Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/07 maq. 20-21
  • Na “ho ba Motho ea Molemo” ke Hona Feela ho Hlokahalang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na “ho ba Motho ea Molemo” ke Hona Feela ho Hlokahalang?
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Amohela Tataiso ea ’Mōpi oa Rōna
  • Bohlokoa ba ho Mamela
  • Melao ea Molimo—Bopaki ba Lerato la Hae
  • Jehova oa Thaba ha U Mamela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Melao ea Molimo e Molemong oa Rōna
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • “Se Boleloang ke Lerato la Molimo ke Sena”
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • U Lokela ho Khetha Hore na U Tla Etsa se Nepahetseng Kapa se Fosahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2024
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 7/07 maq. 20-21

Pono Ea Bibele

Na “ho ba Motho ea Molemo” ke Hona Feela ho Hlokahalang?

MOSETSANA e mong ea bitsoang Allison o re: “Ke leka ka hohle ho ba motho ea molemo.” Batho ba bangata le bona ba lumela hore sohle seo Molimo a se hlokang ke hore ba phele ka tsela e molemo.

Ba bang bona ba kholisehile hore esita le haeba ba entse sebe se tebileng, Molimo ha a tsotelle hafeela bophelong ka kakaretso e le batho ba molemo. Ba lumela hore Molimo o rata ho tšoarela batho ho e-na le ho ba ahlola.

Ke ’nete hore batho ba hlalosa “ho ba motho ea molemo” ka litsela tse sa tšoaneng. Empa Bibele e re’ng ka see? Re lokela ho etsa’ng e le hore Molimo a re amohele? Ho bolela’ng ho ba motho ea molemo mahlong a Molimo?

Ho Amohela Tataiso ea ’Mōpi oa Rōna

Kaha Jehova Molimo ke ’Mōpi oa rōna, o na le tokelo ea ho re tataisa tseleng eo re itšoarang ka eona. (Tšenolo 4:11) Molimo o sebelisa Bibele ho re fa melao le melao-motheo e re tataisang boitšoarong le borapeling. Molimo o ile a re ho batho ba hae: “Utloang lentsoe la ka, ’me le etse lintho ho ea ka sohle seo ke le laelang sona; ka sebele le tla ba sechaba sa ka ’me ke tla ba Molimo oa lōna.”—Jeremia 11:4.

Kahoo, e le hore re be ‘batho ba molemo’ mahlong a Molimo re lokela ho ithuta melao ea hae ’me re fetole tsela eo re phelang ka eona hore e lumellane le melao ea hae. Nka hore u batla ho ba motsoalle oa motho ea itseng. U ne u tla batla ho tseba hore na motho eo o rata ho tšoaroa ka tsela efe, ebe u etsa lintho tse tla mo thabisa. Bibele e bontša hore le rōna ho tšoana le mopatriareka Abrahama, Jehova e ka ba motsoalle oa rōna—ke hore a ka re amohela. (Jakobo 2:23) Ho feta moo, kaha Molimo o na le litekanyetso tse phahameng ho feta tsa rōna, re ke ke ra lebella hore a etse liphetoho tse tla lumellana le litekanyetso tsa rōna.—Esaia 55:8, 9.

Bohlokoa ba ho Mamela

Na ruri Molimo o tla re ahlola haeba re hlokomoloha litaelo tse itseng “tse nyenyane”? Ba bang ba ka ’na ba nka hore ho mamela litaelo tse itseng “tse nyenyane” hase habohlokoa hakaalo. Empa ha ho molao oo Molimo a faneng ka oona oo ho ka thoeng hase oa bohlokoa. Hlokomela hore Bibele ha e bontše phapang ea letho ho 1 Johanne 5:3, ha e re: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae.” Ha re etsa sohle se matleng a rōna ho boloka melao ea Molimo, re bonahatsa lerato le se nang boithati leo re mo ratang ka lona.—Matheu 22:37.

Jehova hase Molimo ea tsitlellang hore lintho tsohle li etsoe ka tsela e phethahetseng. Haeba re soabetse liphoso tsa rōna e le kannete ’me re leka ka matla ho se phete liphoso tseo, o ikemiselitse ho re tšoarela. (Pesaleme ea 103:12-14; Liketso 3:19) Empa na re ka hlokomoloha melao e itseng ka boomo, hobane re nahana hore seo se tla koaheloa ke ho mamela ha rōna lintlheng tse ling? Mohlala o mong o fanoeng ka Bibeleng o bontša hore ha rea lokela ho etsa joalo.

Morena Saule oa Iseraele o ile a khetha ho mamela melao e itseng feela ea Molimo. Ha a loantša Baamaleke, o ile a laeloa hore a se ke a qenehela mehlape ea bona. O ne a lokela ho ‘e bolaea.’ Le hoja Saule a ile a phetha litaelo tse ling, ha aa ka a mamela ’me o ile a qenehela “tse ntlehali tsa mohlape oa likhutšoane le tsa mohlape oa liphoofolo tse khōlō.” Hobane’ng? Hobane eena le sechaba kaofela ba ne ba ipatlela tsona.—1 Samuele 15:2-9.

Ha moprofeta Samuele a botsa Saule hore na ke hobane’ng ha a sa ka a mamela taelo ea Molimo, Saule o ile a bontša hore ha a lumellane le seo ’me a re o e mametse. O ile a thathamisa lintho tse ntle tseo eena le sechaba ba neng ba li entse, ho akarelletsa hore ba ne ba etselitse Molimo mahlabelo. Samuele o ile a botsa: “Na Jehova o thabela linyehelo tsa secheso le mahlabelo joalokaha a thabela ho mameloa ha lentsoe la Jehova? Bona! Ho mamela ho molemo ho feta sehlabelo, ho ela hloko ho molemo ho feta mafura a lipheleu.” (1 Samuele 15:17-22) Kahoo re ke ke ra koahela ho se mamele Molimo lintlheng tse itseng ka ho mo etsetsa mahlabelo kapa ka ho etsa mesebetsi e itseng e molemo.

Melao ea Molimo—Bopaki ba Lerato la Hae

Ka lerato Jehova ha aa lebella hore re phopholetse tsela eo re lokelang ho mo khahlisa ka eona. O fana ka tataiso e hlakileng ka Bibeleng, ha e le hantle o re: “Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona.” (Esaia 30:21) Ha re latela tataiso ea hae, re qoba pherekano le tsieleho e tlisoang ke ho phopholetsa likhopolong tse loantšanang tseo batho ba nang le tsona tabeng ea boitšoaro. ’Me re ka kholiseha hore tataiso eo Molimo a fanang ka eona e lula e le molemong oa rōna, ‘o re ruta hore re itsoele molemo.’—Esaia 48:17, 18.

Ke kotsi efe e ka hlahang ha re ikhethela se boleloang ke “ho ba motho ea molemo”? Kaofela ha rōna re futsitse tšekamelo ea boithati. Lipelo tsa rōna li ka re thetsa. (Jeremia 17:9) Re ka bebofatsa bohlokoa ba melao eo Molimo a faneng ka eona eo re nkang hore e thata kapa ke tšitiso.

Ka mohlala, batho ba babeli ba sa nyalanang ba ka ’na ba khetha ho kopanela liphate, ba nahana hore kaha ha ho na motho e mong ea amehang, eo ke taba ea bona ba le bang. Ba ka ’na ba hlokomela hore seo ba se etsang se khahlanong le melao e fanoeng ka Bibeleng empa ba etsa qeto ea hore hafeela “ho se motho ea tsoang kotsi,” Molimo a ka ’na a se ke a hanyetsa seo. Litakatso tsa bona li ka ’na tsa ba sitisa ho bona ho teba ha seo ba se etsang le liphello tsa sona. Bibele ea lemosa: “Ho na le tsela e lokileng ka pel’a motho, empa qetello ea eona hamorao ke litsela tsa lefu.”—Liproverbia 14:12.

Melao eohle ea Jehova e bontša lerato leo a ratang batho ka lona le hore o lakatsa ho re qobisa masisa-pelo. Ho tlōla melao ea Molimo tabeng ea boitšoaro ba ho kopanela liphate kapa likarolong tse ling ha hoa etsa hore batho ba phele ba thabile ’me ba atlehile. Ho thatafallelitse ba bangata bophelo. Ka lehlakoreng le leng, ho latela melao ea Molimo ho re thusa hore re leke ho ba batho ba molemo le ho qoba ho intša kotsi le ho ntša ba bang kotsi ho sa hlokahale.—Pesaleme ea 19:7-11.

Haeba u hlile u lakatsa ho ba motho ea molemo mahlong a Molimo, joale u lokela ho ikitlaetsa ka matla ho latela tataiso ea hae. U tla iponela hore “litaelo [tsa Jehova] ha li boima.”—1 Johanne 5:3.

NA U KILE UA IPOTSA?

◼ Ke hobane’ng ha re lokela ho amohela tataiso ea ’Mōpi oa rōna?—Tšenolo 4:11.

◼ Na re lokela ho mamela litaelo tsohle tsa Molimo?—1 Johanne 5:3.

◼ Ke hobane’ng ha e le booatla ho ikhethela litekanyetso tsa boitšoaro?—Liproverbia 14:12; Jeremia 17:9.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Na pono ea hao ka boitšoaro e tšoana le ea Molimo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela