Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/06 leq. 30
  • Maikutlo a Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maikutlo a Babali
  • Tsoha!—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ke Lumetse”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • “Ke Lumetse”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Taeo e Eang ho Maretha, le Thuto ea Thapelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Taeo ho Maretha, le Thuto ea Thapelo
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 8/06 leq. 30

Maikutlo a Babali

Leraba la ho Noa—Na U Kotsing? (October 8, 2005) Ke balile mangolo a mangata a tsoang ho babali ba reng: “Sehlooho sena se fihlile ka nako e nepahetseng.” Ke ne ke sa nahane hore ho na le mohla nka ikutloang joalo, empa ha ke ntse ke bala lihlooho tsena ke ha ke ikutloa joalo hantle. E ne e se e le nakoana joale ke khathatsoa ke tsela eo ke neng ke noa joala ka eona letsatsi le leng le le leng, le hoja ke ne ke sa tahoe. Joale lihlooho tsena tsa fihla. Ka mor’a hore ke bale ka likotsi tsa hona, ke ile ka fihlela qeto ea hore ena ke nako ea ho itšoasolla lerabeng lena.

K. W., Jeremane

Lihlooho tsena li buile ka Hilario, ea ’nileng a noa ka lilemo tse 30 ’me a “boela morao ka makhetlo.” Mantsoeng a hae o itse ka phuthehong, batho “kamehla ba ne ba le lehlakoreng la ka ho ntšehetsa.” Empa na o ne a sa tlameha hore ebe o ile a khalemeloa kapa hona ho lelekoa phuthehong ea Bokreste?

R. L., United States

Karabo ea “Tsoha!”: Tlaleho e khutšoanyane ea phihlelo ea Hilario ha e bolele hore na ke nakong efe lilemong tsena tse 30 tseo a neng a loana le ho lemalla joala moo ha e le hantle e bileng Mokreste ea kolobelitsoeng. Hape ha e bolele hore na o kile a khalemeloa ke baholo ba phutheho kapa che. Sehlooho sena se bolela hore Hilario o ile a fuoa “keletso ea Bibele e nakong,” eo ka linako tse ling e etsoang ke komiti ea boahloli. Motho ea sebetsanang le bothata ba ho lemalla joala ka linako tse ling o boela morao, joalokaha ho bile joalo ka Hilario. Bona “Molula-Qhooa” oa September 15, 1983, leqephe 8-11, bakeng sa ho bona hore na litaba tse joalo li sebetsoa joang ha ho ameha Mokreste ea kolobelitsoeng.

Bacha Baa Botsa . . . Ke Hobane’ng ha ke Khahloa ke Batho ba Fosahetseng? (August 8, 2005) Sehlooho sena se nthusitse hore ke bone hore nke ke ka ema terateng tabeng ea lipakane tsa ka. Se tiisitse qeto ea ka ea hore ke ikarole metsoalleng e mebe. Hona joale ke na le kamano e haufi le ba bangata ka phuthehong, ba bacha le ba hōlileng, e leng se entseng hore ke ikutloe ke ratoa ke batho ba ratang Jehova le ba nkhothalletsang hore ke tsoele pele tseleng e lebisang bophelong.

M. D., Mexico

Ho Ikemisetsa ho Finyella Pakane ea Ka (July 7, 2005) Likeleli li ile tsa keleketla marameng ha ke ntse ke bala ka phihlelo ea Martha. Le ’na ke na le lefu la sethoathoa. E se e le lilemo tse leshome ke le moevangeli oa nako e tletseng, ’me ka linako tse ling hoa nyolosetsa—haholo-holo ha se ntsohetse. Boikemisetso ba ka ba hore ke se ke ka tela bo matlafalitsoe ke pale ena ea Martha. E ntšelisitse haholo.

J. S., Poland

Ke na le bothata bo tšoanang le ba Martha. Ka mor’a ho bala pale ea hae, le ’na ke qalile ho ba hlokolosi ka seo ke se jang. Ka lilemo tse fetang leshome, ke ne ke lumeletse sethoathoa hore se ntšitise ho sebeletsa Jehova ka ho eketsehileng. Empa lilemo tse ka bang tharo tse fetileng, ke ile ka etsa qeto ea ho ba moevangeli oa nako e tletseng, ’me ha ke ikoahlaee. E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa bakeng sa ho hatisa liphihlelo tse khothatsang tjena!

B.C.C., Brazil

Ntho e nkhothalitseng ka ho fetisisa sehloohong sena ke taba ea hore Martha ha aa ka a tela. Ke ile ka khothatsoa ke hore le hoja a ile a tlameha ho tlohela tšebeletso ea hae ka nakoana, o ne a e-na le boikutlo bo nepahetseng ’me a kholisehile hore Jehova o thabisoa ke ha re mo sebeletsa ka pelo eohle.

S. H., Japane

Ke bile boemong bo tšoanang le ba Martha, ’me ke lokela ho tseba moo matla a ka a fellang teng. Ho tšoana le Martha, ke ’nile ka khona ho ba moevangeli oa nako e tletseng. Ka hona, pale ea hae e nkhothalitse haholo.

F. G., Switzerland

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela