Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 2/8 maq. 4-6
  • Khatello ea Kelello—Lisosa le Liphello Tsa Eona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khatello ea Kelello—Lisosa le Liphello Tsa Eona
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khatello ea Kelello e Bakoang ke Mokhoa oa ho Iphelisa
  • Khatello ho Batsoali ba se Nang Balekane
  • Bana ba Hatellehileng Kelellong
  • Liphello Tsa Khatello ea Kelello
  • Khatello ea Kelello e Molemo Le e Mpe
    Tsoha!—1998
  • Nka Sebetsana Joang le Maemo a Sithabetsang ha ke le Sekolong?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ho Laola Khatello ea Kelello
    Tsoha!—2010
  • Seo Khatello ea Kelello—E re Etsang Sona
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 2/8 maq. 4-6

Khatello ea Kelello—Lisosa le Liphello Tsa Eona

KHATELLO ea kelello ke eng? Ho ea ka setsebi se seng, khatello ea kelello e ka hlalosoa e le “ntho leha e le efe e ’meleng, tšebetsong ea lik’hemik’hale ’meleng kapa maikutlong, e ka bakelang ’mele kapa kelello khatello.” Na see se bolela hore ho imeloa kelellong ka bohona ke ntho e kotsi? Che. Joalokaha Dr. Melissa C. Stöppler a bolela, “ka linako tse ling ho imeloa ho se hokae kelellong le maikutlong ho ka ba molemo. Ho imeloa hanyenyane kelellong ha re phetha mosebetsi kapa kabelo e itseng hangata ho re susumelletsa hore re etse mosebetsi hantle le ka mafolofolo.”

Joale khatello ea kelello e ba bothata neng? Stöppler o re: “Ke feela ha khatello ea kelello e se e le matla haholo, kapa ho sa sebetsanoe le eona ka nepo moo liphello tsa eona tse mpe li hlahellang.” Nahana ka mehlala e tloaelehileng e bakang khatello ea kelello.

Khatello ea Kelello e Bakoang ke Mokhoa oa ho Iphelisa

Morena Solomone o ile a re: “Ho motho ha ho letho le molemo ho feta hore a je ’me ka sebele a noe le ho etsa hore moea oa hae o bone se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima.” (Moeklesia 2:24) Leha ho le joalo, ho basebetsi ba bangata, sebaka sa mosebetsi ke hona moo ho renang likhatello tsa mefuta.

Tlaleho ea Mokhatlo oa Europe oa Tšireletseho le Bophelo bo Botle Mosebetsing e ile ea bolela hore hangata basebetsi ba imeloa kelellong mosebetsing hobane har’a mabaka a mang, ha ho na puisano e ntle pakeng tsa basebetsi le baokameli, baokameli ha ba fe basebetsi monyetla oa hore ba be le lentsoe liqetong tse etsoang tse ba amang, ho na le likhohlano pakeng tsa basebetsi ka bobona, kapa hobane mosebetsi o ka ’na oa fela neng kapa neng le/kapa hobane o lefa chelete e nyenyane. Ho sa tsotellehe hore na lebaka ke lefe, ho sebetsana ka katleho le khatello mosebetsing ho ka siea batsoali ba bangata ba sebetsang ba e-na le matla a fokolang a ho sebetsana le litlhoko tsa malapa a bona. ’Me litlhoko tseo li ka ba ngata haholo. Ka mohlala, United States, ka selemo batho ba ka bang limilione tse 50 ba hlokomela setho sa lelapa se kulang kapa se hōlileng. Mathata a lichelete le ’ona e ka ba sesosa se matla sa khatello ea kelello lapeng. Rita, ’mè oa bana ba babeli, o ile a ba le mathata a lichelete ha monna oa hae, Leandro, a ne a hlaheloa ke kotsi ea koloi, ’me a qetella a le setulong sa likooa. Rita oa lumela: “Mathata a lichelete a baka tsitsipano. Ha u se na chelete e lekaneng bakeng sa litšenyehelo tsohle tsa lelapa, u ameha maikutlong.”

Khatello ho Batsoali ba se Nang Balekane

Batsoali ba se nang balekane le bona ba tobana le khatello e matla ea kelello ha ba leka ho khotsofatsa litlhoko tsa malapa a bona. Ho tsoha ka meso ho lokisa lijo tsa hoseng, ho apesa bana le ho ba isa sekolong, ho potlakela ho fihla mosebetsing ka nako, ebe ka mor’a moo o phetha sohle se hlokahalang mosebetsing, ho ka siea motsoali ea se nang molekane a khathetse ’meleng le maikutlong. Joale ha ’mè a chaisa mosebetsing, kelello e hatelleha hape ha a potlakela sekolong ho ea lata bana, a lokisa lijo tsa mantsiboea le ho phetha mesebetsi e meng ea lelapa. María, ’mè ea se nang molekane ea nang le barali ba bane ba lilemong tsa bocha, o bolela hore o na le khatello ea kelello e pakellaneng hoo ka linako tse ling a utloang eka o tla phatloha.

Bana ba Hatellehileng Kelellong

Setsebi litabeng tsa kahisano, Ronald L. Pitzer o re: “Bacha ba bangata ba ba le khatello e matla kelellong.” Ba lokela ho sebetsana le liphetoho tsa ho kena bonneng kapa bosaling tse etsahalang ’meleng le maikutlong. Ho boetse ho na le likhatello sekolong. Ho latela buka ea Childstress!, letsatsi le tloaelehileng la sekolo “le tletse ka mathata le likhatello tse imelang kelello—lithutong, lipapaling, botsoalleng ba lithaka hammoho le litšebelisanong le matichere.”

Libakeng tse ling matšoenyeho a eketsoa ke mabifi a ka ’nang a e-ba teng sekolong—ho se ho sa thoe letho ka tšabo eo bacha ba bangata hona joale ba nang le eona ea ho hlasela ha likhukhuni le likoluoa tse ling. Ngoanana e mong ea lilemong tsa bocha oa ngola: “Ha batsoali ba bua kamehla kamoo lefatše le tšosang kateng hona joale, sena se tla re tšosa.”

Batsoali ba lokela ho ba mohloli o matlafatsang bana ba bona. Empa Pitzer o re: “Hangata boiteko ba bana le ba bacha ba ho tšolla se ka lifubeng tsa bona bo nkeloa fatše ke batsoali, bo hanoe, bo nkoe e se ba bohlokoa hakaalo kapa bo hle bo hlokomolohuoe.” Maemong a mang, batsoali ba sitisoa ke mathata ao ba nang le ’ona lenyalong. Tito e monyenyane, eo batsoali ba hae ba ileng ba qetella ba hlalane, o re: “E ne ekare batsoali ba ka ba ne ba lula ba loana.” Joalokaha buka ea Childstress! e bontša, “lintoa tsa sebele le tsa ho tjolietsana ka mantsoe hase tsona feela tse sithabetsang kelello. Ho hloka thabo ho hateletsoeng, ho bonahalang esita leha ho ka patoa ka mantsoe a boikaketsi a lerato, ho hlokisa bana botsitso.”

Liphello Tsa Khatello ea Kelello

Ebang u monyenyane kapa u hōlile, ebang khatello eo u nang le eona bophelong e bakoa ke mosebetsi kapa ke sekolo, ho imeloa kelellong nako e telele ho ka ba kotsi bophelong ba hao. Sengoli se seng sa tsa bongaka sea hlalosa: “Se etsahalang ’meleng ha ho e-na le khatello se batla se tšoana le boemo ba ha sefofane se itokisetsa ho phahama.” Ha u hatellehile kelellong, lebelo leo pelo ea hao e otlang ka lona le phallo ea mali a hao lia phahama. Tsoekere e maling ea phahama. ’Mele o ntša li-hormone. Sona sengoli seo se tsoela pele: “Haeba khatello ea kelello e ba teng nako e telele, litho tsohle tsa ’mele tse angoang ke khatello (boko, pelo, matšoafo, methapo ea mali le mesifa) li lula li sebetsa ka sefutho se sa tloaelehang kapa li hula ka thata. Ka mor’a nako sena se ka baka tšenyo ’meleng kapa kelellong.” Maloetse a ka bakoang ke khatello ea kelello a mangata haholo: lefu la pelo, stroke, ho se sebetse hantle ha matla a ’mele a itšireletsang mafung, kankere, lefu le amang masapo ’ohle le mesifa eohle ea ’mele le lefu la tsoekere, ha re bolela a seng makae feela.

Ntho eo ho amehiloeng haholo ka eona ke tsela e sa nepahalang eo ba bangata—haholo-holo bacha—ba lekang ho sebetsana le khatello ena ka eona. Dr. Bettie B. Youngs o bua ka pelo e bohloko: “Ho nyahamisa haholo ho bona hore moo ba lekang ho itebatsa bohloko, bacha ba retelehela mekhoeng e kang ea ho sebelisa joala le lithethefatsi hampe, ho lofa sekolo, ho ba litlokotsebe, ho hlepha boitšoarong ba ho kopanela liphate, ho ba leqhooko le mabifi, ho baleha malapeng—e leng mekhoa e ba kenyang mathateng a maholo ho feta ao ba neng ba re ba leka ho itebatsa ’ona.”

Khatello ea kelello ke karolo ea bophelo ba mehleng ena ea kajeno; ha ho mokhoa oa ho e qoba ka ho feletseng. Empa joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša, ho na le ho hongata hoo re ka ho etsang ho laola khatello ea kelello!

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

“Khatello e ka pakellana hoo ka linako tse ling ke utloang eka ke tla phatloha”

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Bophelo ba batsoali ba se nang balekane hangata bo tletse ka lintho tse ba imelang kelellong

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Sekolo se ka bakela bacha khatello e matla

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela