Ithute ka Motsoalle oa Mohlokomeli oa Serapa—Maleshoane
KA MONGOLI OA TSOHA! BRITHANI
LE HOJA e se batho bohle ba ratang likokoanyana hakaalo, ka tloaelo bo-maleshoane bona baa ratoa. Ba khahla bana, ’me bahlokomeli ba lirapa le lihoai baa ba thabela. Ke’ng se etsang hore ba ratoe hakaale?
Se Etsang Hore ba Ratoe
Mefuta e mengata ea bo-maleshoane bana ba molemo e rata ho itjella hoaba (e bontšitsoeng ka ho le letšehali), e leng likokoanyana tse nyenyane tse bonojoana tse mokonyang lero limeleng ho fihlela lijalo li e-shoa. Bo-maleshoane ba seng ba hōlile ba ka ja hoaba e likete tse ’maloa bophelong ba bona—’me pōpane ea maleshoane le eona e pelo e tšoeu. Ho feta moo, bo-maleshoane ba ja likokoanyana tse ling tse senyang limela, ’me ba bang ba bile ba thabela ho ja boroku bo senyang lijalo. Ha ho makatse hore ebe bahlokomeli ba lirapa le lihoai ba rata bo-maleshoane!
Lilemong tse qetellang tsa bo-1800, mofuta o mong oa hoaba o ile oa tlisoa California, U.S.A. ka phoso o tsoa Australia. Kokoanyana ena e senyang lijalo e ile ea ikatisa ka potlako hoo e ileng ea batla e timetsa lirapa tsa lifate tsa litholoana tsa mofuta oa lamunu le ho liha ’maraka oa tsona. Setsebi se seng sa likokoanyana se ne se tseba hore hoaba eo ha e behe lijalo kotsing naheng eo e tsoang ho eona, kahoo se ile sa ea Australia ho ea batlisisa hore na sera sa tlhaho sa kokoanyana ena ke sefe. Se ile sa fumana hore ke mofuta o itseng oa maleshoane. Ho ile ha romeloa bo-maleshoane ba ka bang 500 California ka sekepe, ’me le pele selemo se fela hoaba eohle e ne e batla e felile. Lifate tsa litholoana tsa mofuta oa lamunu li ile tsa bolokeha.
Bophelo ba Bo-maleshoane
Kokoanyana ena e ratehang e chitja kapa e motopo ’me e sephara ka tlaase. Le hoja bo-maleshoane ba le pelo e tšoeu, ba bangata ha ba fete limilimithara tse 12 ka bolelele. Mapheo a thata, a benyang, a etsang hore bo-maleshoane ba be mebala-bala a koahetse a ka tlaase a bonolo, ao ba fofang ka ’ona. Ha kokoanyana ena e fofa, mapheo a thata aa buleha a sutha tseleng. Le hoja bo-maleshoane ba atisa ho hlahisoa ba le bafubelu ka matheba a matšo, ha e le hantle mefuta e ka bang 5 000 ea bo-maleshoane e na le mebala le matheba a sa tšoaneng. Ba bang ba ’mala oa lamunu kapa ba basehla ba na le matheba a matšo. Ba bang ba batšo ka matheba a mafubelu. Ba seng bakae ha ba na matheba. ’Me ba bang bona ba sekoche kapa ba metsero.
Mefuta e mengata e phela selemo. Mariha ba ipata sebakeng se ommeng le se sireletsehileng. Ba tsoha ha ho se ho futhumala, ba fofe ba e’o batla lijalo tse hlasetsoeng ke hoaba. E tšehali e behela mahe a masesaane a masehla a ririellaneng (a bontšitsoeng ka ho le letona) ka tlas’a lekhasi le pel’a moo ho nang le hoaba e ngata. Lehe ka leng le qhotsa pōpane e nang le maoto a tšeletseng (e bontšitsoeng ka ho le letšehali) e batlang e tšoana le lelinyane le bohale la koena ho e-na le ho tšoana le maleshoane. Kaha pōpane e ja hoaba nako ena kaofela, ka mor’a nakoana e hōla ho feta letlalo la eona. Ka mor’a ho lahla letlalo ka makhetlo a ’maloa, e itšoareletsa semeleng ebe e hlahisa letlalo la mokone. Ka har’a mokone oo, pōpane e tsoela pele ho hōla ho fihlela ha qetellong ho hlaha maleshoane ea feletseng. Qalong e hlaha e le bonolo ebile e le lerootho, ’me e lula semeleng moo ha ’mele oa eona o ntse o thatafala. Matšoao a eona a ikhethang a hlahella ka mor’a letsatsi.
Lira li ithuta ho qoba bo-maleshoane ba mebala-bala. Ha maleshoane a sokeloa, o tsaratsa lero le lesehla le nkhang hampe le bileng le sa latsoeheng le manonyeletsong. Liphoofolo tse jang tse ling, ho tšoana le linonyana kapa likho, ha li lebale ha li kile tsa etsahalloa ke boemo boo bo sa rateheng, ’me ’mala o khanyang oa kokoanyana eo o lula o li hopotsa seo.
Maleshoane ea Likhathatso
Mofuta o mong oa bo-maleshoane, oo qalong o neng o sebelisetsoa ho ja likokoanyana tse senyang lijalo, ka booona oa senya. Maleshoane ea bitsoang harlequin, eo hape a bitsoang maleshoane ea mebala-bala oa Asia, o iphelela ka khotso le bo-maleshoane ba bang ba Asia leboea-bochabela. Kaha o harinya hoaba le likokoanyana tse ling tse senyang lijalo, o sa tsoa isoa Amerika Leboea le Europe. Ka bomalimabe, o beha mefuta e meng ea bo-maleshoane kotsing kaha o e qetela lijo. Ho feta moo, ha lijo tseo o li ratang li fela—’me o se o sa laolehe hobane ho se na lira tsa oona tsa tlhaho—maleshoane enoa ea lapileng o ja bo-maleshoane ba libakeng tseo le likokoanyana tse ling tse molemo. Litsebi tsa likokonyana li khathatsehile ha li nahana ka bokamoso kaha lia bona hore mefuta e meng ea bo-maleshoane e ka ’na ea timela. Maleshoane enoa oa harlequin o boetse o iketsa ea sa rateheng ka ho harinya litholoana tse butsoitseng tse seng li loketse ho kotuloa le ka ho kena ka matlong ka bongata ka hoetla ha a baleha serame sa mariha.
Mefuta e meng e seng mekae ea bo-maleshoane le eona e ja lijalo tsa bohlokoa ho fapana le ho ja likokoanyana tse senyang lijalo. Empa ho thabisang ke hore bahlokomeli ba lirapa ba rata e mengata ea eona.
Amohela Bo-maleshoane
U ka etsa’ng ho bitsetsa bo-maleshoane serapeng sa hao? Ba rata limela tse nang le lithunthung tsa libaka ka ho fapana tse nang le peō le lero. Litlama-tlama le sekotloloana sa metsi le tsona lia ba hohela. Haeba ho khoneha, qoba ho sebelisa chefo e bolaeang likokoanyana. Makhasi a omeletseng kapa a oetseng fatše a ba fa moo ba ka ipatang teng mariha. Leka hore u se ke ua rinya likokoanyana le mahe a tsona ha u a fumana serapeng. Ka ho etsa joalo, u ka ’na ua bolaea bo-maleshoane ba nakong e tlang.
Hopola hore likokoanyana tsena tse seng kae tse ratehang li tla u thusa ho u hlekela tse senyang lijalo ho sa hlokahale hore u sebelise chefo e kotsi e bolaeang likokoanyana. Haeba u hlokomela bo-maleshoane, ba tla u putsa bakeng sa tlhokomelo eo u ba fang eona. Ke mohlala o mong o bontšang bohlale ba ’Mōpi oa rōna, joalokaha mopesaleme a ile a lumela, ha a re: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakaakang! Kaofela ha eona u e entse ka bohlale. Lefatše le tletse lihlahisoa tsa hao.”—Pesaleme ea 104:24.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 16]
Top: © Waldhäusl/Schauhuber/Naturfoto-Online; left two: Scott Bauer/Agricultural Research Service, USDA; middle: Clemson University-USDA Cooperative Extension Slide Series, www.insectimages.org; eggs: Bradley Higbee, Paramount Farming, www.insectimages.org
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 17]
Left: Jerry A. Payne, USDA Agricultural Research Service, www.insectimages.org; 2nd from left: Whitney Cranshaw, Colorado State University, www.insectimages.org; 3rd from left: Louis Tedders, USDA Agricultural Research Service, www.insectimages.org; 4th from left: Russ Ottens, The University of Georgia, www.insectimages.org; ladybirds on a leaf: Scott Bauer/Agricultural Research Service, USDA