Lithaere—Bophelo ba Hao bo ka Itšetleha ka Tsona!
NAHANA feela u le ka har’a mochine o kang lebokose la khalase le tšoeroeng ke litšepe tse cheselelitsoeng, ’me ka har’a oona ho boetse ho e-na le lintho tse tšetseng asiti le mekelikeli e tšoarang mollo ka potlako haufi le uena. Joale phahamisa mochine ona o ka bakang kotsi e bolaeang hanyenyane ’me ebe u o mathisa ka lebelo la limithara tse 30 ka motsotsoana. Qetellong, kenya mochine ona oa hao har’a e meng e tšoanang le oona ’me kaofela u e mathise ka lebelo le tšoanang, ha e meng e fetana le oa hao ka lebelo le tšoanang e leba moo u tsoang!
Ha e le hantle, seo ke sona se etsahalang nako le nako ha u kena ka koloing ’me u khanna tseleng e khōlō. U thusoa ke eng hore u boloke taolo ’me u ikutloe u sireletsehile ha u khanna? Ntho e thusang haholo ke lithaere.
Seo Lithaere li se Etsang
Lithaere li phetha mesebetsi e sa tšoaneng ea bohlokoa. Ha li jare boima ba koloi ea hao feela, empa li boetse li thusa hore e se ke ea khohlopeha habohloko litotomeng, ha e khetšemela likoting le maemong a mang a seng matle a tsela. Habohlokoa le ho feta, lithaere tsa hao ke tsona tse tsetsepelang fatše e le hore koloi e tsamaee ’me u khone ho eketsa lebelo, ho e laola, ho hata mariki le ho e lebisa moo u batlang tlas’a maemo a sa tšoaneng tseleng. Leha ho le joalo, ke karolo e nyenyane haholo ea thaere—e ka bang bolelele ba poskarete—eo e leng eona e thetsang fatše nako le nako ha e ntse e bilika.
Ka lebaka la bohlokoa ba tsona, u ka etsa eng hore u boloke lithaere tsa hao li sebetsa hantle le ka tsela e sireletsehileng? ’Me ha nako ea ho khetha lithaere e fihla, u khetha tse loketseng koloi ea hao joang? Pele re araba lipotso tsena, a re ke re hlahlobeng hakhutšoanyane histori ea lithaere.
Bo-pula-maliboho ba Boholo-holo ba Rabara
Le hoja mabili a ’nile a sebelisoa ka lilemo tse likete, khopolo ea ho kenya rabara riming ea koloi e batla e le boqapi ba morao tjena. Rabara e boemong ba tlhaho e ile ea kenngoa lebiling la pele la lehong kapa la tšepe mathoasong a lilemo tsa bo-1800. Empa e ne e fela kapele, ka hona, bokamoso ba mabili a nang le rabara bo ne bo bonahala bo le lerootho—ho fihlela ha Charles Goodyear, moqapi ea nang le sepheo oa Connecticut, U.S.A., a hlahella. Ka 1839, Goodyear o ile a sibolla mokhoa oa ho thatafatsa rabara, moo rabara e kopanngoang le sebabole, ebe e behoa tlas’a mocheso le tlas’a khatello. Mokhoa ona o ile oa etsa hore ho be bonolo ho etsa seo motho a se batlang ka rabara ’me ha ntlafatsa boleng ba eona haholo hore e se ke ea fela kapele. Lithaere tsa rabara e thata li ile tsa ata haholoanyane, empa koloi e ne e qhuqha ha e tsamaea.
Ka 1845, moenjiniere e mong oa Scotland, Robert W. Thomson o ile a fuoa tumello ea ho etsa thaere ea pele ea moea, kapa e tlatsitsoeng moea. Leha ho le joalo, ke feela ka mor’a hore monna e mong hape oa Scotland, John Boyd Dunlop, a ntlafatse ho tsamaea ha baesekele ea mora oa hae moo thaere ea moea e ileng ea atleha khoebong. Dunlop o ile a fumana tumello ea ho etsa thaere ea hae e ncha ka 1888 ’me a iqalla k’hamphani ea hae. Leha ho le joalo, thaere ea moea e ne e ntse e tlameha ho hlōla litšitiso tse itseng tsa bohlokoa.
Ka letsatsi le leng ka 1891, ra-baesekele e mong oa Mofora o ile a pancheloa ke thaere. O ile a leka ho e lokisa empa a hlōleha hobane thaere e ne e khomarelitsoe lebiling la baesekele. O ile a kōpa thuso ea monna e mong oa Mofora, Édouard Michelin, ea neng a tsebahala ka mosebetsi oa hae oa ho thatafatsa rabara. Michelin o ile a qeta lihora tse robong a lokisa thaere eo. Phihlelo eo e ile ea mo susumelletsa hore a iqapele thaere ea moea e neng e ka tlosoa lebiling e le hore e lokisoe habonolo.
Lithaere tsa Michelin li ile tsa atleha hoo selemong se latelang, bo-ralibaesekele ba thabileng ba 10 000 ba ileng ba li sebelisa. Ka potlako lithaere tsa moea li ile tsa kenngoa likariking tsa lipere Paris, e leng se ileng sa thabisa bapalami ba tsona ba Mafora haholo. E le ho bontša hore lithaere tsa moea li ne li ka sebetsa likoloing, ka 1895 Édouard le mor’abo, André, ba ile ba kenya lithaere tseo koloing ea reisisi, empa ea e-ba eona ea ho qetela khoeleng. Leha ho le joalo, batho ba ne ba makalitsoe ke lithaere tsena tse sa tloaelehang hoo ba ileng ba leka ho phunya lithaere ho bona hore na hantle-ntle bara baa ba Michelin ba ne ba kentse eng ka har’a tsona!
Ka bo-1930 le bo-1940, thepa e ncha e tšoarellang haholoanyane, e kang rayon, nylon le polyester, li ile tsa nkela sebaka lihlahisoa tse senyehang habonolo tsa k’hothone le rabara ea tlhaho. Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ho ne ho se ho raliloe motheo oa thaere e tlatsoang moea ka ho toba lebiling, ka hona, ho ne ho se ho sa hlokahale hore ho be le chupu ka hare e tlatsoang moea. Hamorao, ho ile ha etsoa lintlafatso tse eketsehileng.
Kajeno, lihlahisoa tsa tlhaho tse fetang 200 li sebelisetsoa ho etsa thaere. ’Me ka thuso ea theknoloji ea morao tjena, ho ithorisoa ka hore lithaere tse ling li ka tsamaea lik’hilomithara tse 130 000 kapa ho feta pele li ka fela, ha tse ling li ka mamella lebelo la lik’hilomithara tse makholo ka hora koloing ea reisisi. Ho ntse ho le joalo, lithaere li se li ka rekoa ke mang le mang kajeno.
Ho Khetha Lithaere
Haeba u na le koloi, e ka ’na eaba u tobane le mosebetsi o thata oa ho khetha lithaere tse ncha. U tseba joang hore joale ke nako ea hore u chenche lithaere tsa koloi ea hao? Ke ka ho li hlahloba kamehla bakeng sa matšoao a hlakileng a bontšang hore li sebelitse ho lekane, kapa li senyehile.a Baetsi ba lithaere ba hahella thaere le lintho tse tla supa hore joale e felile, e leng tse bontšang ha thaere ea hao e se e fihlile qetellong ea bophelo ba eona. Ntho ena e bontšang ha thaere e se e felile e lipakeng tsa mela e bohatong ba thaere. Hape ke habohlokoa ho hlahloba hore na bokantle ba thaere ha bo ebohe, hore na ha ho maseka a hlahellang le hore na ha ho libululoana tse bonahalang ka mahlakoreng a thaere, le lintho tse ling tse sa tloaelehang. Haeba u bona tse ling tsa lintho tsena, ha ua lokela ho khanna koloi ho fihlela thaere eo e lokisitsoe kapa ho kentsoe e ncha. Haeba u rekile lithaere tse ncha, morekisi oa lithaere a ka u fa e ncha ka theko e tlaase haeba e ne e e-na le karanti.
Ho molemo ho chencha lithaere tse peli tsa mofuta o tšoanang ka nako e le ’ngoe, ’me li kengoe aseng e le ’ngoe. Haeba u kenya thaere e le ’ngoe e ncha, e behe aseng e nang le thaere e sa ntsaneng e le ncha ho feta tse ling e le hore li tsebe ho tšoara ka ho lekana ha u hata mariki.
