Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/06 maq. 18-21
  • Michael Servetus—O Ile a Batla ’Nete a le Mong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Michael Servetus—O Ile a Batla ’Nete a le Mong
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Batla ’Nete ea Bolumeli
  • O Batla ’Nete Saenseng
  • Mohanyetsi ea Matla
  • Pula-maliboho oa Tokoloho ea Bolumeli
  • Ba ne ba Rata Bibele
    Lihlooho Tse Ling
  • Lilemo Tse 500 Tsa Thuto ea Calvin—Li Finyeletse Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2006
  • Maikutlo a Babali
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 5/06 maq. 18-21

Michael Servetus—O Ile a Batla ’Nete a le Mong

KA MONGOLI OA TSOHA! SPAIN

Ka la 27 October, 1553, Michael Servetus o ile a chesetsoa thupeng Geneva, Switzerland. Guillaume Farel—ea ileng a phethisa kahlolo eo, ebile e le letsoho la John Calvin—o ile a lemosa bashebelli a re: “[Servetus] ke motho ea bohlale eo ntle ho pelaelo a neng a nahana hore o ruta ’nete, athe o liatleng tsa Diabolose. . . . Le itlhokomele le se ke la etsahalloa ke ntho e tšoanang!” Motho eo oa batho o ne a entse’ng hore a be a bolaoe ka sehlōhō joalo?

MICHAEL SERVETUS o hlahetse motseng oa Villanueva de Sijena, Spain, ka 1511. E bile seithuti se hloahloa ho tloha bonyenyaneng. Mongoli e mong oa lipale tsa bophelo ba batho o re “ha a le lilemo li 14, o ne a se a ithutile Segerike, Selatine le Seheberu, a bile a se a tseba filosofi, thuto ea lipalo le ea bolumeli ka ho pharaletseng.”

Ha Servetus a sa le mocha, Juan de Quintana, ea neng a tataisa Moemphera oa Spain ea bitsoang Charles V litabeng tsa moea, o ile a mo hira hore e be mohlanka oa hae. Ha Servetus a ntse a tsamaea ka mosebetsi, o ile a hlokomela sesosa se ka sehloohong sa karohano ea malumeli Spain, moo Bajuda le Mamosleme a neng a lelekoa naheng kapa a qobelloa ho sokoloha hore e be Mak’hatholike.a

Ha Servetus a le lilemo li 16, o ile a ea ithutela molao Univesithing ea Toulouse, Fora. O ile a qala ho bona Bibele e feletseng ha a ntse a le moo. Le hoja ho bala Bibele ho ne ho thibetsoe ka ho feletseng, Servetus o ile a e bala ka sekhukhu. Ha a qeta ho e bala ka lekhetlo la pele, o ile a ikana hore o tlil’o e bala “ka makhetlo a mang a sekete.” E ka ’na eaba Bibele eo Servetus a neng a ithuta eona ha a le Toulouse ke Bibele ea Compluton e Nang le Lipuo Tse Ngata, e neng e mo lumella hore a bale Mangolo ka lipuo tsa qalong (Seheberu le Segerike) le ka Selatine.b Ha a ntse a ithuta Bibele ’me a bona kamoo baruti ba Spain ba hlephileng kateng boitšoarong, o ile a felloa ke tšepo kerekeng ea K’hatholike.

Lipelaelo tsa Servetus li ile tsa tota le ho feta ha a ile moketeng oa peho ea Charles V setulong. Mopapa Clement VII o ile a hlomamisa morena eo oa Spain e le moemphera oa ’Muso o Halalelang oa Roma. Mopapa ea neng a kakasitsoe a le teroneng ea hae, o ile a amohela morena eo ea ileng a mo aka maoto. Hamorao, Servetus o ile a ngola, a re: “Ke iponetse ka mahlo mopapa a jeroe ke likhosana mahetleng, ka boikhantšo bohle, a tlotloa literateng ke batho ba mo pota-potileng.” Servetus o ne a sa utloisise hore na boikhantšo boo hammoho le tsela e mabothobotho eo a neng a phela ka eona li kopana kae le tsela e itekanetseng e hlalosoang Kosepeleng.

O Batla ’Nete ea Bolumeli

Servetus o ile a tlohela ka bohlale ho sebeletsa Quintana ’me a qala ho batla ’nete a le mong. O ne a lumela hore molaetsa oa Kreste o ne o sa rereloa litsebi tsa thuto ea bolumeli kapa bo-rafilosofi empa hore o ne o reretsoe batho feela ba tloaelehileng ba neng ba tla o utloisisa le ho sebelisa seo ba se bolelloang. Kahoo, o ile a ikemisetsa ho hlahloba se ngotsoeng ka Bibeleng ka lipuo tsa qalong le ho qhela thuto leha e le efe e hananang le Mangolo. Ho thahasellisang ke hore libukeng tsa hae lentsoe “’nete” le mantsoe a mang a amanang le lona le hlaha hangata ho feta lentsoe leha e le lefe le leng.

Ha Servetus a ntse a ithuta histori le Bibele o ile a fihlela qeto ea hore Bokreste bo ile ba silafala lilemong tse makholo a mararo tse qalang tsa Mehla ea rōna e Tloaelehileng. O ile a ithuta hore Constantine le bahlahlami ba hae ba ile ba buella lithuto tsa bohata tse entseng hore qetellong ho amoheloe thuto ea Boraro-bo-bong e le thuto ea bolumeli. Ha Servetus a le lilemo li 20, o ile a hatisa buka e bitsoang On the Errors of the Trinity, e leng se ileng sa mo etsa ’mutla-lintjeng Lekhotleng le Otlang Bakhelohi.

Servetus o ne a utloisisa lintho ka ho hlaka. O ile a ngola, a re: “Ka Bibeleng ha ho na moo ho buuoang teng ka Boraro-bo-bong. . . . Re ithuta Molimo ka Kreste, eseng ka likhopolo tsa rōna tsa boikhohomoso.”c Hape o ile a etsa qeto ea hore moea o halalelang hase motho, ho e-na le hoo ke matla a sebetsang a Molimo.

Servetus o ile a susumelletsa ba bang ho amohela seo. Raliphetoho oa Moprostanta, Sebastian Franck, o ile a ngola, a re: “Pampitšaneng ea hae, Servetus oa Lesepanishe o hatella taba ea hore Molimo ke motho a le mong feela. Kereke ea Roma eona e re ho na le batho ba bararo ba etsang motho a le mong. Ke batla ke lumellana le Lesepanishe leo.” Leha ho le joalo, Kereke ea Roma e K’hatholike le likereke tse ling tsa Prostanta ha lia ka tsa e lala ka ’mele taba ea hore Servetus o hanyetsa thuto ea motheo eo li e rutang.

Ho ithuta ha Servetus Bibele ho ile ha boela ha etsa hore a lahle lithuto tse ling tsa kereke le hore a nke hore ho sebelisa litšoantšo ho khahlanong le Mangolo. Kahoo, ka mor’a selemo le likhoeli tse tšeletseng a hatisitse On the Errors of the Trinity, Servetus o ile a re ka Mak’hatholike le Maprostanta: “Ho na le moo ke lumellanang le ’ona, ho na le moo ke sa lumellaneng le ’ona. Hobane ho ea ka ’na ho bonahala ho e-na le moo a nang le ’nete le moo a nang le liphoso, empa kaofela ha ’ona a bona liphoso tsa ba bang ’me ha a bone tsa ’ona.” O ne a le mong ha a batla ’nete.d

Leha ho le joalo, ho ikemisetsa ha hae ha hoa ka ha thibela Servetus hore a etse liqeto tse itseng tse fosahetseng. Ka mohlala, o ne a hakantse hore Armagedone le Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete li tla qala a ntse a phela.

O Batla ’Nete Saenseng

Servetus ea ileng a tlameha ho baleha bahlorisi ba hae, o ile a itheha lebitso la Villanovanus a ba a fallela Paris, moo a ileng a ithutela lengolo le phahameng ho tsa bonono le tsa bongaka. Ho thahasella ha hae saense ho ile ha etsa hore a qetelle a buoa litopo e le hore a utloisise tsela eo ’mele oa motho o sebetsang ka eona. Kahoo, e ka ’na eaba Servetus e ile ea e-ba eena motho oa pele oa Europe ea ileng a hlalosa tsela eo mali a potolohang ka eona pelong le matšoafong. O ile a ngola seo a se fumaneng bukeng ea hae e reng, The Restitution of Christianity. Servetus o ile a fana ka tlhaloso eo lilemo tse 75 pele William Harvey a hlalosa tsela eo mali a potolohang ka eona ’meleng.

Servetus o ile a boela a ngola khatiso e ncha ea Geography ea Ptolemy. E ile ea atleha hoo ba bang ba ileng ba mo bitsa moqapi oa thuto ea ho bapisa libōpeho tsa libaka le ea ho ithuta litso tsa batho le ho li bapisa. Hamorao ha a le nyeoeng Geneva, Servetus o ile a qosoa ka hore o re Palestina ke naha e fokolang temong le e sa beheng litholoana. Servetus o ile a itšireletsa ka hore o mpa a hlalosa boemo ba eona ba hona joale eseng ba mehleng ea Moshe ha naha eo ntle ho pelaelo e ne e kolla lebese le mahe a linotši.

Servetus o ile a boela a ngola Universal Treatise on Syrups e ileng ea hlahisa pono e ’ngoe e ncha, e leka-lekaneng ka mefuta ea phekolo. Tsebo e batsi ea meriana e fumanoang bukeng eo e ile ea mo etsa pula-maliboho lefapheng la thuto ea saense ea meriana le tšebelisong ea livithamine. Ka lebaka la tsebo eo Servetus a neng a e-na le eona mafapheng a mangata, rahistori e mong o ile a re ke “e mong oa batho ba bohlale ka ho fetisisa historing ea batho, ea kentseng letsoho ho bokelleng boholo ba seo batho ba seng ba se tseba.”

Mohanyetsi ea Matla

Kamehla batho ba batlang ’nete ba na le bahanyetsi ba bangata. (Luka 21:15) Har’a ba bangata ba neng ba hanyetsa Servetus e mong oa bona ke John Calvin, ea neng a thehile puso ea Maprostanta ea bompoli, Geneva. Ho ea ka rahistori Will Durant, Calvin “ea neng a busa ka khatello o ne a sa etse lintho ho latela molao kapa ka sheshe ke feela hore e ne e le motho ea sepheo le ea nang le tšusumetso,” ’me Calvin “joaloka bapapa ba bang bohle o ne a hanela batho ho ikhethela seo ba se lumelang.”

E ka ’na eaba Servetus o ile a kopana le Calvin, Paris, ha e sa le bahlankana ka bobeli. Mali a bona a ile a hanana li sa tloha feela, ’me Calvin ea e-ba sa ntja le phiri le Servetus. Le hoja Calvin a ne a eteletse pele Karohano ea Mak’hatholike le Maprostanta, qetellong o ile a qosa Servetus Lekhotleng la Mak’hatholike le Otlang Bakhelohi. Servetus o ile a atleha ho balehela Fora, moo ho ileng ha etsoa setšoantšo sa hae sa ntan’o chesoa phatlalatsa. Leha ho le joalo, o ile a tsejoa ’me a tšoaroa motseng oa Geneva o moeling, moo eta ho neng ho lla sa Calvin.

Calvin o ile a hlekefetsa Servetus ha a le teronkong. Leha ho le joalo, Servetus o ile a tšepisa hore o tla fetola maikutlo a hae ha a arabela Calvin nyeoeng, haeba mohanyetsi eo oa hae a mo fa mabaka a Mangolo a kholisang. Calvin o ile a sitoa ho fana ka mabaka. Ha nyeoe e fela, Servetus o ile a ahloleloa ho chesoa a le thupeng. Bo-rahistori ba bang ba re Servetus ke eena motho feela ea neng a e-na le maikutlo a fapaneng le a ba bang litabeng tsa bolumeli eo Mak’hatholike a ileng a chesa setšoantšo sa hae ’me Maprostanta ’ona a mo chesa a ntse a phela.

Pula-maliboho oa Tokoloho ea Bolumeli

Le hoja Calvin a ile a hleka sera tseleng, o ile a lahleheloa ke seriti sa ho ba moeta-pele ea behang mohlala o motle oa boitšoaro. Ho bolaoa ha Servetus ka mabaka a sa utloahaleng ho ile ha halefisa batho ba nahanang hohle Europe, ha ba ha fa ba loanelang litokelo tsa botho lebaka le matla la hore ba tsitlelle hore ha ho motho ea lokelang ho bolaeloa tumelo ea hae. Ba ile ba ikemisetsa ka matla le ho feta ho loanela tokoloho ea bolumeli.

Seroki sa Letaliana se bitsoang Camillo Renato, se ile sa ipelaetsa ka ho re: “Molimo ha a tšehetse khato eo esita le moea o halalelang ha o e tšehetse. Kreste o ne a sa tšoare ba sa mo amoheleng ka tsela eo.” Setsebi sa Lefora sa pōpeho ea batho se bitsoang Sébastien Chateillon, se ile sa ngola, sa re: “Ho bolaea motho hase ho sireletsa thuto ea bolumeli, empa ke ho bolaea motho.” Servetus le eena o ile a re: “Ke nka hore ke taba e tebileng ho bolaea batho hobane feela ba hlalosa lintlha tse itseng tsa mangolo hampe, kaha rea tseba hore esita le ba seng bakae ba khethiloeng ba ka ’na ba tsoa lekoteng.”

Ha e bua ka liphello tsa nako e telele tse tlisitsoeng ke ho bolaoa ha Servetus, buka e reng Michael Servetus—Intellectual Giant, Humanist, and Martyr, e re: “Lefu la Servetus le ile la tlisa phetoho e khōlō linthong tseo batho ba li lumelang le tseleng eo ba nahanang ka eona ho tloha lilemong tsa lekholo la bone.” E phaella ka ho re: “Ho latela histori, Servetus o shoele e le hore batho ba be le bolokolohi ba ho etsa seo matsoalo a bona a ba lumellang hore ba se etse e le tokelo ea botho lichabeng tse tsoetseng pele.”

Ka 1908 ho ile ha emisoa seemahale sa Servetus motseng o mong oa Fora o bitsoang Annemasse, lik’hilomithara tse ka bang hlano ho tloha moo a shoetseng teng. Se na le mongolo o reng: “Michel Servet[us], . . . e leng setsebi sa jeokrafi, ngaka, setsebi sa tšebetso ea litho tsa ’mele, o tlatselitse boiketlong ba moloko oa batho ka lintho tsa saense tseo a li sibolotseng, ka ho inehela ha hae ho thuseng ba kulang le ba futsanehileng le ka ho ikemisetsa ha hae ho inahanela a sa laoloe ke batho ba bang a bile a etsa seo letsoalo la hae le mo lumellang hore a se etse. . . . O ne a sa sisinyehe ho seo a se lumelang. O ile a tela bophelo ba hae a sireletsa ’nete.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ba boholong Spain ba ile ba leleka Bajuda ba 120 000 ba ileng ba hana ho ba Mak’hatholike, ’me ba chesa Maarabe le Maafrika a likete thupeng a neng a hapile Spain.

b Bona sehlooho se reng “Complutensian Polyglot—Thuso ea Bohlokoa Phetolelong,” tokollong ea Molula-Qhooa oa April 15, 2004.

c Bukeng ea hae e reng A Statement Regarding Jesus Christ, Servetus o ile a hlalosa thuto ea Boraro-bo-bong e le qaka ebile e ferekanya a ba a bontša hore ha ho letho ka Mangolong le e tšehetsang.

d Ha Servetus a le teronkong, o ile a saena lengolo la hae la ho qetela ka mantsoe a reng: “Michael Servetus, ea mong to! empa a itšepetse Kreste ea fanang ka tšireletso e tšepahalang ka ho fetisisa.”

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 21]

Servetus le Lebitso la Jehova

Ho batla ’nete ha Servetus ho ile ha boela ha etsa hore a sebelise lebitso Jehova. Likhoeli ka mor’a hore William Tyndale a sebelise lebitso lena phetolelong ea hae ea Pentateuch, Servetus o ile a hatisa On the Errors of the Trinity—eo a neng a sebelisitse lebitso Jehova hohle ho eona. O ile a re bukeng eo: “Lebitso le leng, le halalelang ka ho fetisisa, יהוה, . . . le ka hlalosoa e le, . . . ‘O etsa hore ho be,’ ‘ea etsang hore lintho li be teng,’ ‘ea etsang hore ho be teng.’” O ile a re: “Lebitso Jehova le ka sebelisoa feela ka nepo ho Ntate.”

Ka 1542, Servetus o ile a boela a ntlafatsa phetolelo ea Bibele e tummeng ea Selatine ea Santes Pagninus (e bontšitsoeng ka tlaase mona). Ha a ntse a ngola lintlha tse ngata moleng o ka thōko, Servetus o ile a boela a tšoaea lebitso la Molimo. O ile a kenyelletsa lebitso Jehova lintlheng tseo a ntseng a li ngola moleng o ka thōko litemaneng tsa bohlokoa tse kang Pesaleme ea 83:18, moo ho neng ho sebelisitsoe “Morena” tabeng e ngotsoeng.

Bukeng ea hae ea ho qetela e bitsoang The Restitution of Christianity, Servetus o ile a re ka lebitso la Molimo, e leng Jehova: “[Ho] hlakile . . . hore ba bangata ba ne ba qapollisa lebitso lena mehleng ea boholo-holo.”

[Setšoantšo]

Seemahale se Annemasse, Fora

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Setšoantšo sa lekholong la bo15 la lilemo sa Mamosleme a neng a kolobetsoa ka sheshe, Spain

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Capilla Real, Granada

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Leqephe le qalang la “On the Errors of the Trinity”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

From the book De Trinitatis Erroribus, by Michael Servetus, 1531

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Servetus o ile a ithuta tsela eo mali a potolohang ka eona pelong le matšoafong

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Anatomie descriptive et physiologique, Paris, 1866-7, L. Guérin, Editor

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Buka ea Servetus e reng “Universal Treatise on Syrups” e ile ea bula khoro lefapheng la thuto ea saense ea meriana

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

John Calvin e ile ea e-ba sa ntja le phiri le Servetus

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Biblioteca Nacional, Madrid

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 18]

Biblioteca Nacional, Madrid

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela