Lebaka le Entseng Hore ke Tlohele Liserekisi
Joalokaha ho Boletse Marcelo Neím
KE HLAHETSE Montevideo, Uruguay. Le hoja batsoali ba ka e ne e le batho ba tšabang Molimo, ba ne ba sa kene kereke. ’Mè o ile a hlokahala kotsing e ’ngoe ha ke ne ke le lilemo tse ka bang ’nè, ’me ke ile ka hōlisoa ke beng ka ’na ba ileng ba leka ho nthuta mekhoa e metle. Ha ke le lilemo li 20, ke ile ka etsa qeto ea ho tsamaea e le hore nke ke tsebe linaha tse fapaneng le litso tse fapaneng.
Ha ke le Colombia, ke ile ka qala ho sebetsa ke le mothusi liserekising. Ke ile ka bona kamoo ba bapalang liserekising ba neng ba bonahala ba thaba kateng ha matšoele a ba thoholetsa, ’me ke ile ka batla ho ba e mong oa bona. Ka hona, ke ile ka ithuta ho bapala ka baesekele, butle-butle ka ’na ka sebelisa e nyenyane ho feta ea pele, ho fihlela ha ke khona ho bapala ka baesekele e bolelele ba lisenthimithara tse 12 feela—baesekele e nyenyane ka ho fetisisa lefatšeng. E ne e fella ka har’a seatla sa ka. Ke ile ka qala ho thabela botumo ho pholletsa le Amerika Boroa. Ha ke le lilemo li 25, ke ile ka fihla Mexico ’me ka sebetsa libakeng tse ’maloa tsa liserekisi.
Bophelo ba ka bo Fetoha ka ho Feletseng
Ke ne ke rata bophelo ba liserekisi. Bo ne bo akarelletsa ho tsamaea haholo, ho lula lihoteleng tse phahameng ka ho fetisisa le ho ja lireschorenteng tse ikhethang. Empa ke ne ke ikutloa ke se na morero bophelong, ke ne ke se na tšepo ka bokamoso. Thapameng ea letsatsi le leng bophelo ba ka bo ile ba fetoha. Motsamaisi oa liserekisi o ile a mpha buka eo a neng a e fuoe, e nang le sehlooho se reng Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!a Ka mor’a ho bapala liserekising, ke ile ka e bala ho fihlela ka meso. Le hoja buka eo e ne e se bonolo hore ke e utloisise, ke ile ka khahloa ke tlhaloso ea Tšenolo ea sebata se ’mala o sekareleta le seotsoa. (Tšenolo 17:3–18:8) Joale ha ke ntse ke hloekisa k’haravene eo ke neng ke e rekile, ke ile ka fumana buka e ’ngoe ea bahatisi bao, e reng U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng.* E ne e utloisiseha habonolo, ’me ke ile ka lemoha hona hoo hore ke lokela ho bolela. Ka hona, ke ile ka qala ho bolella e mong le e mong eo ke kopanang le eena seo ke ithutileng sona.
Ha nako e ntse e feta, ke ile ka utloa ke batla ho kopana le Lipaki Tsa Jehova. Ngoanana oa Paki ea neng a sietse motsoalle oa ka buka ea Tlhōrō ea Tšenolo o ne a ngotse linomoro tsa thelefono ea hae bukeng eo. Ka hona ke ile ka letsa, ’me ntate oa hae o ile a ’memela kopanong ea Lipaki Tsa Jehova e Tijuana, Mexico. Ke ile ka hlolloa ke lerato le neng le bonahala moo ’me ka kholiseha hore bona ke bolumeli ba ’nete. Hohle moo liserekisi li neng li ea teng, ke ne ke ea libokeng Holong ea ’Muso ’me ke fumana lingoliloeng tseo ke tla li fa batho ka tsela e sa reroang.
Ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e ileng ea nkholisa le ho feta hore ke tseleng e nepahetseng. Lipaki li ile tsa ’memela hore ke be teng Sehopotsong sa lefu la Kreste, ’me tsa ntlhalosetsa hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore Bakreste ba be teng ho sona. Empa e ne e le ka letsatsi la pele la liserekisi, ’me ke ile ka nahana hore ho ke ke ha khoneha hore ke ee. Ke ile ka rapela Jehova ka tieo ka taba ena, ’me ha etsahala ntho e ileng ea ’makatsa. Lihora tse peli pele liserekisi li qala, motlakase o ile oa tima! Ka hona, ke ile ka khona ho ea Sehopotsong ’me hamorao ka khutla ho tla bapala liserekising. Ke ile ka nka seo e le karabo ea Jehova thapelong ea ka.
Ka lekhetlo le leng ke ne ke ntse ke fana ka lipampitšana ha ke fotse moleng bankeng. Moholo e mong oa Mokreste o ile a mpona ’me a babatsa cheseho eo ea ka. O ile a nkhothalletsa hore ke bolele ka tsela e hlophisehileng, tlas’a tataiso ea phutheho. Ka lerato o ile a ntlhalosetsa hore ke lokela ho etsa liphetoho tse itseng bophelong e le hore ke tsebe ho etsa joalo. Nakong eo ke ntseng ke nahanisisa ka liphetoho tsena, ke ile ka fuoa mosebetsi o lefang haholo liserekising tsa United States. Ke ile ka ema hlooho. Ke ne ke batla ho ea United States, empa le teng ha ke amohela mosebetsi oo, ke ne ke sa tsebe hore na ho tla etsahala’ng ka tsela eo ke sa tsoa e qala bophelong. Ena e ne e le teko ea ka ea pele, ’me ke ne ke sa batle ho soetsa Jehova. Le hoja libapali-’moho le ’na li ne li sa kholoe, ke ile ka tlohela liserekisi, ka tsitsa ka phuthehong, ka kuta moriri oa ka o molelele ’me ka etsa liphetoho tse ling bophelong e le hore ke khone ho sebeletsa Jehova.
Bophelo bo Khotsofatsang Boo ke sa Ikoahlaeleng Bona
Ka 1997, nakoana pele ke kolobetsoa ke le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ke ile ka ba le teko ea bobeli—e leng monyetla o mong hape oa ho ea United States, lekhetlong lena e ne le ho ea bapala lenaneong le tummeng la thelevishene Miami, ’me litšenyehelo tsohle tsa ka li ne li tla lefelloa. Empa ke ne ke batla ho kolobetsoa e le ho phethahatsa boinehelo ba ka ho Jehova. Ka hona, ke ile ka hana mosebetsi oo, e leng ntho e ileng ea makatsa ba tsamaisang lenaneo leo haholo.
Batho ba bang ba ’nile ba mpotsa hore na ebe ha ke ikoahlaee ka ho tlohela bophelo ba liserekisi na. Karabo ea ka ke hore le ka mohla nke ke ka tela botsoalle boo ke nang le bona le Jehova le lerato la hae bakeng sa bophelo boo ke neng ke bo phela pele. Le hoja mosebetsi oa ka o mocha oa ho ba mosebeletsi oa nako e tletseng oa Mokreste o sa etse hore ke thoholetsoe, ke tume kapa ke rue lefatšeng lena, ha ke sa ikutloa ke se na morero bophelong. Ke na le tšepo e babatsehang ea ho phela lefatšeng la paradeise le ea ho amohela ’mè oa ka ha a tsoha bafung.—Johanne 5:28, 29.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.