Na Likoluoa tsa Tlhaho li Ntse li Eketseha?
“Ho ka lebelloa hore maemo a feteletseng a bakiloeng ke ho fetoha ha boemo ba leholimo ho tla ba le liphello tse tšabehang nakong e tlang. Sena se bolela hore re lokela ho lebella likotsi tsa mofuta o mocha tse bakoang ke boemo ba leholimo hammoho le tšenyehelo e khōlō eo li ka e bakang. . . . Kaha re lokela ho ba hlokolosi, e tla ba bohlale hore re itokisetse liphetoho tse khōlō.”—“TOPICS GEO—ANNUAL REVIEW: NATURAL CATASTROPHES 2003.”
LIKAROLO tse ling tsa Europe li bile le leqhubu la mocheso lehlabuleng la 2003. Lithemphereichara tse phahameng li tlatselitse ho shoeng ha batho ba ka bang 30 000 Belgium, Brithani, Fora, Italy, Netherlands, Portugal le Spain. Leqhubu la mocheso la pele ho lipula tsa litloebelele Bangladesh, India le Pakistan le bolaile batho ba 1 500, ha komello le mocheso oo ho seng o lekanang le oona Australia li ile tsa baka mollo o ileng oa chesa sebaka sa lihekthere tse fetang limilione tse tharo.
Ho latela Mokhatlo oa Lefatše oa Saense ea Boemo ba Leholimo, “maholiotsoaneng a bileng teng Atlantic ka 2003, ho bile le lifefo tse 16 tse ileng tsa rehoa mabitso, e leng palo e phahametseng hōle karolelano ea 9,8 ea selemong sa 1944-1996, empa e ntse e tsamaisana le keketseho e neng e se e ntse e lebeletsoe palong ea selemo le selemo ea mokhoa o tsitsitseng oo li etsahalang ka oona libakeng tsa litropike ho tloha bohareng ba bo-1990.” Mokhoa oo o ile oa tsoela pele selemong sa 2004, se ileng sa e-ba le maholiotsoana a senyang ka ho fetisisa Caribbean le Gulf of Mexico, moo a ileng a feta ka bophelo ba batho ba ka bang 2 000 ’me a siea mophula oa tšenyo feela.
Ka 2003, Sri Lanka e ile ea otloa ke leholiotsoana le ileng la baka meroallo e tšabehang, e ileng ea bolaea batho ba ka bang 250. Ka 2004, ka bophirimela ho Pacific bonyane ho ile ha tlalehoa maholiotsoana a ka bang 23. Japane e ile ea e-ba le a leshome a ’ona, moo a bakileng tšenyo e khōlō ’me a bolaea batho ba fetang 170. Meroallo e bakiloeng ke lipula tsa litloebelele e ile ea ama batho ba ka bang limilione tse 30 Asia Boroa, haholo-holo Bangladesh. Ba limilione ba ile ba sala lepalapaleng, ha ba ka bang limilione tse tharo ba ile ba tlameha ho baleha mahabona, ’me ha shoa ba fetang 1 300.
Ho bile le ho reketla ho hoholo ha lefatše ka makhetlo a ’maloa ka 2003. Ka la 21 May, Algiers, Algeria, ho reketla ha lefatše ho ile ha ntša batho ba 10 000 likotsi ’me ha siea ba 200 000 ba se na matlo. Ka 5:26 hoseng ka la 26 December, lefatše le ile la reketla lik’hilomithara tse robeli ka boroa ho motse o moholo oa Bam, Iran. Tšisinyeho ea boholo ba 6,5 e ile ea senya liphesente tse 70 tsa motse oo, ea bolaea batho ba 40 000—karolo e le ’ngoe borarong ea baahi—’me ea siea batho ba fetang 100 000 ba se na mahae. Selemong seo e bile eona koluoa ea tlhaho e bolaileng batho ka ho fetisisa. Hape e ile ea silakanya boholo ba qhobosheane ea Bam e lilemo li 2 000, e bitsoang Arg-e-Bam, ea senya libaka tsa bohlokoa moruong tse hapang bahahlauli.
Ka nako e tšoanang hantle selemo hamorao, tšisinyeho ea boholo ba 9,0 e ile ea e-ba teng haufi le lebōpo le ka bophirimela la Sumatra ka leboea, Indonesia, ea baka lifefo tsa tsunami tse ileng tsa bolaea ho feta tse kileng tsa e-ba teng historing. Maqhubu ao a bolaeang a fetile ka bophelo ba batho ba ka bang 200 000 ’me ea siea ba bangata ba tsoile likotsi ba bile ba se na mahae. Esita le lebōpo le ka bochabela Afrika, lik’hilomithara tse ka bang 4 500 kapa ho feta, ka bophirimela ho khubu ea tšisinyeho ena le ile la angoa ke tsunami ena e bolaeang.
Na re Lokela ho Lebella ho Hobe le ho Feta?
Na liketsahalo tse tšabehang joalo ke selelekela sa se tlang? Mabapi le likoluoa tse amanang le boemo ba leholimo, litsebi tse ngata tsa saense li lumela hore liphetoho tse bakiloeng ke batho sepakapakeng li fetola tlelaemete ea lefatše ’me li tlatsetsa boemong ba leholimo bo feteletseng. Haeba ke ’nete, ponelo-pele ena ha e lupe bokamoso bo botle. Ho phaella kotsing e seng e ntse e le teng, batho ba eketsehileng hona joale ba phela libakeng tse ka ’nang tsa angoa ke likoluoa hobane ba khethile ho lula moo kapa hobane ba se na boikhethelo.
Lipalo-palo li bontša hore mafu ’ohle a etsang liphesente tse 95 a amanang le likoluoa a etsahala linaheng tse ntseng li hōla moruong. Ka lehlakoreng le leng, lichabeng tse ruileng, batho ha ba shoe ka bongata empa li lahleheloa ke moruo ka liphesente tse 75. Lik’hamphani tse ling tsa inshorense li bile lia ipotsa hore na indasteri ea tsona e tla lula e ntse e khona ho lefa tahlehelo ena e ntseng e phahama.
Sehloohong se latelang, re tla hlahloba tse ling tsa lintho tsa tlhaho tse lebisang likoluoeng le litsela tseo ka tsona batho ba ka phaellang hore li mpefale. Hape re tla hlahloba hore na batho ba na le matla le takatso ea ho tlisa liphetoho tse hlokahalang ho etsa hore lefatše lena e be lehae le sireletsehileng bakeng sa meloko e tlang.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Leqhubu la mocheso Lehlabuleng la 2003 FORA, Europe, le bolaile batho ba 30 000; Spain e bile mocheso o fihlang ho 44,8°C.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Alfred/EPA/Sipa Press
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Tšisinyeho ea Lefatše ea 2003 IRAN, Bam, e bolaea batho ba 40 000; basali ba llela beng ka bona lebitleng la batho ba bangata
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Background and women: © Tim Dirven/Panos Pictures