Thelefono ea Cellular—Na e Molemo Kapa e Kotsi?
KA MONGOLI OA TSOHA! AUSTRALIA
LILEMONG tse ’maloa tse fetileng, ho ne ho sa nepahala hore ho ka thoe thelefono ea cellular ke “thelefono eo motho a tsamaeang ka eona.” Motho o ne a ka ‘tsamaea’ ka thelefono ena feela haeba a hlile a le matla kapa haeba e ne e kentsoe koloing ea hae, kaha libeteri tsa eona li ne li le boima haholo. Lithelefono tsena li ne li le khōlō ho feta mabokose a lieta, ’me li ne li bitsa liranta tse likete.
Kajeno ho na le lithelefono tsa cellular tse ka bang limilione tse likete li 1,35. Linaheng tse ling, batho ba fetang halofo ea baahi bohle ba na le tsona. Boholo ba tsona li fella ka letsohong, ’me ka linako tse ling li ka ba tsa fanoa mahala.a Koranta ea Australia, The Bulletin, e ea tlaleha: “Palo ea lithelefono tsena tse sebelisoang e batla e lekana le ea lithelevishene le ea lik’homphieutha li kopane.” Linaheng tse fetang 20, ho se ho e-na le lithelefono tsa cellular tse ngata ho feta lithelefono tsa ka tlung. Setsebi se seng sa tsoelo-pele ea indasteri se hlalosa lithelefono tsena e se feela mohlolo oa theknoloji, empa se boetse se li hlalosa e le “ketsahalo e sa tloaelehang sechabeng.”
Lithelefono tsa cellular li na le tšusumetso efe sechabeng? Na li molemo kapa li kotsi?
Khoebo e Una Molemo
Likhoebo tse ngata li una molemo thekisong e ntseng e eketseha ka potlako ea lithelefono tsa cellular. Feme e ’ngoe e khōlō e itse: “’Maraka oa lithelefono tsa cellular ke khoebo e khōlō ka ho fetisisa e kileng ea e-ba teng lefapheng la lisebelisoa tsa elektronike.” Ka mantsoe a mang, hona joale ho sebelisoa chelete e ngata ka ho fetisisa lithelefonong tsa cellular ho feta e kileng ea sebelisoa thepeng leha e le efe ea elektronike nakong e fetileng.
Ka mohlala, har’a baahi ba limilione tse 20 ba Australia, ba fetang limilione tse 15 ba bona ba na le lithelefono tsa cellular. Bareki ba sebelisanang le k’hamphani e le ’ngoe feela har’a lik’hamphani tse ngata tsa lithelefono tsa cellular naheng eo, ba ile ba founa ka makhetlo a limilione tse likete li 7,5 selemong se seng morao tjena. Lefatšeng ka bophara, lithelefono tsa cellular li kenya liranta tse limilione tse likete lik’hamphaning tsa lithelefono. Ho bonolo ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha likhoebo tse khōlō li nka khoebo ea lithelefono tsa cellular e le molemo.
Ho Qapa Puo e Ncha
Boholo ba melaetsa e fapanyetsanoang ka lisebelisoa tsena tsa theknoloji, ha e fetisoe ka ho bua empa ka mokhoa oa ho ngola. Ho e-na le ho bua thelefonong, palo e ntseng e eketseha ea ba sebelisang lithelefono tsa cellular—haholo-holo bacha—e sebelisa Melaetsa e Mekhutšoanyane (Short Message Service [SMS]). Mokhoa ona o ba lumella hore ba ngole melaetsa e mekhutšoanyane le ho e romellana ba sa lefe chelete e ngata. Kaha mokhoa ona oa puisano o hloka hore motho a thaepe molaetsa thelefonong ena e nyenyane, ba ratang li-SMS haholo ba ngola melaetsa e mekhutšoanyane, e kopanyang litlhaku le linomoro ho etsa hore lentsoe le balehe. Ho sa tsotellehe bothata ba ho iqapela mantsoe le ho a ngola ho e-na le ho bua le motho ka ho toba, khoeli e ’ngoe le e ’ngoe batho ba romellana melaetsa e ka bang limilione tse likete tse 30 lefatšeng ka bophara.
Boholo ba melaetsa ee bo bua ka eng? Phuputso e ’ngoe e entsoeng Brithani e sibolotse hore bacha ba etsang karolo ea 42 lekholong, ba pakeng tsa lilemo tse 18 le 24, ba sebelisa li-SMS ho romellana melaetsa ea marato, ha karolo ea 20 e sebelisa mokhoa ona oa morao-rao ho kōpa ba bang hore ba intše le bona, ’me karolo ea 13 lekholong eona e sebelisa li-SMS ho felisa litaba tsa bona tsa marato.
Baqolotsi ba litaba ba re mokhoa oa ho ngola le ho hokahanya lipolelo ha ho romeloa li-SMS o senya tsebo ea bacha ea ho bala le ho ngola. Ba bang ba hanana le seo, ba bolela hore mokhoa ona o mocha o sebelisoang ha ho ngoloa li-SMS o “tsosa thahasello ea ho ngola molokong ona o mocha.” ’Muelli oa feme e ’ngoe e hatisang lidikishinari ea Australia o ile a bolella koranta ea Sun-Herald, a re: “Ke seoelo re fumanang monyetla oa ho qapa mokhoa o mocha oa ho ngola [puo] . . . ho romela melaetsa ka [li-SMS] le ka Inthanete ho bolela hore bacha ba qeta nako e ngata ba ngola. [Ba] lokela ho tseba ho bala hantle le ho itlhalosa hantle e le hore ba ka ithuta . . . mokhoa ona o mocha oa ho ngola le ho o sebelisa.”
Mekhoa e Meng e sa Rateheng
Le hoja thelefono ea cellular e le sesebelisoa se molemo bakeng sa ho bua le metsoalle le bakeng sa khoebo, ka linako tse ling sesebelisoa sena se ka fetoha mokhoka-khoale ho basebetsi ba bangata ho e-na le hore se ba tsoele molemo—sa etsa hore ba ikutloe ba le mosebetsing ka linako tsohle. Phuputso e ’ngoe e fumane hore karolo ea 80 lekholong ea basebetsi ba etsang lipapatso le karolo ea 60 lekholong ea basebetsi ba likonteraka ba ikutloa ba le tlas’a khatello ea hore neng le neng ha bahiri ba bona kapa batho bao ba ba sebeletsang ba ba batla, ba fumanehe. Khatello eo batho ba bang le eona ea hore ba arabele thelefono ea cellular ha e lla, ho sa tsotellehe hore na ba hokae kapa hona hore na ba etsa’ng, e baka bothata boo mofuputsi e mong a bo bitsang “tloaelo ea ho tšoenya ba bang.” Ka lebaka lena, baenjiniere ba qapile thepa e sebelisoang ha ho hahuoa lireschorente le liholo tsa boithabiso, e thibelang lithelefono tsa cellular ho sebetsa ha li le ka hare.—Bona lebokose le reng “Litlhahiso ka ho Sebelisa Thelefono ea Cellular.”
Ntle feela le taba ea hore e na le ho sebelisetsoa ho tšoenya ba bang, thelefono ena e fumanehang hohle e ka ’na ea sebelisoa hampe sechabeng. Phuputso e entsoeng Canada e ile ea fumana hore ho sebelisa thelefono ea cellular ha motho a ntse a khanna ho kotsi joaloka ho khanna u tahiloe. Moprofesa Mark Stevenson, oa Setsi sa ho Etsa Lipatlisiso ka Likotsi Univesithing ea Australia Bophirimela, o hlalosa hore ho bua thelefonong ho thata haholo ho feta ho bua le motho eo u nang le eena ka koloing. Ho sa tsotellehe likotsi le taba ea hore libakeng tse ling mapolesa a fa bakhanni tekete, phuputso ea morao tjena e fumane hore mokhanni a le mong ho ba bahlano Australia o ile a romela li-SMS ’me a le mong ho ba bararo o ile a founa kapa a arabela thelefono ha a ntse a khanna.
Likotsi tsa ho sebelisa thelefono hampe li ama le lifofane. Le hoja lifofane tsa morao tjena li hahuoe ka tsela e thibelang thelefono ea cellular ho sebetsa, ho ntse ho e-na le lifofane tse ling tseo ho thoeng li ka sitisoa ke tšebeliso ea thelefono ena. New Scientist ea tlaleha: “Litekong tse ileng tsa etsoa lifofaneng tse peli, Mokhatlo oa Taolo ea Lifofane Tsa Sechaba (Civil Aviation Authority [CAA]) Brithani o netefalitse hore mahlaseli a thelefono ea cellular a ka sitisa ho sebetsa hantle ha thepa ea elektronike ea bohlokoa sefofaneng.” Ha a qoolla likotsi tse ka sehloohong tsa lithelefono tsena, ’muelli oa CAA o ile a re: “Thelefono ea cellular e ntša matla a mangata ha e le hōle le seteishene sa eona se e fang matla. Ka hona, ha sefofane se phahama, matla a thelefono ea cellular aa eketseha, e leng ho sitisang le tšebetso ea sefofane boemong bona bo kotsi ka ho fetisisa ba ha se phahama.” Phuputso e entsoeng Australia e ile ea fumana hore thepa eo batho ba nang le eona ea elektronike, ho kopanyelletsa le lithelefono tsa cellular, e ile ea baka mathata a ’maloa sefofaneng sa baeti ha se le moeeng ka lebaka la baeti ba ileng ba hlokomoloha temoso ea hore ba time thepa eo ha ba le ka sefofaneng.
Thelefono ea Cellular le Kankere
Ho sa ntse ho phehisanoa khang ka taba ea hore na mahlaseli a ntšoang ke thelefono ea cellular le liteishene tsa eona tse e fang matla li ka bakela batho kankere kapa che. Kaha batho ba limilione tse makholo ba sebelisa lithelefono tsena, esita le haeba e ne e ka ba palo e nyenyane feela e ka kulisoang ke tsona, hoo ho ne ho tla ’ne ho be kotsi haholo bophelong. Ka hona, ho ’nile ha etsoa liphuputso tse matla tsa saense ho hlahloba hore na mahlaseli a thelefono ea cellular a ka ba le liphello life liseleng tse phelang. Ho fihletsoe qeto efe?
Sehlopa se Ikemetseng sa Litsebi Lithelefonong Tsa Cellular (The Independent Expert Group on Mobile Phones [IEGMP]) se ile sa ntša tlaleho e reng: “Sehlopha sa Litsebi se lumela hore, ho latela bopaki bo fumanoeng hajoale, sechaba ha sea lokela ho tšoenyeha ka ho sebelisa lithelefono tsa cellular.” New Scientist le eona e tlalehile: “Ho sa tsotellehe lipale tse reretsoeng ho tšosa batho lilemong tsa morao tjena, bopaki bo bongata bo fumanoeng ho fihlela joale bo bontša hore ho pepesehela mahlaseli a thelefono ea cellular ha ho na likotsi tse mpe bophelong ba motho. Liphuputso tse bontšitseng ho e-na le liphello li thatafaletsoe ke ho paka seo.”
Ka lebaka la lipelaelo tse teng ka likotsi tse ka bang teng bophelong ka lebaka la lithelefono tsa cellular, ho ntse ho sebelisoa limilione tse eketsehileng tsa liranta ho ntšetsa pele liphuputso. Ho fihlela ha ho fumanoe karabo e tobileng, IEGMP e khothalletsa se latelang: “Sebelisa thelefono [ea cellular] nako e khutšoanyane ka hohle kamoo u ka khonang. Sebelisa thelefono e ntšang matla a fokolang (specific energy absorption rate [SAR]). Sebelisa thepa e etsang hore u bue thelefonong u sa e tšoara ka letsoho hammoho le lisebelisoa tse ling hafeela eba ho fanoe ka bopaki ba hore li fokotsa SAR.” Sehlopha sa litsebi se boetse se fana ka keletso ea hore “bana ba ka tlaase ho lilemo tse leshome le metso e tšeletseng ba se khothalletsoe ho sebelisa thelefono ea cellular” kaha tsamaiso ea methapo ea kelello e sa ntsaneng e hōla ea bana e ka ba etsa hore ba “pepesehele likotsi leha e le life tse e-song ho lemohuoe.”
Le hoja ho phehisanoa khang haholo ka eona, thelefono ea cellular e na le phello e matla moruong le sechabeng. Joaloka lisebelisoa tse ling tsa habo eona tsa elektronike—TV le k’homphieutha—thelefono ea cellular e ka ba sesebelisoa se laoloang hantle kapa ea e-ba sona se laolang mong’a sona. Ho matleng a mong’a eona hore na o tla e sebelisa hantle kapa hampe.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka linako tse ling lithelefono li fanoa mahala ho ba saenang konteraka le ba tšebeletso ea tsona ea hore ba tla sebelisa chelete e itseng ba founa ka nako eo ho lumellanoeng ka eona.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 27]
LITLHAHISO KA HO SEBELISA THELEFONO EA CELLULAR
1. Theola lentsoe ha u bua ka thelefono ha u le har’a batho. Sehōlisa-lentsoe se thelefonong se matla haholo, hape batho ba haufi le uena ba ka ’na ba se ke ba thahasella moqoqo oa hao.
2. Ha u le libokeng tsa bolumeli, tsa khoebo, baesekopong kapa ketsahalong e ’ngoe ea sechaba, kapa u le reschorenteng, tima thelefono kapa u e behe boemong boo e tla thothomela feela haeba ho e-na le motho ea u letsetsang.
3. U se ke ua bua ka thelefono ea cellular u e tšoere ka letsoho ha u ntse u khanna.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Lefatšeng ka bophara, melaetsa e ka bang limilione tse likete tse 30 e romeloa khoeli e ’ngoe le e ’ngoe
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ho sebelisa thelefono ea cellular u ntse u khanna ho ka ba kotsi joaloka ho khanna u tahiloe