U Tla Araba Joang?
KE MANG EA BUILENG MANTSOE AA?
Thala mola o kopanyang motho le polelo eo a e buileng.
Davida
Jesu
Solomone
Pauluse
1. “Ho tšaba Jehova ke qalo ea bohlale.”
2. “Kamoo le batlang hore batho ba le etse kateng, le ba etse ka tsela e tšoanang.”
3. “Lerato ha le fele le ka mohla.”
4. “Jehova ke Molisa oa ka. Nke ke ka hloka letho.”
◼ Se ka Tšohloang: Ke’ng hape eo u e tsebang ka e mong le e mong oa batho baa ba hlahang ka Bibeleng?
E ETSAHETSE NENG HISTORING?
Bolela (ba)mongoli oa buka ka ’ngoe ea Bibele libukeng tse ka tlaase, ’me u thale mola o kopanyang buka le nako eo e ka ’nang eaba e qetiloe ka eona.
1450 B.C.E. 1090 B.C.E. 1078 B.C.E. 36 C.E. 56 C.E.
5. Joshua
6. Ruthe
7. Baroma
KE ’NA MANG?
8. Ke ile ka bolela esale pele hore Sisera o tla bolaoa ke mosali.
KE ’NA MANG?
9. ’Na le monna oa ka re ile ra ipeha kotsing e le hore re sireletse Pauluse.
TSE HLAHANG MAKASINENG ENA
Araba lipotso tsena, ’me u fane ka (li)temana tsa Bibele tse sieo.
Leqephe 6 Motho o lokela ho etsa eng e le hore e be molateli oa Kreste? (Luka 9:____)
Leqephe 7-8 Moapostola Pauluse o ile a re ho ne ho tla etsahala’ng phuthehong ea Bokreste ka mor’a hore a tlohe? (Liketso 20:____)
Leqephe 13 Satane o entse’ng likelello tsa ba bangata? (2 Bakorinthe 4:____)
Leqephe 28 Bibele e re’ng ka liketso tsa bosodoma? (Baroma 1:____)
Bana Batlang Litšoantšo
Na u ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosa se etsahalang setšoantšong ka seng ka mantsoe a hao.
(Likarabo li leqepheng la 20)
LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 31
1. Solomone.—Liproverbia 9:10.
2. Jesu.—Luka 6:31.
3. Pauluse.—1 Bakorinthe 13:8.
4. Davida.—Pesaleme ea 23:1.
5. Joshua, 1450 B.C.E.
6. Samuele, 1090 B.C.E.
7. Pauluse, 56 C.E.
8. Debora.—Baahloli 4:4, 9.
9. Priska, kapa Prisilla.—Baroma 16:3, 4.