Mohato oa 4
Beha Melao e Hlakileng ea Lapeng ’me U e Sebelise Hang-hang
Ke hobane’ng ha u lokela ho nka mohato oo? Ronald Simons, eo e leng setsebi litabeng tsa kahisano Univesithing ea Georgia, o re: “’Nete ke hore bana baa nolofalloa ha ho e-na le melao e hlakileng ’me ho fanoa ka taeo e tsitsitseng ha melao eo e tlōloa. Ha melao e joalo e le sieo, bana ba inahana bobona feela, e ba baithati ebile ha ba thabe—’me ba sulafaletsa motho e mong le e mong ea haufi le bona.” Lentsoe la Molimo le re: “Haeba u rata bana ba hao, u tla ba khalemela.”—Liproverbia 13:24, New Century Version.
Bothata: Ho beha melao e utloahalang bakeng sa boitšoaro ba bana le ho e sebelisa ho nka nako, ho hloka boiteko le mamello. Ho bonahala bana ba e-na le tšekamelo ea tlhaho ea ho leka ho tlōla melao eo. Mike le Sonia, ba hōlisang bana ba babeli, ba akaretsa bothata bona hantle. Ba re: “Bana ke batho ba nang le maikutlo a bona le litakatso tsa bona ’me ka tlhaho ba sekametse ho etseng liphoso.” Batsoali bana ba rata barali ba bona haholo. Empa baa lumela: “Ka linako tse ling bana ba ba manganga ’me ba icheba bobona.”
Tharollo: Etsisa tsela eo Jehova a ileng a sebelisana ka eona le sechaba sa Iseraele. Tsela e ’ngoe eo a ileng a bontša lerato ho batho ba hae ka eona ke ka ho ba behela melao e hlakileng eo a neng a lebeletse hore ba e latele. (Exoda 20:2-17) O ile a ba bolella le liphello tsa ho se mamele melao eo.—Exoda 22:1-9.
Ka hona, ho ka ba molemo ho ngola melao ea lapeng eo u ratang hore bana ba hao ba e mamele. Batsoali ba bang ba fana ka tlhahiso ea hore melao eo e be e ’maloa feela, mohlomong e ka bang mehlano. Ho bonolo ho sebelisa melao ea lapeng e ’maloa e khethiloeng hantle ebile ho bonolo ho e hopola. Pel’a melao eo, ngola kotlo e fanoang ha e sa mameloe. Etsa bonnete ba hore kotlo ea teng ke e lekanyelitsoeng hantle ’me ke eo u ikemiselitseng ho fana ka eona. Hlahloba melao ena kamehla e le hore bohle—ho kopanyelletsa ’Mè le Ntate—ba ka tseba hantle seo ho lebeletsoeng hore ba se etse.
Ha bana ba tlōla molao, fana ka kotlo hang-hang, u etse joalo u khobile matšoafo, u tiile ’me u fane ka eona kamehla. Hlokomela: Haeba u halefile, emela hore maikutlo a theohe pele u fana ka taeo. (Liproverbia 29:22) Leha ho le joalo, u se ke ua chechisetsa kotlo morao. Ha u fana ka taeo, hase nako ea ho sekaseka kotlo e lokelang ho fanoa. Ha u etsa joalo, ngoana oa hao o tla nka hore melao ha ea lokela ho nkoa ka botebo. Sena se tšoana le seo Bibele e se bolelang ha e re: “Kahobane kahlolo khahlanong le mosebetsi o mobe ha ea phethisoa ka potlako, ke ka lebaka leo lipelo tsa bara ba batho li ikemiselitseng ka botlalo ka ho bona ho etsa bobe.”—Moeklesia 8:11.
U ka boetse ua sebelisa matla a hao a botsoali joang ka tsela e tla ruisa bana molemo?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
“Lentsoe la lōna E le mpe le bolele E, Che ea lōna, Che.”—Matheu 5:37