Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/06 maq. 7-9
  • Bophelo Boo a Etsang Hore bo Fumanehe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bophelo Boo a Etsang Hore bo Fumanehe
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bopaki ba Hore ’Muso oa Molimo o Haufi
  • Bophelo bo Seng bo le Haufi le ho Phethahala
  • Bophelo Paradeiseng e Tsosolositsoeng
    Tsoha!—2008
  • Tšepo eo Bolumeli ba ’Nete bo Fanang ka Eona
    Tsoha!—1999
  • Nakong eo Batho Bohle ba Tla Ratana
    Tsoha!—1998
  • ‘Litaba tse Molemo’ Tseo li Ratang ha U li Utloa
    Lipaki tsa Jehova Lekholong la Mashome a Mabeli la Lilemo
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 12/06 maq. 7-9

Bophelo Boo a Etsang Hore bo Fumanehe

“BONANG! Morena o tla busa ka ho loka.” Litšepiso tse khothatsang joaloka ena tse mabapi le ’Muso oa puso ea Jesu ke tsona tse hlaheletseng ka Bibeleng. Tšepiso e ’ngoe e joalo e re: “O tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, o tla pholosa meea ea ba futsanehileng. . . . Mali a bona e tla ba a bohlokoa mahlong a hae.”—Esaia 32:1; Pesaleme ea 72:12-14.

Na ho na le motho ea ka hanang hore batho lefatšeng ka bophara ba hloka puso e lokileng joalo? Jesu o ile a khothalletsa balateli ba hae hore ba lule ba hopotse ’Muso oa Molimo. O ile a ba ruta ho rapela: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.”—Matheu 6:9, 10.

Bopaki ba Hore ’Muso oa Molimo o Haufi

Re ka tseba joang hore na ’Muso oo o tla tla neng e le karabo ea thapelo eo? Balateli ba Jesu ba mehleng ea pele ba ne ba chesehela ho tseba seo, ’me ba botsa: “Pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao [u le Morena ea busang] le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” Jesu o ile a araba: “Sechaba se tla tsohela sechaba matla . . . , ’me ho tla ba le likhaello tsa lijo le litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng. Lintho tsena tsohle ke tšimoloho ea bohloko ba mahlomola.” Hape, o ile a lemosa: “Ka lebaka la ho eketseha ha tlōlo ea molao lerato la ba bangata le tla fola.”—Matheu 24:3-12.

Boprofeta bo bong ba Bibele bo re “matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo, ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba se na ’nete matleng a bona.”—2 Timothea 3:1-5.

U tla lumela hore tlhaloso ena ea ‘matsatsi a ho qetela’ e tšoanela mehla ena eo re phelang ho eona hantle. Ho na le bopaki bo bongata ba hore hona joale ke nako ea hore boprofeta bo latelang bo boletsoeng Bibeleng bo phethahale: “Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”—Daniele 2:44.

Puso ea ’Muso ea “Khosana ea Khotso” e tla tlosa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla kena-kenana le khotso ea ba tla pholoha bofelo ba lefatše lena. (Esaia 9:6) Boprofeta ba Bibele boa tšepisa: “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:17) Ho fela ha lefatše lena ho tla bula tsela ea hore baetsi ba thato ea Molimo ba thabele se ileng sa lahlehela lelapa la motho ha batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, ba ne ba fetohela Molimo.

Bophelo bo Seng bo le Haufi le ho Phethahala

Jesu o ile a hlalosa hore ‘pōpong e entsoeng bocha Mor’a motho o lula teroneng ea hae e khanyang.’ (Matheu 19:28) “Pōpo e entsoeng bocha” ke eng? Phetolelo e ’ngoe e sebelisa poleloana “mohla tsohle li nchafatsoang.” (Bibele—Phetolelo e Ncha) Tlaleho e ’ngoe e tšoanang le eona ka Bibeleng e re ke ‘tsamaiso ea lintho e tlang.’ (Luka 18:30) Nakong eo, Jesu o tla sebelisa bolaoli boo a bo filoeng ke Molimo e le Khosana ea Khotso ho fa bohle ba bontšang tumelo sehlabelong sa hae sa thekollo bophelo bo sa feleng.—Johanne 5:21.

Tsamaisong e ncha ea Molimo ea lintho, batho ba tla thabela ho phela ka tsela eo Molimo a neng a batlile hore Adama le Eva ba phele ka eona ha a ne a ba beha Paradeiseng ea lefatše. Hopola hore Molimo o ne a ba laetse hore ba be le bana, e le hore ba ‘tlale lefatše ’me ba le buse.’ Mosebetsi oa bona e ne e le hore ba atolose Paradeise ea Edene hore e tlale lefatše lohle! (Genese 1:28) Ka ho tšoanang, pōpong e entsoeng bocha lefatše le tla tlatsoa ke ba pholohileng ha lefatše lena le fela, bana ba bona hammoho le batho ba ileng ba shoa empa joale ba se ba tsositsoe bafung. Mosebetsi oa bao e tla ba ho kenya letsoho ho etseng lefatše lohle paradeise, joalokaha Molimo a ne a rerile qalong.

Nahana ka tse ling tsa litlhohonolofatso tseo Bibele e reng batho ba tla phela lefatšeng leo le lecha ba tla li thabela.—2 Petrose 3:13.

Le hoja litšepiso tse tšoantšelitsoeng maqepheng ana li bonahala eka ke tse ke keng tsa etsahala, ka sebele li tla phethahala “tsamaisong ea lintho e tlang.” Ha Jesu a rapela Molimo, o ile a hlalosa se hlokahalang hore batho ba thabele litlhohonolofatso tsena, a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) E se eka u ka ba har’a bao ka boikokobetso ba batlang ho ba le tsebo ena e fanang ka bophelo.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]

“O tla rehoa . . . Khosana ea Khotso. Ho ke ke ha e-ba le bofelo bongateng ba puso ea bohosana le khotso.”—Esaia 9:6, 7

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]

Matlo le Mosebetsi Bakeng sa Bohle

“Ka sebele ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona . . . Ba ke ke ba lema ’me e mong a je.”—Esaia 65:21, 22.

Lijo Tse Ngata Bakeng sa Bohle

“Ka sebele lefatše le tla fana ka lihlahisoa tsa lona.” “Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng.”—Pesaleme ea 67:6; 72:16.

Ho Tla Rena Khotso Hohle Esita le Liphoofolong

“Phiri e tla lula ka nakoana le konyana e tona, lengau le bothe le potsanyane, . . . moshanyana o tla li etella pele.”—Esaia 11:6.

Ntoa e Felisitsoe, Khotso e Rena ka ho sa Feleng

“Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.” “Ho ke ke ha e-ba le bofelo bongateng ba puso ea bohosana le khotso.”—Esaia 2:4; 9:7.

Baratuoa ba Shoeleng Baa Tsosoa

“Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la [Jesu] ’me ba tsoe.”—Johanne 5:28, 29.

Ha ho sa Tla ba le ho Kula Kapa Lefu

“Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” “Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng . . . Lintho tsa pele li fetile.”—Esaia 33:24; Tšenolo 21:3, 4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela