “Ke ba lulelang veine nako e telele, ba tlileng ho batla veine e tsoakiloeng.”—Liproverbia 23:29, 30.
Ha batho ba le tlas’a tšusumetso ea joala bo bongata, ba ’nile ba etsa lintho tse se nang kelello le tse kotsi: ba khanna ba le tlas’a tšusumetso ea tahi ’me ba ipeha kotsing hammoho le ho beha ba bang kotsing, ba bontša molekane oa motho e mong lerato ka tsela e sa lokelang le ho senya likamano ka ho tebileng, ba bua le ho itšoara ka booatla kapa ka tsela e tsoileng tseleng. (Liproverbia 23:33) Ke ka nepo tšebeliso e mpe ea joala e ’nileng ea bitsoa bo bong ba mathata a mabe ka ho fetisisa a hlasetseng moloko oa batho. Hase feela Molimo a fanang ka keletso: “U se ke ua ba har’a ba noang veine haholo”!—Liproverbia 23:20.
Ho Bagalata 5:19-21, Pauluse o thathamisa ho inehella botahoa le mekete e lerata ‘mesebetsing ea nama’ e khahlanong le tholoana ea moea oa Molimo. Ho noa joala ho tlōla ho tla senya kamano ea motho le Molimo. Ka hona, ho hlakile hore Bakreste ba lokela ho qoba tšebeliso leha e le efe e sa leka-lekanang ea joala.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kaha balebeli le bahlanka ba sebeletsang e lokela ho ba mehlala ho mohlape tabeng ea kahlolo ea bona le boitšoaro, ho bonahatseng litšoaneleho tse phahameng tsa Jehova ka hohle kamoo ba ka khonang, hoa utloahala hore taelo ena e tla ama le Bakreste ba bang.