Oache ea Letsoho
KA MONGOLI OA TSOHA! BRITHANI
NA UA tseba hore na nako ke mang? U tla e tseba ha u ka qekotsa oache ea hao ea letsoho. Empa na oache eo ea hao e nakong? Re ka ’na ra se ke ra nka lioache tsena e se tsa bohlokoa hakaalo, empa ho na le ho hongata ho rarahaneng ka tsona ho feta feela seo mahlo a se bonang.
Ho sa tsotellehe ho se bonahale ha nako le ho feta ha eona ka pele, batho ba ’nile ba thahasella ho e lekanya. Ho potoloha ha linako tsa selemo, maemo a sa tšoaneng ao khoeli e hlahang ka ’ona, ho latellana ha bosiu le motšehare—kaofela li bala nako ka tsela ea tlhaho. Empa ke khale batho ba leka ho bala nako ka mekhoa e mekhutšoanyane le ka tsela e nepahetseng haholoanyane.
Ho Sebetsa ha Lioache
Horology—saense e akarelletsang ho etsa mechine e bontšang nako—ke lefapha la khale har’a a mang a saense. “Pelo” ea mechine ena ke lebilinyana le e tsamaisang. Lona le laola lebelo leo mochine ona o tsamaeang ka lona. Ha matla a mochinenyana ona a lumelloa ho tsoa butle-butle ka likhefu tse lekanang tse latellanang, ho ka baloa nako. Ha ho mang ea tsebang hantle hore na lioache tse itšebetsang li qapiloe neng, empa phetoho e khōlō e fihletsoe hoo e ka bang ka selemo sa 1500, ha ka lekhetlo la pele ho etsoa lioache tse nyenyane.
Lioache tse tloaelehileng kajeno tsa letsoho ke tsa morao-rao. Li ile tsa tloaeleha bofelong ba lilemo tsa bo1800, ’me li ne li ratoa haholo ke basali. Nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, masole a sebelisang libetsa tse matla a ile a fumana oache e roaloang letsohong e le molemo ho feta e kenngoang pokothong. Ka mor’a moo, lioache tsa letsoho li ile tsa qala ho tuma.
Mehleng ea kajeno, lioache tse ngata ke tsa elektronike ’me li sebelisa li-quartz. Ha e entsoe hantle ’me e behiloe potolohong e nepahetseng ea matla a elektronike, quartz ea sisinyeha nako le nako, e sebetse joaloka ntho e leketlileng e eang koana le koana ka potlako.
Ho thata haholo ho beha lioache tse itšebetsang kapa tsa quartz nakong e nepahetseng hantle. Ka hona, ho sa tsotellehe hore na u na le oache efe, ho ea bohōleng bo itseng e tla ba pele kapa e be morao ka nako. Leha ho le joalo, kajeno ho na le lioache tsa quartz tseo ka mor’a nako e itseng li ipehang nakong ka ho sebelisa matla a lioache tse sebelisang matla a athomo.a Babapatsi ba bolela hore lioache tse laoloang ka maqhubu a seea-le-moea joalo li lula li le nakong hoo li ka bang pele kapa morao ka motsotsoana feela lilemong tse milione!
Lioache Tse Itšebetsang li sa Ratoa
Ha u nahana ka ho nepahala ha lioache tseo ho sa tsoa buuoa ka tsona le taba ea hore lebilinyana le tsamaisang oache e itšebetsang le qapiloe lilemo tse fetang makholo a mabeli a fetileng, u ka ’na ua nka hore lioache tse itšebetsang li fetiloe ke nako. Empa oache e itšebetsang e sa ntse e ratoa ke ba bangata. Selemo le selemo ho etsoa tse limilione. Morao tjena palo ea lioache tse itšebetsang tse romeloang linaheng tse ling li tsoa Switzerland e se e le ngata ho feta ea tse sebelisang elektronike. Ho qapiloe mabilinyana a li tsamaisang a macha, a sebetsang hantle ’me a sa bake ho hohlana ho hoholo, ’me batho ba tsoela pele ho batla le ho sebelisa batho ba ithutetseng lioache hore ba lokise lioache tsa bona tse itšebetsang.
Ke eng se etsang hore oache e itšebetsang e ipiletse? Michael, ea ithutetseng lioache ’me a qetile lilemo tse mashome a mararo a sebetsana le tsona, o lumela hore sena se bakoa ke hore li qeta nako e telele li ntse li sebetsa. O bontša hore le hoja oache ea quartz e ka ’na ea sebetsa hantle ka lilemo tse ka bang 15 kapa ho ea moo, oache e entsoeng hantle e itšebetsang e ka sebetsa hantle ka lilemo tse fetang 100. Oache e joalo e ka ba ea bohlokoa haholo ha e ntse e fetisetsanoa ho tloha ho motsoali e ea ho ngoana.
Ba bang ba khahloa ke oache e itšebetsang ka lebaka la ho rarahana ha eona ka hare le ho nepa ha eona ho bontšeng boitsebiso ba nako e sebelisa mabili a manyenyane haholo le liporing. Hape, kaha litšetsoana tsena li ka etsoa ka letsoho, li ka utloisisoa ’me tsa lokisoa ke setei sa lioache se inehetseng.
Ho fapana le mechine e mengata, ho lebeletsoe hore lioache li sebetse bosiu le motšehare ka lilemo-lemo. Ho feta moo, lioache tsa letsoho li lokela ho sebetsa tlas’a lithempereichara tse sa tšoaneng le maemong ’ohle a ka nahanoang, esita leha ho tsamauoa ka tsela e sa tloaelehang, empa ho ntse ho lebeletsoe hore e be nakong. Oache e bang pele kapa morao nakong ka metsotsoana e sa feteng 20 ka letsatsi e tsoa nakong feela ka liphesente tse 0.023, e leng ho sebetsa hantle ho lebeletsoeng sesebelisoeng se tšoeroeng hantle sa litsebi tsa saense. Hase feela batho ba bangata ba ratang ho bokella tsebo, bohlale le boqapi tse fumanehang lioacheng tsa letsoho tse itšebetsang!
Ha ho pelaelo hore ho na le mabaka a mang a amehang. Michael ea boletsoeng pejana, o hlalosa hore batho ba bang ba mpa feela ba qoba taba ea ho lula ba chencha libeteri joalokaha tse ngata tsa li-quartz li felloa ke beteri. Ka hona, u ka thusoa ke eng ho etsa qeto ea hore na u tla roala oache ea mofuta ofe?
U Tla Khetha Efe?
Ha ho potang hore u batla oache e ntle e u khahlang. Ho ba bangata, seo se bolela hore ba batla oache e sa sebetseng feela, empa le e shebahalang hantle. Ho phaella moo, Michael o khothalletsa hore u nahane ka seo u se lebeletseng oacheng. Na u tla e roala letsatsi lohle kamehla kapa ka linako tse itseng feela tse khethehileng? Na e tla thulana le mathata kapa e be tlas’a mocheso o feteletseng? Ka mohlala, ho pepesehela lik’hemik’haleng kapa metsing a leoatle kamehla ho ka senya marapo le likoahelo tse ling. Ka hona, ke bohlale ho nahanela lintlha tsena.
Tabeng ea litšenyehelo, ke habohlokoa ho ipehela sekepele sa hore na u batla ho sebelisa bokae ’me u eme ho sona. Ka tloaelo, lioache tse itšebetsang li bitsa chelete e ngata ho feta tsa li-quartz. Leha ho le joalo, hopola hore lioache tse ngata tse sa tšoaneng li sebetsa ka tsela e tšoanang. Oache e tsamaea ka hare ’me e fana ka nako. Ka kakaretso, lioache tsena li qaptjoa le ho hahoa hantle. Hangata theko e ka ’na ea fapana ka lebaka la lintho tse sa tsamaiseng oache, tse kang sekoahelo sa eona kapa lerapo. Ka hona, hase kamehla litheko tse phahameng li bolelang hore oache eo e sebetsa ka nepo haholoanyane kapa e tšepahala haholoanyane.—Bona lebokose le ka holimo.
Ha u roetse oache letsohong, ho bonolo ho sheba nako u sa tsilatsile. Ho tseba ho itseng ka ho qaptjoa ha lioache tsa letsoho ho ka u thusa hore u ananele sesebelisoa sena se molemo. Etsoe, na ha u ke u ikutloa eka u lahlehile ha u sa roala oache?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Li sebelisa ho thothomela ho fumana maqhubu, lioache tse sebelisang matla a athomo li lula li le nakong e nepahetseng.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 24]
KE EFE E HLILENG E U LOKETSENG?
MOFUTA: Kofuto e sebelisetsoang ho metha nako ka ho siea-sieana ha eona, e leng e loketseng haholo haeba u batla ho metha hore na ketsahalo e itseng e nka nako e kae. Bakeng sa lipapali, ho molemo ho roala oache e sa keneleng metsi. Haeba u e-na le bothata ba ho lebala ho oaenta oache, hopola hore oache ea quartz ha e hloke ho oaentoa. Ho joalo le ka oache e itšebetsang e ioaentang ka boeona, kapa ea othomathike, e oaentoang ke ha letsoho la motho ea e roetseng le ntse le sisinyeha.
HO TŠOARA NAKO: Haeba u nka hona e le ntho ea bohlokoa, u ka ’na ua nahanela oache e tšoarang nako ka tsela e phahameng e ipakileng e boloka nako ka ho feletseng. Habohlokoa le ho feta, theknoloji ea li-quartz e fana ka nako e nepahetseng haholoanyane. Oache ea mehleng ea kajeno e itšebetsang e tsamaeang ka lebelo le leholo, e otlang ka makhetlo a 28 800 ka hora, e sebetsa ka ho sisinyeha ka makhetlo a mane ka motsotsoana. Bapisa seo le oache e tloaelehileng ea quartz e sisinyehang ka makhetlo a pakeng tsa a 10 000 le a 100 000 ka motsotsoana!
SE BONOANG: Oache e panya-panyang e sebelisa lipalo, kapa linomoro, ho bontša nako; ha oache ea mofuta o mong e sebelisa manaka a potolohang. Oache e panya-panyang e ka hlahisa boitsebiso, bo kang deiti, alamo, nako ea libaka tse ling le tsela ea ho metha nako. Ha e nang le manaka e bontša nako ka tsela e bonolo ’me e utloisisoa kapele, ka ho qekotsa manaka feela.
TLHOKOMELO: Kaha oache e itšebetsang e tsamaisoa ke seporing se matla, ha ho bonolo hore e emisoe ke lerole kapa litšila tse itseng joaloka oache ea quartz. Leha ho le joalo, hore e boloke nako e sa u tšoenye, oache e itšebetsang ho hlokahala hore e hloekisoe nako le nako ho feta oache ea quartz. Kaha ha li na likarolo tse tsamaeang, lioache tsa li-quartz tse panya-panyang ha li hloke tlhokomelo ho hang, haese ho chenchoa beteri feela.
[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 17]
TSE LING TSA LIOACHE TSA LETSOHO TSE TSEBAHALANG
◼ 1810-12
Oache ea pele ea letsoho e ileng ea ngoloa fatše e le bopaki, Abraham-Louis Breguet
◼ 1945
Letsatsi le bontšitsoe oacheng, Rolex
◼ 1957
Oache ea letsoho ea elektronike, Hamilton Watch Company
◼ 1960
E sebetsa ka elektronike ho boloka nako, Bulova
◼ 1972
Oache ea letsoho e panya-panyang e sebelisang elektronike, Hamilton Watch Company
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Second and fourth photos: Courtesy of Hamilton Watches
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 17]
OMEGA