Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/07 leq. 8
  • Ela Hloko Maikutlo a Ngoana oa Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ela Hloko Maikutlo a Ngoana oa Hao
  • Tsoha!—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maikutlo a Sithabetsang—U ka a Loantša Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Thusa Bana ba Hao ho Atleha
    Tsoha!—1997
  • Batsoali, Bana—Buisanang ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 8/07 leq. 8

Mohato oa 6

Ela Hloko Maikutlo a Ngoana oa Hao

Ke hobane’ng ha u lokela ho nka mohato oo? Bana ba batla hore batho ba bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba bona—e leng batsoali ba bona—ba tsebe hore na ba ikutloa joang. Haeba batsoali ba tloaetse ho hanyetsa tsela eo bana ba ikutloang ka eona, bana ba ke ke ba hlola ba bua ka bolokolohi ’me ba ka ba ba qala ho belaela hore na ebe ba ikutloa ka tsela e nepahetseng kapa che, ba be ba sitoe le ho inahanela.

Bothata: Bana ba tloaetse ho ntša menahano ea bona le maikutlo a bona ka litsela tse feteletseng. Ke ’nete hore ka linako tse ling bana ba bua lintho tse sa jeseng batsoali litheohelang. Ka mohlala, ngoana ea ferekaneng a ka ’na a re, “Ha ke sa batla ho phela.”a Karabo eo ka potlako e ka itlelang hloohong ea motsoali e ka ’na ea e-ba hore, “Che, ha ho joalo!” Batsoali ba ka ’na ba tšaba hore ho ela hloko maikutlo a fosahetseng a ngoana kapa mehopolo ea hae ho tšoana le ho a lumella.

Tharollo: Sebelisa keletso ea Bibele ea ‘ho potlakela ho utloa, ho lieha ho bua, ho lieha ho halefa.’ (Jakobo 1:19) Hlokomela hore Jehova Molimo o ile a ela hloko maikutlo a fosahetseng ao bahlanka ba hae ba bangata ba tšepahalang ba neng ba e-na le ’ona ka hore a a tlalehe ka Bibeleng. (Genese 27:46; Pesaleme ea 73:12, 13) Ka mohlala, ha Jobo a ne a le litekong tse fetisisang, o ile a itakaletsa lefu.—Jobo 14:13.

Ka ho hlakileng, karolo e ’ngoe ea menahano le maikutlo a Jobo e ne e hloka ho lokisoa. Empa ho e-na le hore Jehova a hane maikutlo a Jobo kapa a mo khutsise, O ile a hlompha Jobo ka ho mo tlohella ka mamello hore a tšolle maikutlo a hae. Ke feela ha Jobo a qetile ho bua moo Jehova a ileng a mo khalemela ka mosa. Ntate e mong oa Mokreste o ile a hlalosa taba ena tjena, “Kaha Jehova o ntumella hore ke tšollele maikutlo a ka ho eena ha ke rapela, ke nahana hore ke ntho e utloahalang hore le ’na ke lumelle bana ba ka hore ba tšollele maikutlo a bona a nepahetseng le a fosahetseng ho ’na.”

Lekhetlo le latelang ha u iphumana u batla ho re ho ngoana oa hao, “Ha ho na ntho e joalo” kapa “U ke ke ua re u tiile u nahana joalo,” hopola molao o tsebahalang oa Jesu: “Kamoo le batlang hore batho ba le etse kateng, le ba etse ka tsela e tšoanang.” (Luka 6:31) Ka mohlala, nahana ka boemo ba haeba u tšoeroe hampe mosebetsing kapa ho e-na le ntho e itseng e u soetsitseng, mohlomong phoso e entsoe ke uena. Joale ebe u bolella motsoalle oa hao ea haufi hore ua imeloa mosebetsing. U ne u tla rata hore motsoalle eo oa hao a etse’ng? Na u ne u ka rata ha a u bolella hore hase ’nete hore ua imeloa ebe o se a bile a u bolella hore ha e le hantle motho ea nang le bothata ke uena? Kapa na u ne u ka ananela ha motsoalle oa hao a ne a ka re: “Ho utloahala ho bile boima. U bile le letsatsi le bosula”?

Bana le batho ba baholo ba ka amohela keletso habonolo haeba ba bona hore motho ea ba fang eona o fela a ba utloisisa o bile o utloisisa le bothata boo ba tobaneng le bona. Lentsoe la Molimo le re: “Pelo ea ea bohlale e etsa hore molomo oa hae o bontše temohisiso, ’me e eketsa tšusumetso molomong oa hae.”—Liproverbia 16:23.

U ka etsa joang ho tiisa hore keletso eo u fanang ka eona e nkoa ka ho teba?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a U se ke ua nkela fatše lipolelo leha e le life tseo bana ba hao ba li buang mabapi le ho ipolaea.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

“Ha mang kapa mang a araba taba pele a e utloa, hoo ke booatla ho eena.”—Liproverbia 18:13

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela