Ke Ithutile ho Tšepa Molimo
JOALOKAHA HO BOLETSE ELLA TOOM
LELAPA leso le ne le lula haufi le motsana oa Otepää, o karolong e ka boroa ea Estonia, lik’hilomithara tse ka bang 60 ho tloha moeling oa Russia. Ntoa ea II ea Lefatše e ne e le mothating oa ho lala ka October 1944, likhoeli tse seng kae ka mor’a hore ke qete lithuto tsa ka sekolong se phahameng. Ha lebotho la Russia le chechisetsa Majeremane morao ’me a feta le Estonia, re ile ra ipata ka morung le baahisani ba bang ba rōna ba ka bang 20 hammoho le mehlape ea rōna.
Re ile ra qabelloa ke ntoa ka likhoeli tse peli, libomo li qhoma hohle ho re potoloha. Re ne re lula fatše hammoho, ebe ke bala likarolo tse ling tsa Bibele, haholo-holo ho tloha ho Lillo Tsa Jeremia. Ke ne ke qala ho bala Bibele. Ka letsatsi le leng ke ile ka hloella leralleng le phahameng, ka khumama, ’me ka rapela ka re, “Ha ntoa e lala, ke tšepisa ho ea kerekeng Sontaha se seng le se seng.”
Ka mor’a nakoana ntoa e ile ea loaneloa ka bophirimela. Qetellong Jeremane e ile ea inehela ka May 1945, ’me Ntoa ea II ea Lefatše ea lala Europe. Ke ile ka fela ka phethahatsa tšepiso ea ka ho Molimo, ka ea kerekeng beke e ’ngoe le e ’ngoe. Empa ho ne ho ea basali ba seng bakae feela ba hōlileng. Ke ne ke hlajoa ke lihlong ho ea moo. Ha motho a ne a fihla ka tšohanyetso lapeng heso, ke ne ke pata Bibele ka tlas’a tafole.
Ka mor’a nakoana ke ile ka fumana mosebetsi oa botichere sekolong se seng sa moo. Ka nako eo, ho ne ho busa Makomonisi ’me batho ba bangata ba latola boteng ba Molimo. Leha ho le joalo, ke ile ka hana ho kena Mokheng oa Makomonisi. Ke ile ka iphathahanya ka mesebetsi e mengata ea sechaba, e kang ho hlophisetsa bana tantši ea ’mino oa setso.
Kamoo ke Ileng ka Kopana le Lipaki Kateng
Bana ba ne ba hloka liaparo tseo ba li aparang ha ba le sethaleng, kahoo ka April 1945, ka ea ho Emilie Sannamees, serōki se hloahloa sa liaparo. Ke ne ke sa tsebe hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. O ile a mpotsa, “U nahana’ng ka boemo ba lefatše?” Kaha ho ne ho tšoeroe seboka se buang ka khotso San Francisco, U.S.A., ke ile ka re, “’Muso ona o haufi le ho tloha tseleng, ebile ke kholisehile hore seboka seo se buang ka khotso se tšoaretsoe ho o tlosa tseleng.”
Emilie o ile a re seboka seo sa khotso ha se na ho hlahisa molemo o tšoarellang, a ba a ithaopela ho mpontša lebaka la seo ka Bibeleng. Ka nako eo ke ne ke sa ikemisetsa ho mamela mosali eo ea ipotlileng, ea seng a tiile lilemong, kahoo pele ke tsamaea o ile a mpotsa, “Na ua tseba hore na Molimo o ne a rerile hore Adama le Eva ba phele hokae?” Kaha ke ile ka sitoa ho araba potso eo, o ile a re, “U botse ntate oa hao.”
Ha ke fihla hae ke ile ka botsa Ntate. O ile a sitoa ho araba a ba a re ha rea lokela ho tšoenyeha ka ho ithuta Bibele; sohle seo re lokelang ho se etsa ke ho lumela feela. Ha ke se ke il’o lata liaparo, ke ile ka mo bolella hore Ntate o sitiloe ho araba potso ea hae. Eena le ausi oa hae ba ile ba ntša Libibele tsa bona ba mpalla litaelo tseo Molimo a neng a li file Adama le Eva—ha a ba laela hore ba hlokomele serapa seo ba neng ba lula ho sona le hore ba phele moo ka thabo ka ho sa feleng. Ba ile ba mpontša ka Bibeleng hore morero oa Molimo e ne e le hore Adama le Eva ba be le bana le hore ba atolose lehae la bona la Paradeise hore le namele lefatšeng lohle. Ke ile ka hlolloa ke bopaki boo ba Mangolo!—Genese 1:28; 2:8, 9, 15; Pesaleme ea 37:29; Esaia 45:18; Tšenolo 21:3, 4.
Ke ea Sebokeng sa Bokreste ka Lekhetlo la Pele
Kaha lehlabuleng leo ke ne ke lokela ho ea thupelong ea matichere e neng e tla nka likhoeli tse tharo motseng oa Tartu, Emilie o ile a mpha aterese ea Paki e ’ngoe e lulang motseng oo. O ile a mpha le buka ea Creation, e ileng ea nkhahla ka tsela eo e hlalosang linnete tsa motheo tsa Bibele ka ho hlaka ka eona. Kahoo ka la 4 August, 1945, ke ile ka ea atereseng eo ke e fuoeng.
Kaha ho ne ho se motho ea arabang, ke ile ka kokota hape ka matla hoo moahelani e mong a ileng a hlaha monyako ’me a mpha aterese e ’ngoe eo nka lekang ho eona—56 Salme Street. Ha ke fihla moo ke ile ka botsa mosali e mong ea neng a ntse a ebola litapole moo a sebeletsang teng, ka re, “Na moo ke hona moo ho tšoareloang seboka sa bolumeli teng?” O ile a re ka bohale ke tsamaee, ha ba ntlhoke moo. Kaha ke ile ka qophella, o ile a re ke hloe ka litepisi ke ee sehlopheng sa thuto ea Bibele mokatong o ka holimo. Ka mor’a nakoana ho ile ha nkoa khefu ea lijo tsa motšehare, ke se ke bile ke re kea tsamaea. Empa ba bang ba mphehella hore ke lule.
Ha ke ntse ke qamaka nakong ea khefu ea motšehare, ke ile ka bona bahlankana ba bang ba babeli, ba neng ba pulufetse ba bile ba le basesaane ka tsela e sa tloaelehang, ba lutse haufi le fensetere. Hamorao ke ile ka utloa hore ba qetile nako e fetang selemo ba ipatile libakeng tse sa tšoaneng nakong ea ntoa e le hore ba qobe ho tšoaroa.a Lenaneong la thapama, Friedrich Altpere o ile a sebelisa lentsoe “Armagedone” puong ea hae. Kaha ke ne ke qala ho utloa lentsoe leo, ke ile ka mo botsa ka lona ha ho qetoa, ’me a mpontša lona ka Bibeleng. (Tšenolo 16:16) Ha a bona hore ke maketse, le eena a makala hore ha ke le tsebe.
Eaba joale ke hona ke hlakeloang hore seboka seo se ne se hlophiselitsoe Lipaki tse tsejoang feela tse bileng li tšeptjoang. Ha nako e ntse e ea ke ile ka utloa hore e ne e bile e le seboka sa pele seo li ileng tsa se tšoara ka mor’a ntoa! Ho tloha mohlang oo, ke ile ka hlokomela hore ho hlokahala hore motho a tšepe Molimo. (Liproverbia 3:5, 6) Selemo hamorao, ka August 1946, ha ke le lilemo li 20, ke ile ka kolobetsoa e le ha ke bonahatsa hore ke inehetse ho Molimo oa ’nete, Jehova.
Ho Sebetsana le Khanyetso ka Lapeng
’Muso o ile oa tsitlella hore likolong ho rutoe hore Molimo ha a eo, e leng se ileng sa leka letsoalo la ka le koetlisitsoeng ka Bibele. Ke ne ke batla ho tlohela mosebetsi oo ke batle o mong. Ha ke bolella ’Mè seo, o ile a ntlhasela ka bohale, a ntlhotha le moriri. Ke ile ka etsa qeto ea ho tloha lapeng. Empa Ntate a nkhothalletsa hore ke ikokobetse, a bile a re o tla nthusa.
Khaitseli ea ka Ants e ile ea tlatsa ’Mè ho nkhanyetseng. Ka le leng khaitseli ea ka e ile ea nkōpa lingoliloeng tse itseng, tseo e ileng ea li bala ’me ea li thabela haholo. ’Mè o ile a loloma ke bohale. Ants o ne a se a bile a qalile ho bua le ba bang ka Molimo sekolong, empa a khaotsa ho kopanela le Lipaki ha a hlorisoa. Nakoana ka mor’a moo, o ile a lemala ha a otla ka hlooho fatše nakong eo a neng a ikakhela ka metsing. O ile a shoa litho ’me a robala setrechareng, empa kelello eona e ntse e tšoara hantle. O ile a botsa, “Na ebe Jehova o tla ntšoarela tjee?” Ke ile ka re, “E, o tla u tšoarela.” Ants o ile a hlokahala matsatsi a se makae hamorao. O ne a le lilemo li 17 feela.
Ka September 1947, ke ile ka tlohela mosebetsi oa ho ruta sekolong. ’Mè o ne a ntse a nkoatetse. Eitse ha a lahlela liaparo tsohle tsa ka ntle, ka tloha hae ’me Emilie le ausi oa hae ba mpha bolulo. Ho nkhopotsa ha bona hore Jehova ha a lahle bahlanka ba hae le ka mohla, ho ile ha nkhothatsa.
Liteko Tsa ka Mor’a Ntoa Estonia
Emilie le ausi oa hae ba ile ba lumela hore ke rōke le bona ha ba rōkela malapa a lulang mapolasing. Re ne re atisa ho buisana ka linnete tsa Bibele le malapa ao. Ho ne ho le monate ka nako eo, kaha ke ne ke ithuta ho rōka ke bile ke fumana phihlelo e eketsehileng tšebeletsong ea Bokreste. Ntle le ho rōka, ke ile ka boela ka fumana mosebetsi oa ho ruta thuto ea lipalo. Leha ho le joalo, ka 1948, ba boholong ba ile ba qala ho tšoara Lipaki.
Ka October, selemong se latelang seo ha ke ntse ke sebetsa polasing e ’ngoe ke ile ka utloa hore ba boholong ba ile ha Emilie le ausi oa hae ho ea ntšoara. Ha ke balehela polasing ea Mor’abo rōna Hugo Susi, ka fumana hore le eena o sa tsoa tšoaroa. Mosali e mong eo ke neng nkile ka mo rōkela o ile a re ke lule le eena. Ha nako e ntse e ea ke ile ka tloha polasing e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, ke rōka ke bile ke tsoela pele ka mosebetsi oa boboleli.
Ha mariha a kena, Komiti ea Tšireletso Naheng ea Soviet Union (KGB) e ile ea qetella e mphumane Tartu, ha Linda Mettig, mocha e mong oa Paki ea neng a le moholoanyane ho ’na ka lilemo tse seng kae. Ke ile ka tšoaroa ’me ka hlongoa lipotso. Ke ile ka ikutloa ke theotsoe seriti ha ke qobelloa ho hlobola liaparo tsohle tseo ke neng ke li apere ’me ke sale ke le feela ka pel’a mapolesa a ntseng a le macha lilemong a ntonetseng mahlo. Empa ke ile ka apareloa ke khotso le khutso ha ke qeta ho rapela Jehova.
Ka mor’a moo, ke ile ka koalloa ka seleng e nyenyane hoo ho neng ho se na le sebaka sa ho paqama feela. Ke ne ke tsoa ka moo feela ha ke il’o hlongoa lipotso. Liofisiri li ne li atisa ho re: “Ha re re u latole hore Molimo o teng. Re mpa re re u khaotse boboleli bona ba hao bo se nang kelello! U ka ba le bokamoso bo atlehileng.” Ba ntan’o sokela ka ho re: “Na u batla ho phela? Kapa u batla ho shoella masimong a Siberia le Molimo eo oa hao?”
Ke ile ka qeta matsatsi a mararo ke haneloa ho robala ha ke ntse ke hlongoa lipotso khafetsa. Ho thuisa ka melao-motheo ea Bibele ho ile ha nthusa ho mamella. Qetellong, motho ea ntlhomang lipotso o ile a re ke saene tokomane e reng ha ke sa tla hlola ke paka. Ke ile ka re: “Ke nahanisisitse ka taba ena, ’me ke khetha ho lula teronkong ke bolokile kamano ea ka le Molimo e le ntle, ho e-na le ho lokoloha empa Molimo a sa nkamohele.” Ha motho ea ntseng a ntlhoma lipotso a utloa seo a kharuma, a re: “Leoatla tooe! Kaofela ha lōna le tl’o tšoaroa le isoe Siberia koana!”
Ke Lokolloa ke sa Lebella
Ke ile ka makala ha ho elella ka khitla, batho ba ntseng ba ntlhoma lipotso ba re ke phuthe mehasoana ea ka ke tsamaee. Kaha ke ne ke tseba hore mapolesa a tl’o ntšala morao, ha ke ea ka ka ea malapeng a Bakreste-’moho le ’na kaha seo e ne e tla ba ho ba rekisa. Ha ke ntse ke tsoelipana le literata, ho ile ha fela ha e-ba le banna ba bararo ba ntšetseng morao. Ke ile ka rapela Jehova hore a ntataise, eaba ke thinyetsa seterateng se seng se lefifi ’me ka mathela ka serapeng se seng moo. Ke ile ka fihla ka paqama fatše ka ikhurumetsa ka makala. Ke ne ke utloa ha banna bao ba hata, ke bile ke bona khanya ea litoche tsa bona.
Ho ile ha feta lihora ke ntse ke le moo masapo a se a bile a shoa bohatsu ke serame. Qetellong ke ile ka tsamaea ke iphaphathile ka literata tse katiloeng ka majoe ke tšoere lieta ka letsoho ho pata mohoasa. Ha ke tloha motseng moo, ke ile ka tsamaea ka forong e ka thōko ho tsela e khōlō. Ha koloi e tla, ke ne ke paqama fatše. Ka hora ea bohlano hoseng, ke ile ka fihla ha Jüri le Meeta Toomel, ba lulang haufi le Tartu.
Hang ha ke fihla Meeta a futhumatsa sauna e le hore ke iphuthumatse. Ka le hlahlamang o ile a ea Tartu ho Linda Mettig. Linda o ile a nkhothatsa a re, “A re hle re qalelle esale joale ho ea paka re be re koahele Estonia ena eohle ka litaba tse molemo.” Ke ile ka ikhakanya ka hore ke fetole tsela eo ke lokisitseng moriri ka eona, ka itlotsa ho se hokae ka litlolo, ka kenya le likhalase tsa mahlo, ra ntan’o qalisa boboleli ba rōna. Re ile ra qeta likhoeli tse latelang re ea libakeng tse hōle ka baesekele. Tseleng mona re ne re tsamaea re khothatsa balumeli-’moho le rōna ba lulang mapolasing.
Lipaki li ile tsa hlophisetsa ho tšoarela kopano ka molikong oa furu ha seithuti se seng sa Bibele haufi le Otepää, ka la 24 July, 1950. Ha re utloa hore KGB e utloetse ka kopano eo, re ile ra khona ho lemosa Lipaki tse ngata tse neng li le tseleng e eang moo. Ho ile ha hlophisetsoa hore e tšoareloe sebakeng se seng ka le hlahlamang, ’me ha e-ba teng batho ba ka bang 115. Bohle ba ile ba khutlela hae ba thabile ba bile ba ikemiselitse ho feta leha e le neng pele ho lula ba tšepahala har’a liteko.b
Ka mor’a moo, ’na le Linda re ile ra tsoela pele ho bolela le ho khothatsa Bakreste-’moho le rōna. Hamorao selemong sona seo re ile ra kena letsemeng le kotulang litapole ’me ra buisana le basebetsi-’moho le rōna ka molaetsa oa ’Muso. Rapolasi e mong ea ileng a qeta hora a eme a mametse, o ile a re, “Hase kamehla motho a utloang litaba tse kang tsena!”
’Na le Linda re ile ra khutlela Tartu, moo re ileng ra utloa hore Lipaki tse ling tse eketsehileng li tšoeroe, ho akarelletsa ’mè oa Linda. Metsoalle ea rōna e mengata e ne e tšoeroe, ho akarelletsa Emilie le ausi oa hae. Kaha re ne re tseba hore KGB e mohlaleng oa rōna, re ile ra batla libaesekele tse peli eaba re tsoela pele ka boboleli mathōkong a Tartu. Bosiung bo bong KGB e ile ea mphumana ke le ha Alma Vardja, Paki e neng e sa tsoa kolobetsoa. Lehlahana le leng la KGB ha le hlahloba phasepoto ea ka, le ile la hooa la re: “Ella! Ke neng re u batla!” E ne e le ka la 27 December, 1950.
Ho Koalloa Teronkong le ho Isoa Siberia
’Na le Alma re ile ra paka lintho tse seng kae re khobile matšoafo, ra ntan’o lula fatše ra tšehetsa ka maleng. Mahlahana a KGB a ile a makala ’me a re, “Ha le lle le ho lla. Le ituletse feela tjee lea ja.” Ra a araba ra re, “Re ea kabelong e ncha, ’me ha re tsebe hore na re tla fumana lijo neng hape.” Ke ile ka nka kobo eo hamorao ke ileng ka etsa likausi le litlelafo tse mofuthu ka eona. Ka mor’a likhoeli tse itseng ke le teronkong, ke ile ka lelekoa naheng ea Estonia ka August 1951, hammoho le Lipaki tse ling tsa moo.c
Ho tloha Estonia re ile ra tsamaea ka terene ra isoa Leningrad (eo e seng e le St. Petersburg), Russia, ’me ho tloha moo ra isoa likampong tse tummeng hampe tsa mosebetsi o boima Vorkuta, Komi, ka holimo ho Arctic Circle. Sehlopheng sa rōna ho ne ho e-na le Lipaki tse tharo. Ke ne ke ithutile Serussia sekolong ke bile ke qalile ho ikhopotsa sona ha ke tšoaroa. Kahoo ke fihlile likampong moo ke khona ho bua Serussia hantle.
Ha re le Vorkuta re ile ra kopana le moroetsana e mong oa Ukraine eo e bileng Paki a le kampong ea mahloriso ea Manazi, Poland. Ka 1945 eena le Lipaki tse ling tse 14 ba ile ba kenngoa sekepeng seo Majeremane a neng a rerile ho se tebisa Leoatleng la Baltic. Empa sekepe seo se ile sa khona ho fihla Denmark. O ile a tšoaroa a ntse a etsa boboleli ha a se a khutletse Russia, ’me a tlisoa Vorkuta, moo e bileng khothatso e matla ho rōna.
Re ile ra boela ra kopana le basali ba bang ba babeli, ba ileng ba botsa ka Seukraine, ba re, “Ke mang moo eo e leng Paki ea Jehova?” Ra hla ra bona li sa tloha feela hore bana ke baralib’abo rōna ba Bakreste! Ba ile ba re khothatsa le ho re hlokomela ka lintho tseo re li hlokang. Batšoaruoa ba bang ba ile ba re ekare ke ba habo rōna ba neng ba ntse ba emetse hore re fihle.
Ke Isoa Likampong Tsa Mordovia
Ha ka December 1951 tlhahlobo ea bongaka e senola hore ke na le bothata ba litšoelesa tsa qoqotho, ke ile ka isoa teronkong e khōlō ea Mordovia e lik’hilomithara tse ka bang 1 500 ka boroa-bophirimela ho tloha ho eo ke neng ke le ho eona, ’me e le lik’hilomithara tse ka bang 400 ka boroa-bochabela ho Moscow. Lilemong tse ileng tsa latela, ke ile ka kopana le Lipaki tsa Jeremane, tsa Hungary, tsa Poland le tsa Ukraine literonkong tsa basali tseo ke ileng ka koalloa ho tsona. Ke ile ka ba ka kopana le motšoaruoa e mong oa lipolotiki ea tsoang Estonia ea bitsoang Maimu.
Maimu o ile a ba le ngoana a le teronkong Estonia, ’me molebeli e mong ea mosa a fa ’mè oa Maimu ngoana eo. Re ile ra ithuta Bibele le Maimu ha re ntse re le teronkong Mordovia, ’me a amohela seo a ithutang sona. O ile a ngolla ’mè oa hae, eo le eena a ileng a amohela linnete tsa Bibele a ba a li ruta moralinyana oa Maimu ea bitsoang Karin. Maimu o ile a lokolloa teronkong ka mor’a lilemo tse tšeletseng ’me a boela a kopana le ngoana oa hae. Ha Karin a se a hōlile, o ile a nyaloa ke Paki e ’ngoe. Karin le monna oa hae ba se ba qetile lilemo tse 11 ba sebeletsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Tallinn, Estonia.
Teronkong e khōlō ea Mordovia, ho ne ho e-na le karolo e bitsoang lihoko. E ne e le liahelo tse nyenyane, tse lebetsoeng ka thata tse kampetsoeng ka lebota. Ke ile ka isoa moo le Lipaki tse ling tse tšeletseng ka lebaka la mosebetsi oa rōna oa Bokreste. Empa le ha re se re le moo, re ile ra ’na ra kopitsa lihlooho tsa Molula-Qhooa ka letsoho, tseo re neng re li khutsufatsa ebe re li romella ba likampong tse ling tse haufi. Tsela e ’ngoe eo re neng re e sebelisa e ne e le ea ho fata sesepa ebe re kenya sehlooho se itseng re ntan’o se kata.
Lilemo tseo ke li qetileng ke le teronkong Mordovia, ke khonne ho thusa batho ba fetang leshome ho nka khato ea ho sebeletsa Molimo. Qetellong, ka la 4 May, 1956, ho ile ha thoe ho ’na, “U lokolohile ho ikela le ho lumela ho Molimo oa hao, Jehova.” Ke ile ka khutlela hae Estonia khoeling eona eo.
Ke Lilemo Tse ka Bang 50 ke Khutletse Hae
Ke ne ke sa sebetse, ke se na chelete, ho se na le moo ke lulang teng. Empa matsatsinyana ke le moo, ke ile ka kopana le mosali e mong ea ileng a bontša ho thahasella lithuto tsa Bibele. O ile a re ke lule le bona foleteng ea hae le monna oa hae e nang le kamore e le ’ngoe feela. Ke ile ka reka ulu ka chelete eo ke neng ke e alimile eaba ke loha lijesi, tseo ke ileng ka li rekisa ka ’marakeng. Ha nako e ntse e ea ke ile ka fumana mosebetsi Sepetleleng sa Bakuli ba Kankere Tartu, moo ke sebelitseng teng ka lilemo tse supileng ke etsa mesebetsi e sa tšoaneng. Nakong eo, Lembit Toom ea neng a isitsoe Siberia le eena ha a lelekoa naheng o ile a khutla, ’me ra nyalana ka November 1957.
KGB e ne e ntse e re behile leihlo, ’me re lula re hobosoa, kaha mosebetsi oa rōna oa boboleli o ne o ntse o thibetsoe. Leha ho le joalo, re ne re etsa sohle se matleng a rōna ho buisana le ba bang ka seo re se lumelang. Lembit o hlalositse se neng se etsahala bophelong ba rōna ka nako eo tokollong ea Tsoha! (ea Senyesemane) ea February 22, 1999. Lipaki tse neng li lelekiloe naheng li ile tsa khutlela hae ho tloha mafelong a bo-1950 ho fihlela lilemong tsa bo-1970. Ho elella ka 1990, ho ne ho e-na le Lipaki tse fetang 700 Estonia. Ka 1991 mosebetsi oa rōna oa Bokreste o ile oa ngolisoa ka molao, ’me ho tloha nakong eo Lipaki tsa Estonia li se li eketsehile ho ba tse ka holimo ho 4 100!
Hona joale ho se ho fetile lilemo tse fetang 60 ho tloha ha ke ne ke e-ea sebokeng sela sa pele sa sekhukhu sa Lipaki, Estonia, ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše. Haesale ho tloha mohlang oo, ke ile ka ikemisetsa ho latela keletso ea Bibele, ha e re: “Tšepa Jehova ’me u etse se molemo.” Ke hlokometse hore ho latela keletso eo ho etsa hore motho a fumane “tseo pelo ea [hae] e li kōpang.”—Pesaleme ea 37:3, 4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E mong oa banna bao ke Lembit Toom, eo pale ea hae ea bophelo e hlahang tokollong ea Tsoha! (ea Senyesemane) ea February 22, 1999.
b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka kopano ena, bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea February 22, 1999, leqepheng la 12-13.
c Lipaki tse ling tse ngata tsa Estonia, li ne li lelekiloe naheng eo pejana ka April 1951. Bona Tsoha! ea May 8, 2001, leqepheng la 14-16 le video ea Faithful Under Trials—Jehovah’s Witnesses in the Soviet Union.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]
“A re hle re qalelle esale joale ho ea paka re be re koahele Estonia ena eohle ka litaba tse molemo.”—Linda Mettig
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ke na le Lipaki tse ling tse robong teronkong, Mordovia
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ke ’na kajeno le mohats’a ka, Lembit