Ke Hobane’ng ha Batho ba Bangata Hakaale ba Futsanehile Lefatšeng Lee le Hafang ka Nkatana?
LEKHOLONG la pele la lilemo la mehla e tloaelehileng Jesu o ile a re: “Kamehla le na le mafutsana.” (Matheu 26:11) Ho tloha mehleng ea Jesu ho tla fihlela kajeno, ho ’nile ha e-ba le batho ba bangata ba futsanehileng. Empa ke hobane’ng ha batho ba bangata hakaale ba utloisoa bohloko ke bofutsana empa ba phela lefatšeng le ruileng hakaale?
Batho ba bang ba lumela hore batho ba futsanehisoa ke ho etsa liqeto tse fosahetseng. Ke ’nete hore sena se ka etsahala maemong a mang. Batho ba khethang ho inehella joala, lithethefatsi le ho becha ba ka lahleheloa ke matlotlo a bona a bohlokoa habonolo feela. Empa hase mafutsana ’ohle a futsanehisitsoeng ke ho etsa liqeto tse fosahetseng.
Batho ba bangata ba feletsoe ke mesebetsi ka lebaka la liphetoho tse etsahalang likhoebong tse etsang thepa. Batho ba bangata ba sebetsang ba bone ha chelete eo ba e bolokileng bophelo bohle ba bona e jeoa ke litefello tsa phekolo tse nyolohang ka sekhahla. Ba bang ba batho ba limilione tse makholo ba futsanehileng linaheng tse ntseng li hōla moruong hase molato oa bona hore ebe ba futsanehile. Hangata lintho tse etsang hore batho e be mafutsana ke tse ka holimo ho matla a bona, joalokaha lintlha tse latelang li bontša.
Seo re Ithutang Sona Linthong Tse Fetileng
Mathoasong a bo-1930, lefatše le ile la oeloa ke koluoa moruong ’me koluoa ena e ile ea bitsoa Ho oa ho Hoholo ha Moruo. Naheng e ’ngoe batho ba limilione ba ile ba felloa ke mesebetsi ’me malapa a likete tse makholo ’ona a lahleheloa ke mahae a ’ona. Le hoja batho ba bangata ba ne ba bolaoa ke tlala, balemi ba ne ba qhalla lebese le lengata ka har’a liforo, ’me liofisiri tsa ’muso li ne li qobella balemi hore ba bolaee mehlape e mengata.
Tšenyo e kaale e ne e bakoa ke eng? E ne e bakoa ke hore leano la moruo e ne e le hore ha lihlahisoa tsa temo le lihlahisoa tse ling li rekisoa li lokela ho fana ka phaello. Lebese, nama le lijo-thollo e ne e le lintho tsa bohlokoa haholo ho mafutsana. Empa ha lijo tsena li ne li sa fane ka phaello ha li rekisoa ho ne ho nkoa hore ha li sa na molemo, kahoo li ne li lahloa.
Metseng e mengata e meholo ho ile ha qhoma merusu ka lebaka la lijo. Baahi ba bang ba neng ba sitoa ho rekela malapa a bona lijo ba ne ba inkela tsona ka mahahapa ka ho supa batho ka lithunya. Ba bang bona ba ne ba bolaoa ke tlala. Lintho tseo li etsahetse United States. Qalong ea Ho oa ho Hoholo ha Moruo, tsamaiso ea lichelete e neng e bonahala e le matla naheng eo, e ile ea phoqa ba neng ba fumana meputso e tlaase-tlaase. Ho e-na le ho nka taba ea ho fa baahi lijo, matlo le mosebetsi e le eona ntho e ka sehloohong, tsamaiso ea moo ea moruo e ne e nka ho etsa phaello e le eona ntho ea bohlokoahali.
Maemo a Litaba Kajeno
Ka mor’a Ho oa ho Hoholo ha Moruo, moruo oa lefatše o ile oa ntlafala, ’me hona joale batho ba bangata ba bonahala ba ruile ba bile ba sireletsehile ho feta nakong leha e le efe. Leha e le mona ho e-na le leruo le lengata hakana, hangata mafutsana a sitoa ho ntlafatsa bophelo ba ’ona. Litlaleho tse buang ka tlala ea bo-ja-likata le bofutsana bo linaheng tse tsoelang pele moruong li ngata hoo batho ba bangata ba seng ba bile ba khathetse ke ho li bala. Leha ho le joalo, re bona litholoana tsa tsamaiso e hlōlehang ho hlokomela batho ba eona ba sotlehileng ka ho fetisisa ha re bona baphaphathehi ba bolaoa ke tlala ka lebaka la ntoa, ha lijo li bola hobane bo-ralipolotiki ba batla ho ithuisa le ha mebaraka e nyolla theko ea lintho tseo batho ba li hlokang haholo bophelong hoo mafutsana a sitoang ho li reka. Tsamaiso ea lefatše ea moruo ha e natse batho ba limilione ba futsanehileng.
’Nete ke hore ha ho na tsamaiso ea moruo e qapiloeng ke motho e atlehileng ho fa batho bohle lintho tseo ba li hlokang nameng. Lilemong tse ka bang 3 000 tse fetileng, motho e mong ea neng a behile litaba tsa lefatše leihlo ka hloko o ile a fihlela qeto ena: “Ke ile ka khutla e le hore nka bona liketso tsohle tsa khatello tse ntseng li etsoa tlas’a letsatsi, ’me, bonang! meokho ea ba ntseng ba hatelloa, empa ba ne ba se na motšelisi.” (Moeklesia 4:1) Mehleng ena eo batho ba hafang ka nkatana, batho ba ntse ba hatelloa hampe litabeng tsa lichelete.
Batho ba limilione ba sitoa ho tsoa ka lengopeng la bofutsana. Leha ho le joalo, ba bangata ba ithutile ho hlōla mathata a bona a lichelete. Ba boetse ba lebeletse bophelo bo monate nakong e tlang.
[Lebokose le leqepheng la 5]
Mathata a Boipheliso
Bukeng ea hae ea The Working Poor—Invisible in America, David K. Shipler eo e leng sengoli ebile e le motlalehi oa litaba o re hlokomelisa maemo a moruo ao batho ba bang ba phelang lintšing tsa bofutsana United States ba phelang tlas’a ’ona, o re: “Serutha sa folete se ka mpefatsa maemo a ngoana ea tšoeroeng ke lefu la asma, sena se ka etsa hore ngoana eo a bitsetsoe ambulense, e leng se kenyang lelapa sekolotong seo le tla sitoa ho se lefa, sena se le beha ka mosing ho batho bao le ba kolotang ’me se etsa hore tsoala eo le e lefang mokitlaneng oa lona oa koloi e nyolohe, sena se le tlama ho reka koloi ea mokeretla e sitisang ’mè ho fihla mosebetsing ka nako, e leng se etsang hore a se ke a nyolloa mosebetsing ’me a lule a fumana chelete e fokolang, e leng se mo tlamang hore a lule ntlong ea serutha.” Ngoana eo le ’mè oa hae ba ka ’na ba oeloa ke koluoa neng kapa neng le hoja ba lula naheng e ruileng ka ho fetisisa lefatšeng.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Na ho ba le Boikemisetso bo Botle ho Lekane?
Ka November 1993, ka har’a o mong oa mehaho ea ’muso e Washington, D.C., sehlopha sa liofisiri se ne se ntse se leka ho rarolla bothata bo bong bo boholo. Liofisiri tseo li ne li batla ho sebelisa lidolara tse limilione tse makholo tseo lefapha le nang le tsona ho thusa batho ba se nang mahae United States. Ha li ntse li tsoela pele ka lipuisano, ke ha mapolesa, ba lefapha la litima-mollo le ba litšebeletso tsa tšohanyetso ba bokane seemelong sa libese se bapileng le mohaho oo. Ba lefapha la liambulense ba ne ba ntse ba phutha setopo sa mosali ea se nang lehae. O ne a shoeletse ka pele ho liofisi tsa Lefapha la Matlo le Ntlafatso ea Litoropo (HUD) la United States, e leng lefapha la ’muso leo mosebetsi oa lona e leng ho thusa batho ba se nang mahae.
Hamorao motlalehi oa litaba oa koranta ea The New York Times o ile a buisana le mosebeletsi oa HUD ea ileng a bua ka palo ea batho ba litšebeletso tsa tšohanyetso le makoloi a neng a le teng sebakeng seo, eaba o re: “Hoa makatsa ho bona hore na ha motho a se a shoele o phalleloa ka lintho tse ngata hakae—athe ha a ntse a phela ha a fumane letho la tsona.”
[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]
’Mè eo e neng e le hloma-u-hlomole le bana ba hae ba bararo nakong ea Ho oa ho Hoholo ha Moruo lilemong tsa bo-1930
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 5]
Dorothea Lange, FSA Collection, Library of Congress
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]
Lifekthering tse kang ena batho ba fumana moputso o ka etsang R100 ka khoeli, ’me basebetsi ba ka ’na ba qobelloa ho sebetsa lihora tse 70 ka beke
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Fernando Moleres/Panos Pictures