Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 2/8 maq. 12-13
  • Ho fa Bana Tlhokomelo eo ba e Hlokang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho fa Bana Tlhokomelo eo ba e Hlokang
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho ba Koetlisa Ntle le ho ba Halefisa
  • Ba fe Nako ea Hao
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ho Hōlisa Bana ka Taeo ea Molimo
    Tsoha!—2004
  • “Le se ke la Halefisa Bana ba Lōna”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 2/8 maq. 12-13

Pono ea Bibele

Ho fa Bana Tlhokomelo eo ba e Hlokang

NA Mora oa Molimo o ne a e-na le nako ea bana? Ba bang ba barutuoa ba hae ba ne ba sa nahane joalo. Ka lekhetlo le leng ba ile ba leka ho thibela bana ho atamela Jesu. O ile a arabela ka ho re: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na; le se ke la leka ho ba thibela.” Eaba o amohela sehlopha seo sa bana ka lerato ’me a bua le bona. (Mareka 10:13-16) Ka hona, Jesu o ile a bontša hore o ne a rata ho fa bana tlhokomelo. Kajeno batsoali ba ka latela mohlala oa hae joang? Ka ho koetlisa bana ba bona hantle le ho qeta nako ba e-na le bona.

Ke ’nete hore batsoali ba nang le boikarabelo ba leka ka matla ho hlokomela bana ba bona le ho qoba ho ba tšoara hampe. Ho ka ba ha thoe ke ntho ea “tlhaho” hore batsoali ba hlomphe bana ba bona le ho ba nahanela. Leha ho le joalo, Bibele e lemosa hore ba bangata ba ne ba tla hloka “lerato la tlhaho” mehleng ea rōna. (2 Timothea 3:1-3) ’Me ho ba nang le thahasello e lerato baneng ba bona, kamehla ho na le seo ba ka ithutang sona ha ho tluoa tabeng ea ho ba motsoali ea nang le boikarabelo. Ka hona, melao-motheo e latelang ea Bibele ke likhopotso tseo batsoali ba batlelang bana ba bona se molemo ba li amohelang ka thabo.

Ho ba Koetlisa Ntle le ho ba Halefisa

Dr. Robert Coles, tichere e tsebahalang ’me ebile e le ngaka ea mafu a kelello e etsang lipatlisiso, o kile a re: “Ngoana e mong le e mong o na le takatso ea ho etsa se nepahetseng. Ke nahana hore takatso ena ea ho batla ho tataisoa ho etsa se nepahetseng ba e filoe ke Molimo.” Ke mang ea lokelang ho khotsofatsa tlala le lenyora lee la ho batla ho tataisetsoa ho etsa se nepahetseng?

Ho Baefese 6:4, Mangolo aa eletsa: “Lōna, bo-ntate, le se ke la halefisa bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” Na u hlokometse hore lengolo lee le fa bo-ntate ka ho khetheha boikarabelo ba hore ba rute bana ba bona ho rata Molimo le ho etsa hore ba ananele litekanyetso tsa Molimo? Temaneng ea pele ea Baefese 6:1 khaolong ea botšelela, moapostola Pauluse o ne a bua ka ntate le ’mè ha a bolella bana hore ‘ba mamele batsoali ba bona.’a

Ho hlakile hore haeba ntate a le sieo, ’mè ke eena ea lokelang ho nka boikarabelo bona. Bo-’mè ba bangata ba se nang balekane ba atlehile ho hōlisa bana ba bona ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova Molimo. Leha ho le joalo, haeba ’mè ea joalo a nyaloa, monna oa Mokreste o lokela ho etella pele. ’Mè eena o tla tšehetsa ka lerato ketello-pele ea ntate ho koetliseng le ho laeeng bana ba bona.

U ka laea kapa hona ho koetlisa bana ba hao joang ntle le ho ba “halefisa”? Ha ho na mekhoa e itseng ea lekunutu, haholo-holo kaha bana ha ba tšoane. Empa batsoali ba lokela ho nahanisisa tsela eo ba fanang ka taeo ka eona, kamehla ba bontše ho rata le ho hlompha bana ba bona. Hoa thahasellisa hore taba ena ea ho se halefise bana ba hao e phetiloe hape ka Mangolong ho Bakolose 3:21. Mono bo-ntate ba boetse baa eletsoa: “Lōna bo-ntate, le se ke la khentša bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.”

Batsoali ba bang ba kharumela le hona ho tlatsetsa bana ba bona lerata. Ha ho pelaelo hore sena se khentša bana ba bona. Empa Bibele e khothalletsa sena: “Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna.” (Baefese 4:31) Hape Bibele e re “lekhoba la Morena ha ho hlokahale hore le loane, empa ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle.”—2 Timothea 2:24.

Ba fe Nako ea Hao

Ho fa bana tlhokomelo eo ba e hlokang ho boetse ho bolela ho ikemisetsa ho tela menate le boiketlo ba hao molemong oa hore ba thabe. Bibele e re: “Mantsoe ana ao ke u laelang ’ona kajeno a be pelong ea hao; u a rute mora oa hao ka ho pheta-pheta ’me u bue ka ’ona ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng le ha u robetse le ha u tsoha.”—Deuteronoma 6:6, 7.

Kajeno, batsoali ba bangata ha ba be le bana ba bona ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboea ka lebaka la maemo a lichelete a tlamang. Leha ho le joalo, Deuteronoma e hatisa hore batsoali “ba lokela” ho fumana nako ea ho ba le bana ba bona. Ho etsa joalo ho hloka ho hlophiseha hantle hammoho le ho tela lintho tse ling. Empa bana ba hloka tlhokomelo e joalo.

Nahana ka se fumanoeng phuputsong e ’ngoe e ileng ea etsoa bacheng ba fetang 12 000. Bafuputsi ba fihletse sephetho sena: “Ha ngoana a e-na le kamano e matla le batsoali ba hae, eo ke tiiso e matla ka ho fetisisa ea hore mocha o tla phela hantle ’me ke ntho e matla ka ho fetisisa e tla mo thibela ho itšoara ka tsela e tla mo ntša kotsi.” Ruri bana ba labalabela ho eloa hloko ke batsoali ba bona. Ka lekhetlo le leng ’mè e mong o kile a botsa bana ba hae, “Haeba le ne le ka fuoa ntho leha e le efe eo le e batlang, le ne le ka khetha ho fuoa eng?” Ka bone ba bona ba ile ba re, “Re ne re ka rata ho ba le nako e eketsehileng le ’Mè le Ntate.”

Ka hona, ho ba motsoali ea nang le boikarabelo ho bolela ho etsa bonnete ba hore litlhoko tsa bana ba hao lia khotsofatsoa, ho akarelletsa le litlhoko tsa bona tsa ho rutoa lintho tsa moea le ho ba le botsoalle bo haufi le batsoali ba bona. Ho bolela ho thusa bana hore ba hōle, e be batho ba tsebang ho iketsetsa lintho, ba hlomphehang le ba tšepahalang ba tšoarang batho ba bang ka mosa le ba tlotlisang ’Mōpi oa bona. (1 Samuele 2:26) Ka sebele, ha batsoali ba koetlisa le ho laea bana ba bona ka tsela ea bomolimo, ba bontša ho ba le boikarabelo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mona Pauluse o sebelisitse lentsoe la Segerike go·neuʹsin, le nkiloeng ho lentsoe go·neusʹ, le bolelang “motsoali.” Empa temaneng ea bone o sebelisitse lentsoe la Segerike pa·teʹres, le bolelang “bo-ntate.”

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Ho kharumela ngoana le ho mo tlatsetsa lerata ho ka mo utloisa bohloko

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Qeta nako u e-na le bana ba hao

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela