Bacha Baa Botsa . . .
Nka Hlōla Mokhoa oo Joang?
“Ke qalile ho ikhotsofatsa ka ho ipholla litho tsa botona ha ke le lilemo li robeli. Hamorao ke ile ka ithuta hore na Molimo o talima sena joang. Nako le nako ha ke ne ke oela mokhoeng oo hape, ke ne ke utloa bohloko bo tebileng. Ke ne ke ipotsa: ‘Molimo a ka rata motho ea tšoanang le ’na tjee joang?’ Ke ne ke kholisehile hore nke ke ka kena lefatšeng le lecha la Molimo.”—Luiz.a
MOHLOMONG le uena ho tšoana le Luiz, u ’nile ua lemalla ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali. Ua tseba hore Jehova o tla thaba ha u ka loantša mokhoa ona le ho sebelisa boitšoaro, e leng tholoana ea moea oa Molimo. (Bagalata 5:22, 23; 2 Petrose 1:5, 6) Empa ka linako tse ling u oela mokhoeng oo hape. Ka mor’a moo, u etsa qeto ea hore u nama e hlōtseng lithipa, hore le ha u ka rata u ke ke ua khona ho phela tumellanong le litekanyetso tse lokileng tsa Molimo.
Ke kamoo Pedro ea mocha a neng a ikutloa kateng. O re: “Ha ke ne ke oela hape mokhoeng ona, ke ne ke utloa bohloko bo tebileng. Ke ne ke nahana hore nke ke ka hlola ke lokisa boemo boo. Ke ne ke thatafalloa ke ho rapela. Ha ke qala ke ne ke re: ‘Jehova, ha ke tsebe hore na u tla utloa thapelo ena kapa che, empa . . . ’” Mohlankana e mong ea bitsoang André le eena o ne a ikutloa joalo. O re: “Ke ne ke inka ke le moikaketsi e moholo. Hoseng ke ne ke thatafalloa ho tsoha betheng ho tobana le tsa letsatsi leo. Ke ne ke thatafalloa ho mamela libokeng tsa Bokreste le ho kopanela tšebeletsong.”
Haeba u ikutloa joaloka Luiz, Pedro, kapa André, u se ke ua nyahama. Hase uena feela, ebile hase ho bolela hore boemo ba hao ha bo sa na tšepo! Bacha ba bangata—le batho ba hōlileng—ba ’nile ba loantšana le bothata ba ho ikhotsofatsa ka ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ’me ba qeteletse ba bo hlōtse. Le uena u ka hlōla.b
Ho Sebetsana le Maikutlo a Molato
Joalokaha ho bontšitsoe, ba oetseng mokhoeng oa ho ikhotsofatsa ka ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali hangata ba apareloa ke maikutlo a molato. Ha ho pelaelo hore ho ‘hlomoha ka tsela ea bomolimo’ ho ka susumelletsa motho hore a hlōle mokhoa oo o mobe. (2 Bakorinthe 7:11) Empa ho ikutloa u le molato ka ho feteletseng ho ka ba kotsi. Ho ka etsa hore u nyahame hoo u ka bonang ho le molemo ho inehela.—Liproverbia 24:10.
Ka hona, leka ho bona lintho ka leihlo le nepahetseng. Ho ikhotsofatsa ka ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ke mokhoa o litšila. Ho ka u etsa ‘lekhoba la litakatso tse sa tšoaneng le menyaka e sa tšoaneng,’ ’me ho ka u susumelletsa ho ba le maikutlo a silafetseng. (Tite 3:3) Leha ho le joalo, ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali hase mofuta o mong oa boitšoaro bo hlephileng ba ho kopanela liphate, o joaloka bohlola. (Baefese 4:19) Ka hona, haeba u e-na le bothata ba ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali, ha ua lokela ho etsa qeto ea hore u entse sebe se ke keng sa tšoareloa. Ntho ea bohlokoa ke ho hanela maikutlo a ho etsa ketso eo le hore le ka mohla u se ke ua tela ntoeng ea hao!
Ka linako tse ling ho bonolo ho nyahama ka mor’a ho oela ketsong ena hape. Ha seo se etsahala, hopola mantsoe a ho Liproverbia 24:16, a reng: “Ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a supileng, ’me ka sebele o tla ema; empa ba khopo ba tla etsoa hore ba khoptjoe ke tlokotsi.” Ho oela ketsong ena hape ka nakoana ha ho bolele hore u motho ea mobe. Ka hona, u se ke ua tela. Ho e-na le hoo, hlahlobisisa hore na ke eng e entseng hore u qetelle u oetse hape, ’me u leke ho e qoba hore u se oele hape.
Ho e-na le hore u lulele ho inyatsa ka bothata ba hao, iphe nako ea ho nahanisisa ka lerato la Molimo le mosa oa hae. Mopesaleme Davida, eo ka boeena a neng a e-na le mefokolo, o ile a re: “Joalokaha ntate a bontša mohau ho bara ba hae, Jehova o bontšitse mohau ho ba mo tšabang. Etsoe o tseba sebōpeho sa rōna hantle, oa hopola hore re lerōle.” (Pesaleme ea 103:13, 14) E, Jehova oa tseba hore ha rea phethahala ’me o ‘itokiselitse ho re tšoarela’ ha re fosa. (Pesaleme ea 86:5) Ka lehlakoreng le leng, o batla hore re leke ho ntlafatsa.
U ka latela mehato efe e thusang hore u hlōle mokhoa oo le ho qoba ho oela hape ho oona?
Bohlokoa ba ho Phetlela e Mong Sefuba
Ho sa tsotellehe ho ipuela phatlalatsa ka litaba tsa ho kopanela liphate linaheng tse ngata, batho ba bangata ba ntse ba tšaba ho bua ka ho kopanela liphate ka tsela e qaqileng le e hlomphehang. Boemong ba hao, lihlong li ka ’na tsa u thatafaletsa ho bua ka taba ena esita le ho motho eo u mo tšepang. Mokreste e mong ea loanneng le bothata ba ho ikhotsofatsa ka ho ipholla litho tsa botona ka lilemo tse ’maloa o itse: “Ke lakatsa eka nka be ke ile ka fumana sebete sa ho bua le motho e mong nakong eo ke neng ke sa le mocha! Maikutlo a ho ba molato a ’nile a ikimela ka lilemo tse ngata, ’me a amme ka ho teba kamano ea ka le batho ba bang, haholo-holo kamano ea ka le Jehova.”
U lokela ho bua le mang? Motho ea loketseng e tla ba ea hōlileng moeeng, haholo-holo motsoali. U ka qala ka ho re: “Na nka buisana le uena ka bothata bo nkhathatsang haholo?”
Mário o ile a etsa qeto ea ho bua le ntate oa hae, ea ileng a mo utloela bohloko haholo ’me ea e-ba ea utloisisang. O ile a ba a bolella Mário hore le eena o ne a e-na le bothata boo ha a sa le mocha. Mário o re: “Ho bua ’nete ha Ntate le ho ameha ha hae ka botebo ho ile ha nkhothatsa haholo. Ke ile ka ipolella hore haeba o ile a hlōla bothata boo, le ’na ke tla bo hlōla. Ke ile ka angoa ke tsela eo Ntate a ileng a ikutloa ka eona hoo ke ileng ka sitoa ho ithiba ’me ka lla.”
André o ile a iteta sebete a bua le moholo oa Mokreste, ’me ha a ikoahlaele seo.c André o re: “Moholo eo o ile a sekisa meokho ha a ntse a ’mametse. Ha ke qeta, o ile a ntiisetsa hore Jehova oa nthata. O ile a mpolella hore batho ba bangata ba na le bothata boo. O ile a ntšepisa hore o tla ’ne a mpotse hore na ke se ke ntlafalitse hakae le ho ntlisetsa lingoliloeng tse nang le boitsebiso bo eketsehileng tse theiloeng Bibeleng. Ka mor’a ho bua le eena, ke ile ka ikemisetsa ho loana ke tiile—esita le haeba nka tsamaea ke oela tseleng.”
Joaloka Mário le André, le uena u ka fumana thuso boitekong ba hao ba ho hlōla mokhoa ona oa ho ikhotsofatsa ka ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali. Latela keletso e fanoeng lebokoseng le reng “Itšireletse!” E, kholiseha hore u ka hlōla ntoeng ena!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a sehloohong sena a fetotsoe.
b Le hoja batho ba qotsitsoeng sehloohong sena e le banna, basali ba bangata le bona ba ntse ba loantšana le mokhoa ona oa ho ikhotsofatsa ka ho ipholla litho tsa botšehali. Ka hona, keletso e fanoang e sebetsa ho banna le basali. Hape, hlokomela hore lihlooho tsena li bua ka ho ipholla. Ho etsa ketso e joalo mothong eo motho a sa nyalanang le eena ho akarelletsoa ho seo Bibele e se bitsang bohlola, e leng sebe se tebileng haholo mahlong a Molimo.—Bona sehlooho se reng “Bacha Baa Botsa . . . Phoso ke Efe ka ho Kopanela Liphate Pele ho Lenyalo?” Tsoheng! ea August 8, 2004, leqepheng la 12-14.
c Moroetsana a ka rata ho buisana le ’mè oa hae kapa morali e mong oabo rōna ea hōlileng moeeng ka phuthehong.
SEO U KA NAHANANG KA SONA
◼ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho hopola hore Jehova o lula a “itokiselitse ho tšoarela”?—Pesaleme ea 86:5.
◼ U tla nka mehato efe ho hlōla bothata boo ba ho ikhotsofatsa ka ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali?
◼ Ke hobane’ng ha u sa lokela ho hlajoa ke lihlong ho kōpa thuso?
◼ U boloka mohopolo oa hao o nahanne ka lintho tse hloekileng joang?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 20]
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 19]
Ho Oela ha ho Bolele Hore Motho o Hlōtsoe!
Ho batla ho le bonolo hore motho a nahane hore: ‘Ke hlōlehile, ha ho sa na thuso ke hore ke tlohele.’ Loantša maikutlo ao. U se ke ua itumella hore u be le maikutlo a hore u hlōtsoe ha u oela hape, esita le haeba u oetse ka makhetlo.
Nahana ka mohlala ona: Haeba u hloa litepisi, eba ua khoptjoa ’me u khutlela morao ka se le seng kapa tse peli, na u ne u tla re, ‘Ke hore ke hle ke khutlele morao ke e’o qala litepisi tsee bocha’? Le letho! Joale ke hobane’ng ha u ka ithetsa ka maikutlo aa a fosahetseng ha u loantša mokhoa o itseng o mobe?
Hangata motho o ba le maikutlo a ho ba molato ha a ile a oela hape mokhoeng o itseng. U ka ’na ua feteletsa maikutlo ao ka ho etsa qeto ea hore ha u na thuso, ha u na matla a lekaneng a ho loana ’me ha ho letho le molemo le u tšoanetseng. U se ke ua itumella hore u ikutloe u le molato ka tsela e feteletseng joalo. Ho tla u qeta matla ao u a hlokang hore u tsoele pele u loana. Hape hopola sena: Jesu Kreste, motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela lefatšeng, o ne a tlile ho tla lopolla baetsalibe, e seng batho ba phethahetseng. Ka hona, ha ho le ea mong ho rōna ea ka etsang lintho ka tsela e phethahetseng mehleng ena.—E nkiloe Tsoheng! ea April 8, 1991, leqepheng la 29-30.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20]
Itšireletse!
◼ Iqobelle ho nahana ka lintho tse ling.—Bafilipi 4:8.
◼ Qoba ho sheba lintho tse tla u tsosetsa takatso e fosahetseng.—Pesaleme ea 119:37.
◼ Rapella “matla a fetang se tloaelehileng.”—2 Bakorinthe 4:7.
◼ Lula u phathahane mesebetsing ea Bokreste.—1 Bakorinthe 15:58.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20]
Thuso e Eketsehileng
Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng tabeng ea ho hlōla mokhoa ona oa ho ikhotsofatsa ka ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali, bona khaolo ea 25 le ea 26 bukeng ea Lipotso Bacha Baa Botsa . . . Likarabo tse Sebetsang, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.