U Tla Araba Joang?
HLALOSA PAPISO
1. Papisong ea Jesu e tlalehiloeng ho Matheu 18:23-35, lekhoba le kōpa morena hore a etse’ng?
․․․․․
2. Lekhoba la pele le tšoara lekhoba-’moho le lona joang?
․․․․․
3. Ke hobane’ng ha morena a halefela lekhoba la pele?
․․․․․
◼ Se ka Tšohloang: U qetetse neng ho tšoarela motho e mong? O ne a entse eng e u utloisitseng bohloko? Ke hobane’ng ha u ile ua mo tšoarela?
E ETSAHETSE NENG HISTORING?
Bolela mongoli oa buka ka ’ngoe ea Bibele e boletsoeng ka tlaase ’me u thale mola o tlohang bukeng o lebang selemong seo e qetiloeng ka sona.
1657 B.C.E.
Hoo e ka bang ka 1100 B.C.E. Hoo e ka bang 1513 B.C.E.
Hoo e ka bang ka 56 C.E. ka 61 C.E.
4. Genese
5. Baahloli
6. Liketso
KE ’NA MANG?
7. Mafahla ao ke a tsoetseng a ile a fetoha lichaba tse peli.
KE ’NA MANG?
8. Lotho ha ea ka ea bontša hore ke lokela ho ba moapostola.
TSE HLAHANG MAKASINENG ENA
Araba lipotso tsena, ’me u fane ka (li)temana tsa Bibele tse sieo.
Leqephe 3 Ke mathata afe a ho kula a haufi le ho felisoa? (Esaia 35:____)
Leqephe 11 Ke hobane’ng ha u ka lumela hore bophelo bo botle bo ka ba teng ka ho sa feleng? (Luka 18:____)
Leqephe 20 Areka ea Noe e ne e le khōlō hakae? (Genese 6:____)
Leqephe 30 U lokela ho qoba liketso life ’me u hlaolele maikutlo afe pele u ka nahana ho kena lenyalong? (Baefese 4:____)
Bana Batlang Litšoantšo
Na u ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosa se etsahalang setšoantšong ka seng ka mantsoe a hao.
(Likarabo li leqepheng la 26)
LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 31
1. A le hauhele ka molato oa lona.
2. Le le lahlela chankaneng.
3. Hobane lekhoba leo le sitiloe ho bontša mohau.
4. Moshe, 1513 B.C.E.
5. Samuele, hoo e ka bang ka 1100 B.C.E.
6. Luka, hoo e ka bang ka 61 C.E.
7. Rebeka.—Genese 25:21-23.
8. Barsabase.—Liketso 1:23-26.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]
Middle circle: Scott Bauer/Agricultural Research Service, USDA