Ho khetha lithaere har’a mefuta e sa tšoaneng, e sa lekaneng ka boholo ’me le moetso o fapane, ho ka ferekanya. Leha ho le joalo, ka ho araba lipotso tse ’maloa tsa bohlokoa, u tla fumana mosebetsi ona o se thata hakaalo. Pele, hlahloba hore na moetsi oa koloi ea hao o khothalletsa eng. Koloi ea hao e na le lintho tseo ka ho khetheha e li hlokang tseo u lokelang ho li nahanela, tse kang saese ea thaere le ea lebili ka bolona, bophahamo ba koloi ho tloha fatše ho ea bokatlaseng ba eona le hore na koloi eo e ka nka boima bo bokae. Ntho e ’ngoe eo e leng ea bohlokoa ke hore na koloi ea hao ke ea moetso ofe. Likoloi tsa kajeno tse nang le mariki a tšoarang hang-hang empa a sa notlele mabili, tse laolang mabili hore a se ke a thella, le tse nang le mabili a hulang kaofela ha ’ona li etselitsoe hore li sebelise lithaere tse nang le lintho tse itseng ka ho khetheha. Hangata tlhaloso ea lithaere tse hlokahalang e fumanoa bukeng ea koloi ea hao.
Taba e ’ngoe ke boemo ba litsela. Na koloi ea hao e tla khannoa haholo-holo keraboleng kapa litseleng tsa sekontiri, libakeng tse nang le pula e ngata kapa tse se nang pula? Mohlomong u tla khanna tlas’a maemo a sa tšoaneng. Boemong bo joalo, u ka ’na ua hloka lithaere tse loketseng mefuta eohle ea litsela kapa tse loketseng linako tsohle tsa selemo.
Hape u tlameha ho nahanela hore na ho thoe thaere ea hao e lokela ho nka nako e kae pele e fela le hore na e itšoarella hantle hakae fatše. Ka tloaelo, ha bohato bo entsoe ka thaere e bonolo, e tla itšoarella haholoanyane fatše empa e tla fela kapele. Ka lehlakoreng le leng, haeba e le thata, thaere e tla itšoarella hanyenyane empa e ka nka nako e telele pele e fela. Hangata lintlha tse joalo li fumanoa libukeng tse rekisoang tse ka fumanoang moo ho rekisoang lithaere. Hlokomela hore matla a lithaere aa fapana ho latela hore na li entsoe ke bo-mang.
Hang ha u se u entse lipatlisiso, theko ea thaere ke eona e ka u thusang hore u etse khetho. Baetsi ba tsebahalang haholo hangata ba fana ka tiiso ea boleng ba thaere le ho fana ka karanti ea eona.
Ho Hlokomela Lithaere Tsa Hao
Ho hlokomela lithaere hantle ho akarelletsa lintho tse tharo: ho boloka lithaere li e-na le moea o lekaneng, ho lula u fapa-fapanya lithaere mabiling, le ho a boloka a leka-lekana hantle le hore a lule a tsitsitse tseleng. Ho boloka lithaere li e-na le moea o lekaneng ke habohlokoa haholo. Haeba thaere e e-na le moea o mongata haholo, e tla fela hare pele ho nako. Ka lehlakoreng le leng, haeba thaere e se na moea o lekaneng, e tla senyeha haholo ka mathōko ’me e etse hore koloi e noe peterole haholo.
Moea o ka etsang halofo ea k’hilograma kapa ho feta o ka ’na oa tsoa thaereng khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Ka hona, u se ke ua nahana hore ka ho sheba lithaere tsa hao feela tjee, u tla bona haeba li ntse li tletse moea. Ho latela Mokhatlo oa Baetsi ba Rabara, “halofo ea moea o ka thaereng o ka tsoa empa thaere ea ’na ea shebahala e sa pancha!” Ka hona, sebelisa sekala sa moea ho bona hore na o boemong bofe, ’me u etse seo bonyane hang ka khoeli. Batho ba bangata ba nang le likoloi ba kenya sekala sa moea ka k’hebieoleng hore ba se ke ba sokola ha ba se hloka. Kamehla hlahloba lithaere tsa hao ha u chencha oli ka enjeneng, ’me e be feela ha lithaere li bata—ka mantsoe a mang, bonyane e be ka mor’a lihora tse tharo haeba koloi e ile ea tsamaea, ntle le haeba e tsamaile sebaka se sa feteng k’hilomithara le halofo. Tekanyo ea moea o lokelang ho pompeloa thaereng hangata e fumanoa bukeng ea tokiso ea koloi, pampitšaneng e khomarelitsoeng haufi le monyako oa mokhanni kapa ka k’hebieoleng. Haeba u batla hore koloi ea hao e thelle hamonate feela ha e tsamaea, u se ke ua tlatsa lebili tsoete! ka ho latela se ngotsoeng lehlakoreng la lebili.
Lithaere li tla nka nako e telele le ho fela ka ho lekana haeba u lula u li fapa-fapanya mabiling. Ntle leha moetsi oa koloi ea hao a khothallelitse ho hong, ho molemo hore u fapa-fapanye lithaere lekhetlo le leng le le leng ka mor’a hore li tsamaee lik’hilomithara tse 10 000 ho ea ho tse 13 000. Le tabeng ena hlahloba buka ea tokiso ea koloi ho bona hore na ho khothalletsoa hore a fapanngoe joang.
Qetellong, etsa bonnete ba hore mabili a hao a hlahlojoa selemo se seng le se seng hore na a sa tsitsitse hantle, kapa u hlokomele haeba ho e-na le ho thothomela ho itseng ho sa tloaelehang, kapa ho e-na le ho itseng ho sa tloaelehang ka setering sa koloi ea hao. Le hoja sasepenshene ea koloi ea hao e etselitsoe hore e tsitsise mabili ho latela hore na e jere boima bo bokae, ho sebetsa ha eona ha letsatsi le letsatsi ho etsa hore e be habohlokoa ho hlahloba lithaere hore na li malulong nako le nako. Mak’henike oa likoloi ea nang le mangolo a ho lokisa sasepenshene le ho leka-lekanya mabili a ka khona ho tsitsisa mabili a koloi ea hao hantle, e leng ntho e lelefatsang bophelo ba thaere le ho etsa hore koloi e tsamaee hamonate.
Lithaere Tse “Hlalefileng”
Ka thuso ea lik’homphieutha, likoloi tse ling li lemosa mokhanni ha moea oa thaere o theohile hoo e ka bakang kotsi. Lithaere tse ling li ka sebetsa hantle ka nakoana ntle ho moea ’me tse ling lia ikoala ka mor’a hore li panche. Ka sebele, baenjiniere ba qapa lithaere tse ka mamellang maemo a mangata.
Ha ho ntse ho ntlafatsoa thepa e sebelisoang, bohato ba thaere, sasepenshene ea eona, setering le mekhoa ea ho sebetsa ha mariki likoloing tsa morao tjena, lithaere ha li etse hore ho khanna ho be bonolo feela, empa li boetse li etsa hore e be ho sireletsehileng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona lethathamo leqepheng la 15 bakeng sa ho u thusa ho hlahloba lithaere tsa hao.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Lethathamo la ho Hlahloba Lithaere
Tse ka hlahlojoang ka mahlo:
◻ Na ho na le libululoana mahlakoreng a thaere?
◻ Na ho na le maseka a hlahellang thaereng?
◻ Na bohato ba thaere bo sa le morumo o lekaneng, kapa letšoao la hore ea fela lea hlahella?
Nahana hape ka tse latelang:
◻ Na u tlatsa thaere ho latela se khothalletsoang ke moetsi oa koloi?
◻ Na ke nako ea hore u fapa-fapanye lithaere mabiling? (Latela se khothalletsoang ke moetsi oa koloi hore na e be ka mor’a lik’hilomithara tse kae le hore na li fapa-fapanngoe joang mabiling.)
◻ Na u lokela ho kenya lithaere tse fapaneng ho latela hore na ke nako efe ea selemo?
[Setšoantšo]
Letšoao le bontšang ho fela ha thaere
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 14]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Likarolo Tsa Thaere
Bohato ke bona bo ngaparelang fatše le ho tsetsepela ha e tjeka
Mabanta a tsitsisa le hona ho matlafatsa bohato ba thaere
Lehlakore le sireletsa bokantle ba thaere ka mahlakoreng hore e se senngoe ke tsela kapa ke mabotana a phethelang litsela
Karolo e mahareng e etsa hore thaere e be matla le hore e tenyetsehe
Bokahare bo boloka moea ka har’a thaere
Mophethelo o thusa hore moea o se ke oa tsoa ka lebiling
[Litšoantšo tse leqepheng la 13]
Baesekele le koloi tsa boholo-holo tse nang le lithaere tse pompuoang; basebetsi fekthering ea boholo-holo ea ho etsa lithaere
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
The Goodyear Tire & Rubber Company