Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 10/8 leq. 3
  • E ba Bo-’mè ba sa le Banyenyane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E ba Bo-’mè ba sa le Banyenyane
  • Tsoha!—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ima ha Bacha—Koluoa ea Lefatše Lohle
    Tsoha!—2004
  • Ho Tobana le Mathata a ho ba ’Mè U sa le Mocha
    Tsoha!—2004
  • Ho Thusa le ho Sireletsa ba Banyenyane
    Tsoha!—2004
  • Mathata ao Bo-’mè ba Tobanang le ’Ona
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 10/8 leq. 3

E ba Bo-’mè ba sa le Banyenyane

“Mohlankana oa ka e ne e le tjaka. O ne a e-na le chelete ’me re ne re ka ea hohle moo re ratang ra ea ithabisa. Ha ke tlōloa ke khoeli, ke ile ka lemoha hore ho na le ho phoso. Ke ne ke tla bolella ’Mè joang? See se ka nketsahalla joang? Ke ne ke le lilemo li 16 feela, ’me ke ne ke sa tsebe hore na ke etse eng.”—Nicole.

KAJENO, Nicolea o se a le lilemo tse mahareng tsa bo-30, o tiile lengole ’me ke ’mè ea mafolofolo oa bana ba bararo. Ngoana oa hae e moholo o lilemo li 20. E, lilemong tse fetileng e ne e le e mong oa bacha ba limilione ba immeng empa ba sa nyaloa. Joaloka bacha ba bang bao e seng e le bo-’mè, o ile a iphumana a tšoasehile liphephetsong tse ferekanyang, liqetong tse thata tseo a neng a lokela ho li nka le ho se tsebe hore na bokamoso bo mo tšoaretse eng.

Nicole ha a atise ho bua ka ho haroha letsoalo, ho hana ho amohela boemo, ho apareloa ke tšabo, ho halefa le ho felloa ke tšepo, tse ileng tsa tsamaisana le lilemo tsa hae tsa ho qetela tsa bocha—nakong eo lithaka tsa hae li neng li amehile ka liaparo tsa tsona le ka limaraka tsa sekolo. Leha ho le joalo, boemo ba Nicole bo ne bo se bobe hoo ho seng ho se tšepo. O ne a e-tsoa lelapeng le lerato le neng le ile la leka ho mo ruta melao e phahameng ea boitšoaro. Le hoja ka nakoana a ile a khetha ho hlokomoloha melao eo—’me a khōla litholoana—hamorao tsona litekanyetso tseo tsa boitšoaro li ile tsa etsa hore a phele bophelo bo khotsofatsang, bo nang le morero. O ile a qala ho ba le lepetjo le reng: “U se ke ua lahla tšepo.”

Ka bomalimabe, hase bacha bohle bao e seng e le bo-’mè ba nang le malapa a ba tšehetsang—kapa ba nang le tšepo joalo bophelong. Ka potlako ba bangata ba iphumana ba tšoasehile boemong ba bofutsana boo ho sa bonahaleng eka ba tla tsoa ho bona. Ba bang ba lokela ho sebetsana le maikutlo a bohloko a ho betoa le pefo.

Tsena tsohle ke motheo o mobe bakeng sa bana ba bo-’mè bana ba sa leng bacha lilemong. Buka ea Teen Moms—The Pain and the Promise, e re bana ba bo-’mè bana ba sa leng bacha lilemong hangata “ba hlaha ba e-na le boima bo fokolang ba ’mele, ba kula joalo lilemong tsa bongoana, ba shoa haholo ha e sa le masea ho feta bana ba bang, ha ba fumane tlhokomelo e ntle ea bongaka, hangata baa lapa le ho haelloa ke phepo e ntle; ba pepesehetse pefo haholoanyane, ’me ba lieha ho hōla ha ba bapisoa le bana ba bo-’mè ba seng ba hōlile lilemong.” Ka sebele, barali bao bo-’mè ba bona ba bileng le bona ba sa le bacha lilemong, hangata le bona e ba bo-’mè e sa le bacha ho feta bana ba tsoetsoeng ke bo-’mè ba neng ba se ba hōlile lilemong.

Ho ima ha bacha ho namme hakae? Bacha bao e seng e le bo-’mè ba ka sebetsana joang ka katleho le mathata a ho hōlisa masea a bona? Na ho na le tsela ea ho thusa bacha hore li sa tloha, ba qobe ho oela maemong a bohloko joalo? Lihlooho tse latelang li tla tšohla lipotso tsena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe lihloohong tsena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela