Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/06 maq. 10-11
  • Na U ka Thusa Bafu?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ka Thusa Bafu?
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boemo ba Bafu
  • Ho na le Tšepo Efe ka Bafu?
  • Na U Lokela ho Tšaba Bafu?
    Tsoha!—2009
  • Lefu
    Tsoha!—2014
  • Ho na le Tšepo Efe ka Bafu?
    Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
  • Na Batho ba Hlokahetseng ba Ntse ba Phela?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 10/06 maq. 10-11

Pono ea Bibele

Na U ka Thusa Bafu?

‘Ho tloha qalong Kereke e ’nile . . . ea rapella [bafu] . . . e le hore, ha ba se ba hlatsoitsoe, ba ka ba le thabo e fetisisang ea ho bona Molimo.’—“Katekisima ea Kereke e K’hatholike.”

BATHO ba merabe eohle ba amehile ka boemo ba bafu. Mohlomong u kile ua utloa bohloko ba ho lahleheloa ke motho eo u mo ratang. U ka ’na ua ipotsa hore na ebe bafu ba ntse ba ikutloa, hore na ba utloa bohloko kapa ba khotsong le hore na ho na le seo u ka se etsang ho ba thusa.

Batho ba malumeli a mangata ba lumela hore ba ka thusa bafu. Ka mohlala, Mahindu a lumela hore ha a chesa setopo sa eo a mo ratang lebōpong la Nōka ea Ganges ’me a hasa molora oa hae ka metsing a nōka eo, a tiisa hore moea oa motho ea shoeleng o tla thaba ka ho sa feleng. Linaheng tsa Bochabela, Mabuddha a chesa litšoantšo tsa likoloi, matlo, liaparo le chelete, ka tumelo ea hore mofu o tla khona ho sebelisa lintho tseo bophelong bo latelang. Linaheng tsa Afrika teng ho tšeloa joala mabitleng, ka khopolo ea hore bo fuoa mofu.

Mak’hatholike a ruta hore haeba motho a shoa a sa bakela “sebe se tebileng,” seo se etsa hore a se ke a amoheleha ho Molimo. Boemo bona “bo bitsoa ‘lihele.’” Ka lehlakoreng le leng, a ruta hore motho eo Molimo a mo amohelang o na le tšepo ea ho kena “thabong ea sebele e khaphatsehang” le Molimo leholimong, empa ka mor’a hore a hlatsuoe ka ho phethahetseng. Ho hlatsuoa hoo ho ka ’na ha hloka hore motho a qete nako e itseng a le pelekatoring a “hloekisoa ka mollo” e le kotlo ea libe tse ka tšoareloang. Leha ho le joalo, motho ea pelekatoring a ka thusoa ke lithapelo—tse etsoang ke kereke ho mo buella—le ke Limmisa tseo a li etsetsoang. Hangata metsoalle le beng ka mofu ba lefella litšebeletso tseo.

Ke ho utloahalang ho batla ho etsa sohle se matleng a hao ho tlosa ntho leha e le efe e bohloko e ka ’nang ea etsahalla bao u ba ratang. Haeba ho ne ho e-na le tsela ea ho ba thusa, na Molimo o ne a ke ke a hlalosa ka ho qaqa hore na ba ka thusoa joang? A re bone seo Bibele e se rutang ka ho thusa bafu.

Boemo ba Bafu

Litloaelo tsena kaofela tse boletsoeng ka holimo li thehiloe tumelong ea hore moea, ka mantsoe a mang karolo e itseng ea motho, o tsoela pele o phela ha ’mele o e-shoa. Na see ke seo Bibele e se rutang? E re: “Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho, leha e le hore ba sa na le moputso, hobane ho hopoloa ha bona ho lebetsoe. Hape, lerato la bona le lehloeo la bona le poulelo ea bona li se li timetse, ’me ha ba sa hlola ba e-ba le kabelo nthong leha e le efe e lokelang ho etsoa tlas’a letsatsi ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Sohle seo letsoho la hao le fumanang hore le ka se etsa, u se etse ka matla a hao, etsoe ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo kapa bohlale Sheole, e leng sebaka seo u eang ho sona.” (Moeklesia 9:5, 6, 10) Sheole e mpa e le lentsoe la Seheberu feela le bolelang lebitla le tloaelehileng la batho.

Mopesaleme ea bululetsoeng ha a bua ka tsela eo lefu le amang seo motho a se tsebang, o ile a re ha a ngola: “Moea oa hae oa tsoa, eena o khutlela lerōleng la hae; ka letsatsi leo menahano ea hae ea timela.”—Pesaleme ea 146:4.

Seo Bibele e se buang ke ’nete ebile sea utloahala. Uena u nahana joang? Na ntate ea lerato a ka hlokofatsa bana ba hae kahobane ba e-na le litšekamelo tsa boetsalibe tseo ba li futsitseng? (Genese 8:21) Le hanyenyane. Joale ke hobane’ng ha Ntate oa rōna oa leholimo a ka etsa seo? Ha Baiseraele ba bang ba boholo-holo ba etsisa litloaelo tsa bohetene tsa ho chesa bana e le mahlabelo ho melimo ea bohata, Jehova o ile a nyatsa tloaelo eo e manyala, a hlalosa hore ke ‘ntho eo a neng a sa ka a e laela le e neng e sa ka ea hlaha pelong ea hae.’—Jeremia 7:31.

Libe tseo motho a li etsang li fella ka lefu, eseng ka tlhokofatso ha a se shoele. Ho ea ka Mangolo “moputso oo sebe se o lefang ke lefu,” ’me motho “ea shoeleng o hlakotsoe molato oa sebe sa hae.”—Baroma 5:12; 6:7, 23.

Bafu ha ba utloe bohloko. Ho e-na le hoo, ho tšoana le ha ba robetse boroko bo tebileng, ba sa tsebe letho, ebang sea thabisa kapa se bohloko. Ka hona, ho totobetse hore ntho leha e le efe eo batho ba lekang ho e etsa ho thusa bafu e khahlanong le se rutoang ke Bibele.

Ho na le Tšepo Efe ka Bafu?

Sena ha se bolele hore baratuoa ba hao ba shoeleng ba tla lula ba sa ikutloe ka ho sa feleng. Ho e-na le hoo, ba na le tebello e khanyang.

Pele Jesu a tsosa motsoalle oa hae ea ratoang Lazaro bafung, o ile a re o il’o “mo tsosa borokong.” (Johanne 11:11) Ketsahalong e ’ngoe o ile a re “bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe.” (Johanne 5:28, 29) Ba tsositsoeng bafung ba tla be ba se ba lokolotsoe molatong oa libe tseo ba li entseng nakong e fetileng ’me kahoo ha ba na ho hlokofaletsoa lintho tseo ba li entseng pele ba e-shoa. Ba tla ba le monyetla oa ho ithuta ho thabela bophelo tlas’a maemo a phethahetseng. Eo ke tebello e babatsehang hakaakang!

Haeba tebello ena ea ipiletsa ho uena, u se ke ua tsilatsila ho netefatsa hore na litšepiso tsena ke ’nete kapa che. Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa.

NA U KILE UA IPOTSA?

◼ Na bafu baa utloa?—Pesaleme ea 146:4; Moeklesia 9:5, 6, 10.

◼ Na Molimo o ne a ka lumella hore bafu ba hlokofatsoe mollong oa lihele?—Jeremia 7:31.

◼ Na ho na le tšepo ka bafu?—Johanne 5:28, 29.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela