Ho Thoe’ng ka Boitlamo ba ho Ila Thobalano?
LILEMONG tsa morao tjena, boitlamo ba hore motho o tla lula e le moroetsana kapa mohlankana le ba ho ila thobalano bo kang ba ho re, “Ke tla ila thobalano ho fihlela ke kena lenyalong,” bo se bo tloaelehile har’a bacha. Boitlamo bo tjena ke sesupo sa hore motho o na le sepheo se setle bo bile bo lumellana le litaelo tsa Bibele. (1 Bakorinthe 6:18; Baefese 5:5) Leha ho le joalo, ha ho na motho ea ka tiisang hore na bo atleha hakae. Ho latela patlisiso e ’ngoe, bacha ba ka bang 60 ho ba lekholo ba lilemong tse ka tlaase ho 20 ba ile ba hlōleha ho phetha boitlamo ba bona le pele selemo se fela.
Ho phaella moo, taba e ’ngoe e tšoenyang ke tsela eo bacha ba bang ba utloisisang “ho ila thobalano” le “boroetsana kapa bohlankana” ka eona. Bukeng ea bona e bitsoang Boy Crazy! Charlene C. Giannetti le Margaret Sagarese ba ngotse tjena: “Litsebi li amahanya ho phahama ha ho nyanyana litho tsa ka sephiring esita le ho li kenyana ka morao le bana ba batlang ho lula e le baroetsana kapa bahlankana ‘ho ea kamoo ba utloisisang’ boroetsana kapa bohlankana kateng. Ba etsa qeto ea hore ntho efe kapa efe e sa etsoeng ka tsela ea ho kopanela liphate ho tloaelehileng hase thobalano.”
Ho hlakile hore ke bacha ba bangata ba nang le maikutlo ana. Ka mor’a ho hloma bacha ba fetang sekete lipotso, sengoli se seng se ile sa re: “Ho bonahetse eka ke mocha a le mong kapa ba babeli ho ba lekholo ba nkang hore ho nyanyana litho tsa ka sephiring ke thobalano.” O ile a phaella ka ho re: “Hlokomela hore e ka ’na eaba mora oa hao kapa morali oa hao ea ka tlaase ho lilemo tse 20—kapa e monyenyane le ho feta—o nahana ka eona tsela eo.”
Ba mamelang melao-motheo ea Bibele baa hlokomela hore ho nyanyana litho tsa ka sephiring le ho li kenyana ka morao ke thobalano. Taelo ea Bibele e reng “le ile bohlola” e akarelletsa mekhoa eohle ea thobalano e tsoileng tseleng.—1 Bathesalonika 4:3.