Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/07 maq. 14-17
  • Ho Phela Haufi le Libaka Tse Foqohang Seretse se Chesang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Phela Haufi le Libaka Tse Foqohang Seretse se Chesang
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebaka se Kotsi
  • Auckland—Motse o Nang le Libaka Tse Foqohang Seretse se Chesang
  • Mekhoa e Sebelisoang ho Fana ka Temoso Esale Pele
  • Ho Beha Maemo a Kotsi Leihlo
  • Haufinyane Likoluoa Tsohle li Tla Fela
    Tsoha!—2005
  • Na U Falimehetse Mehla ea Rōna?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Ela Hloko Temoso!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Likoluoa tsa Tlhaho le Seabo sa Batho
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 2/07 maq. 14-17

Ho Phela Haufi le Libaka Tse Foqohang Seretse se Chesang

Ho foqoha ha seretse se chesang e ’nile ea e-ba ntho e sa utloisiseheng. Ho ka feta lilemo tse makholo ho sa etsahale letho, ea re ka ho panya ha leihlo, ha foqoha ka tsela e hapang mahlo empa e le e bolaeang. Ho foqoha ha seretse se chesang ho ka nka metsotso e seng mekae feela ho ripitla sebaka le ho timetsa batho le liphoofolo.

HA HO na pelaelo hore ho foqoha ha seretse se chesang ho kotsi. Ho bolaile batho ba likete tse makholo lilemong tse makholo a mararo tse fetileng feela. Ke ’nete hore bongata ba rōna re phela hōjana le libaka tsena tse kotsi, empa batho ba limilione ba phela haufi le libaka tsena tse ka ’nang tsa foqoha seretse se chesang neng kapa neng. Ka mohlala, Quito, motse-moholo oa Ecuador, o haufi le Pichincha, e leng sebaka se ka foqohang seretse se chesang se ka leboea-bophirimela ho motse oo. Thaba ea Popocatepetl, eo lebitso la eona ka puo ea Maaztec le bolelang “Thaba e Qōbang Mosi,” e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 60 ho tloha Mexico City. Motse o moholo oa Auckland, New Zealand le oa Naples, Italy, o libakeng tse ka ’nang tsa foqoha seretse se chesang kapa o haufi le tsona. Ka kakaretso, batho ba limilione ba lula moo ka le leng ho ka etsahalang hore lefatše le reketle habohloko ’me ho foqohe seretse se chesang.

Sebaka se Kotsi

Baahi ba Naples ba ’nile ba lula haufi le Thaba ea Vesuvius ka lilemo tse ka bang 3 000. Thaba ena e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 11 ho tloha Naples. Ha e le hantle ke tutulu e mosikong oa thaba ea boholo-holo ea Monte Somma. Thaba ea Vesuvius ke se seng sa libaka tse kotsi ka ho fetisisa lefatšeng tse foqohang seretse se chesang. Kaha e sebakeng se tlaase ho bophahamo ba leoatle, thaba ena e khōlō ho feta kamoo e shebahalang kateng.

Ke khale Thaba ea Vesuvius e foqoha seretse se chesang. E ’nile ea se foqola ka makhetlo a fetang a 50 ka mor’a ketsahalo e tummeng ea 79 C.E., ha e ne e foqola seretse se ileng sa ripitla motse oa Pompeii le oa Herculaneum. Batho ba ka bang 4 000 ba ile ba shoa nakong eo ho neng ho foqoha seretse se chesang se ileng sa baka tšenyo ka 1631.

Thaba ena ea Vesuvius e ’nile ea foqola seretse ho theosa le lilemo. E ile ea se foqola ka 1944 nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ’me masole a Linaha Tsa Selekane a khahlametsoa ke mosi o ririellaneng. Seretse se ile sa koahela metse e haufi ea Massa le San Sebastiano, hammoho le ho kupetsa koloi e tsebahalang e neng e tsamaea ka k’hebole mosikong oa thaba e ileng ea tumisoa ke pina ea Setaliana e reng “Funiculì, Funiculà.”

Kajeno, baahi ba Naples ba bonahala ba itsoella pele ka bophelo ba sa tsotelle kotsi e haufi. Bahahlauli ba tsota libaka tse tummeng historing le mehaho e hahiloeng ka tsela e ikhethang. Hoa phethesela mabenkeleng le lik’hefing ’me liketsoana li bonoa hohle Koung ea Naples. Thaba ea Vesuvius e ntse e hapa thahasello ea ba bangata ’me ba e nka e le sebaka se khathollang ho e-na le ho ba se kotsi.

Auckland—Motse o Nang le Libaka Tse Foqohang Seretse se Chesang

Motse oo likepe li emang ho oona, oa Auckland, New Zealand, o na le litutulu tse itjalileng hohle tse bakiloeng ke ho foqoha ha seretse se chesang. Ka sebele, baahi ba oona ba fetang milione ba phela libakeng tse 48 tse ka foqohang seretse. Likhohlo tse peli tsa khale tse bakiloeng ke ho foqoha hona, li entse likou tse peli tsa likepe, lihlekehlekeng tse bakiloeng ke ho foqoha ha seretse. Sehlekehleke se bonahalang hantle ke sa Rangitoto se lilemo li 600, se hlaheletseng ka holim’a metsi ka bophahamo bo lekanang le ba Thaba ea Vesuvius. Nakong eo sehlekehleke sena se neng se e-ba teng, motse o haufi oa Maori o ile oa kupetsoa ke molora.

Batho ba Auckland ba ithutile ho phela libakeng tsena tse foqohang seretse. Tutulu e hlahisitsoeng ke ho foqoha ha seretse se chesang e bitsoang Maungakiekie kajeno ke serapa sa boikhathollo le polasi ea linku ’me e bohareng ba Auckland. Libaka tse ling tse kileng tsa foqoha seretse, hona joale ke matša, lirapa tsa boikhathollo le mabala a lipapali. Se seng ke setša sa mabitla. Baahi ba bangata ba khetha ho lula matsoapong a libaka tsena e le hore ba khone ho bona hōle.

Ha batho ba ne ba qala ho lula Auckland, qalong Maori ’me hamorao lilemong tse 180 tse fetileng Maeurope, ho ka etsahala hore batho ba ne ba sa nahane hakaalo ka ho foqoha ha seretse se chesang ho kileng ha etsahala sebakeng sena. Ho e-na le hoo, batho ba ile ba iponela sebaka se itjang feela se bileng se leng haufi le leoatle—le seo mobu oa sona o nonneng. Mobu o libakeng tse ling tse kileng tsa foqoha seretse se chesang le oona o nonne. Ka mohlala, Indonesia, tse ling tsa libaka tseo ho tsona ho hlahang raese e ntle ka ho fetisisa ke tse haufi le libaka tse foqohang seretse se chesang. Boholo ba mobu o libakeng tsa temo tse manoni karolong e ka bophirimela ea United States ke oa seretse se foqohileng se chesa. Ha maemo a le hantle, sebaka se ileng sa koaheloa ke seretse se chesang se ka nka nako e ka tlaase ho selemo hore se mele lijalo.

Mekhoa e Sebelisoang ho Fana ka Temoso Esale Pele

Ba bangata ba ka ipotsa, ‘Na ha ho kotsi ho lula haufi le libaka tse ka foqohang seretse se chesang?’ Ho hlakile hore karabo ke e. Empa bo-rasaense ba khona ho lekola ho sisinyeha ha lefatše le ho foqoha ha seretse se chesang. Ka mohlala, lefapha la Geological Survey la United States, le lula le behile libaka tse ka foqohang seretse se chesang leihlo lefatšeng ho pota—ho kopanyelletsa le tse Naples le Auckland, moo ho hlophisitsoeng mananeo a haeba ho ka ba le boemo ba tšohanyetso. Ba sebelisa mechine e laoloang ke sathalaete e sebetsang lihora tse 24 ho lekola boemo ba lefatše le ho lekanya ho sisinyeha ha lefatše, bo-rasaense ba ka fumana ho sisinyeha leha e le hofe ha seretse se chesang ho etsahalang mpeng ea lefatše.

Thaba ea Vesuvius e lula e hlahlojoa. E le ho ikatela esale pele, ba boholong Italy ba ralile litsela tsa ho sebetsana le boemo ba tšohanyetso ba ha ho ka foqoha seretse se sengata joaloka se ileng sa foqoha ka 1631. Litsebi li re ba lulang sebakeng se kotsi ba ka lemosoa ba ba ba tlosoa le pele seretse se foqoha.

Auckland e lutse sebakeng seo bo-rasaense ba se bitsang khubu ea sebaka se foqohang seretse se chesang. Sena se bolela hore, ho e-na le hore seretse se foqohe sebakeng se tšoanang, se ka foqoha sebakeng se seng se fapaneng. Litsebi li re sena se ka etsahala feela ka mor’a hore ho be le litšisinyeho tsa lefatše tse ka nkang matsatsi a ’maloa ho isa libekeng tse ’maloa. Temoso e fanoang esale pele joalo e fa batho nako ea hore ba batle sebaka se sireletsehileng seo ba ka tšabelang ho sona.

Ho Beha Maemo a Kotsi Leihlo

Le hoja ho lekola libaka tse ka foqohang seretse e le mosebetsi oa bohlokoa, ha ho thuse haeba batho ba sa ele hloko litemoso. Ka 1985 ba boholong Armero, Colombia, ba ile ba lemosoa hore haufinyane ho ne ho tla foqoha seretse se chesang Nevado del Ruiz. Le hoja thaba e ne e kirietsa e le bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 50, e fana ka temoso e hlakileng, baahi ba motse ba ile ba bolelloa hore ba khobe matšoafo. Ho ile ha shoa batho ba fetang 21 000 seretseng se chesang se ileng sa aparela motse oo.

Le hoja likoluoa tse kang tseo li e-ba teng seoelo, nakong eo ho sa itseng khoe! ho ’nile ha sebelisoa nako eo ho etsa lipatlisiso tse eketsehileng le ho etsa litokisetso. Ka hona, ho lekola libaka tsena ka ho tsoelang pele, ho etsa litokisetso le ho ruta sechaba, ho ka thusa ho fokotsa likotsi tse ka hlahelang ba phelang libakeng tse haufi le moo ho foqohang seretse se chesang.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 16]

Lulang le le malala-a-laotsoe!

Na u itokiselitse boemo ba ha ho ka ba le koluoa ea tlhaho? Elang hloko maemo a behang sebaka sa lōna kotsing. Rerang esale pele hore na le le litho tsa lelapa le tla kopana hokae haeba le ka arohana, ’me le tla tsebisa mang moo le leng teng. Hlophisang lintho tseo le tla li sebelisa boemong ba tšohanyetso, tse kenyelletsang lijo le metsi, lintho tsa thuso ea pele, liaparo, mechine e amohelang le ho romela melaetsa, litoche tse sa keneleng metsi le libeteri. Bolokang lintho tse lekaneng e le hore li se ke tsa haella bakeng sa matsatsi a ’maloa.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Baeti ba tsamaea haufi le mohohlo o tlhōrōng ea Thaba ea Vesuvius

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

©Danilo Donadoni/Marka/age fotostock

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Naples, Italy, ka pela Thaba ea Vesuvius

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Tom Pfeiffer

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Setšoantšo sa motaki se bontšang ho foqoha ha seretse se sengata se chesang ka 79 C.E., se ileng sa ripitla motse oa Pompeii le oa Herculaneum

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© North Wind Picture Archives

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Rangitoto, e leng se seng sa lihlekehleke tse ngata tsa Auckland tse bakiloeng ke ho foqoha ha seretse se chesang

[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

Ka holimo le ka ho le letšehali: Thaba ea Popocateptl, Mexico

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

AFP/Getty Images

Jorge Silva/AFP/Getty Images

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 14]

USGS, Cascades Volcano Observatory

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela