Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/07 maq. 21-22
  • Ke Khaolitse ho ba Lekhoba la Joala

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Khaolitse ho ba Lekhoba la Joala
  • Tsoha!—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tataisoa ke Melao-motheo ea Molimo ka ho Noa Joala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • E-ba le Pono e Loketseng ka Tšebeliso ea Lino Tse Tahang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Na Bakreste ba Lokela ho Noa Joala?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Kamoo U ka Buisanang le Bana ba Hao ka Joala Kateng
    Se ka Thusang Lelapa
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 5/07 maq. 21-22

Ke Khaolitse ho ba Lekhoba la Joala

Ho noa joala bo itekanetseng ho ka theolela lijo hamonate kapa ha tlatsetsa monyakeng oa mokete. Leha ho le joalo, ho batho ba bang ho noa joala ho ka lebisa mathateng a tebileng. Nahana ka pale e latelang ea monna ea khonneng ho itšoasolla litlamong tsa ho ba lekhoba la joala.

ESITA le hona joale, ke ntse ke utloa bohloko ha ke tlameha ho bua ka moea oa tsitsipano o neng o rena lapeng. Ntate le ’Mè ba ne ba e-noa. Ka mor’a moo, Ntate o ne a qala ho otla ’Mè. Hangata o ne a nteteka ka lifeisi. Ke ne ke le lilemo li ’nè feela ha ba etsa qeto ea ho arohana. Ke sa hopola ha ke ne ke isoa ha Nkhono hore ke e’o lula teng.

Ke ile ka ikutloa ke sa batloe. Ha ke le lilemo li supileng, ke ne ke ee ke nyenyelepe ke ee phaposing e ka tlaase moo ho behiloeng veine e entsoeng lapeng moo, ebe kea e-noa, ’me ho ne ho bonahala e nkimolla ho hlonameng ha ka. Ha ke le lilemo li 12, ka le leng ’Mè le Nkhono ba ile ba tjolietsana ka lebaka la ka. ’Mè o ile a halefa hoo a ileng a ntjekeletsa ka fereko e hlaolang lehola. Ke ile ka khona ho sutha pele e fihla! Lena hase lona feela lekhetlo leo bophelo ba ka bo ileng ba e-ba kotsing ka lona. Leha ho le joalo, maqeba a ’meleng a ne a sa teba joaloka maqeba a tebileng maikutlong a ka.

Ha ke le lilemo li 14, ke ne ke se ke e-noa kamehla. Qetellong ha ke le lilemo li 17, ke ile ka baleha lapeng. Ho noa ho ne ho etsa hore ke ikutloe ke itjere, ’me ke ile ka ba mabifi, ka baka meferefere sebakeng se rekisang lino le lijo tse bobebe. Joala ke eona feela ntho e neng e mpha thabo bophelong. Ka letsatsi le le leng, ke ne ke e-noa lilithara tse ka bang 5 tsa veine, libotlolo tse ’maloa tsa biri ke be ke otle le joala bo thata.

Ha ke se ke nyetse, ho noa ha ka ho ile ha bakela mosali oa ka mathata a maholo. Ke ne ke lula ke hloname ke bile ke tlallane ke bohale, ’me ke otla mosali le bana, ke boetse ke etsa tsona lintho tse ileng tsa nthatafalletsa bophelo ha ke hōla. Hoo e ka bang chelete eohle eo ke neng ke e khola e ne e fella joaleng. Re ne re se na thepa ea ka tlung, ka hona, ’na le mosali oa ka re ne re robala fatše. Ke ne ke se na morero oa ho phela ’me ke sa etse boiteko ba ho ntlafatsa boemo ba rōna.

Ka letsatsi le leng ke ile ka buisana le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka mo botsa hore na ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola a mangata hakana, ’me Paki eo ea mpontša ho tsoa ka Bibeleng hore Molimo o tšepisa lefatše le se nang mathata. Seo se ile sa nkholisa hore ke qale ho ithuta Bibele le Lipaki. Ha ke sebelisa lintho tseo ke ithutileng tsona Bibeleng ’me ke fokotsa ho noa, bophelo ba lelapa la rōna bo ile ba ntlafala haholo. Leha ho le joalo, ke ile ka lemoha hore haeba ke batla ho sebeletsa Jehova Molimo ka tsela e amohelehang, ke ne ke tla lokela ho hlōla bothata ba ho noa. Ka mor’a likhoeli tse tharo ke loana, ke ile ka lokoloha bokhobeng ba joala. Likhoeli tse tšeletseng hamorao, ke ile ka nehela bophelo ba ka ho Molimo ’me ka bontša seo ka ho kolobetsoa.

Ha ke se ke lokolohile bokhobeng ba joala, ke ile ka khona ho lefa likoloto tsa ka. Qetellong ke ile ka reka ntlo le koloi, eo re e sebelisang ha re ea libokeng tsa Bokreste leha re ea tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Qetellong, ke ikutloa ke itlhompha hape.

Ka linako tse ling ha ke le ’mokeng, ba bang ba ee ba re ke noe. Ba bangata ha ba tsebe hore na ke loanne ka thata hakae le hore khalase e le ’ngoe e lekane hore ke khutlele moo ke tsoang teng. Ke ntse ke na le ho lakatsa joala. Ho ntlhoka hore ke rapele ka matla le ho ikemisetsa ho ba le matla a ho hana. Ha ke nyoriloe, ke noa ke butse ’metso seno leha e le sefe se se nang tahi. E se e le lilemo tse leshome joale ke s’o noe joala le hanyenyane.

Jehova a ka etsa seo motho a ke keng a se etsa. O nthusitse hore ke lokolohe ka tsela eo ke neng ke sa lore hore e ka etsahala! Ke ntse ke khathatsoa ke maikutlo a lintho tse bohloko tse etsahetseng bongoaneng, ’me ke lula ke loanela hore ke se ke ka nahana ka lintho tse ’nyahamisang. Ka lehlakoreng le leng, ke thabela ho ba le kamano e ntle le Molimo, phutheho ea metsoalle ea sebele hammoho le litho tse babatsehang tsa lelapa tseo kaofela re leng tumelong e le ’ngoe. Mosali oa ka le bana ba ntšehetsa ka lipelo tsa bona kaofela ntoeng ea ka ea ho loantša joala. Mosali oa ka o re: “Pele, ke ne ke phela ka thata. Kajeno, ke leboha Jehova haholo hore ebe ’na le monna oa ka le bana ba rōna ba babeli re thabela bophelo ba lelapa.”—Se nehetsoe.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]

Ha ke le lilemo li 14, ke ne ke se ke e-noa kamehla

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]

Jehova a ka etsa seo motho a ke keng a se etsa

[Lebokose le leqepheng la 22]

PONO EA BIBELE KA JOALA

◼ Bibele ha e nyatse ho noa joala. E hlalosa “veine e thabisang pelo ea motho ea shoang” e le mpho eo Molimo a e fileng batho. (Pesaleme ea 104:14, 15) Bibele e boetse e bua ka sefate sa morara e le letšoao la katleho le tšireletseho. (Mikea 4:4) Ha e le hantle, mohlolo oa pele oo Jesu Kreste a ileng a o etsa ke oa ho fetola metsi veine moketeng oa lechato. (Johanne 2:7-9) Ha moapostola Pauluse a utloa ka “maemo [a Timothea] a ho kula khafetsa,” o ile a mo khothalletsa hore a noe “veine e nyenyane.”—1 Timothea 5:23.

◼ Ntho eo Bibele e e nyatsang ke ho noa joala ka tsela e sa lekanyetsoang:

“Matahoa . . . le ka mohla a ke ke a rua ’muso oa Molimo.”—1 Bakorinthe 6:9-11; “The Jerusalem Bible.”

“Le se ke la tahoa ke veine, eo ho eona ho nang le ho inehella litakatso tsa nama.”—Baefese 5:18.

“Ke mang ea nang le bomalimabe? Ke mang ea hlokang botsitso? Ke mang ea nang le likhang? Ke mang ea nang le matšoenyeho? Ke mang ea nang le maqeba ntle ho lebaka? Ke mang ea mahlo a lerootho? Ke ba lulelang veine nako e telele, ba tlileng ho batla veine e tsoakiloeng. U se ke ua talima veine ha e hlahisa ’mala o mofubelu, ha e phophoma ka senoelong, ha e theohela ka mokhoa o thellang. Qetellong ea eona e loma feela joaloka noha, ’me e ntša chefo feela joaloka marabe. Mahlo a hao a tla bona lintho tse sa tloaelehang, ’me pelo ea hao e tla bua lintho tse khelohileng.”—Liproverbia 23:29-33.

Joalokaha ho bontšitsoe sehloohong sena, ba bang ba kileng ba e-ba le bothata ba joala ba entse qeto e bohlale ea ho se hlole ba noa ka ho feletseng.—Matheu 5:29.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela