Lebaka le Entseng Hore re Etele Sehlekehlekeng sa Keresemese
KA MONGOLI OA TSOHA! FIJI
SEHLEKEHLEKE sa Kiritimati (eo ha e bitsoa ho thoeng ke Ki-ris-masʹ, kapa Keresemese) ke sehlekehleke se seholo ka ho fetisisa ho tse 33 tse Leoatleng la Pacific tse etsang naha ea Kiribati.a Sehlekehleke seo se boholo ba lisekoere lik’hilomithara tse 388, se lekana le lihlekehleke tse ling tsohle tse 32 tsa Kiribati ha li kopane. Sehlekehlekeng sa Keresemese ho lula batho ba ka bang 5 000, ha baahi bohle ba lihlekehleke tsa Kiribati ba ka ba 92 000.
Lihlekehleke tsohle tsa Kiribati li na le mepopotlo ea mahoholi a leoatle e lika-likelitseng letangoana haese se le seng feela. Sehlekehleke sa Keresemese ke sona se seholo ka ho fetisisa lefatšeng le se nang le mopopotlo o moholo ka ho fetisisa oa mahoholi a leoatle o lika-likelitseng letangoana!
Ho feta moo, Sehlekehleke sa Keresemese se tsebahala ka hore se haufi le mola oo letsatsi la k’halendara ea machaba le qalang ho oona. Batho ba moo ke ba bang ba pele ba qalang letsatsi k’halendareng, ba qalang selemo le ba qalang ho tšoara litšebeletso tsa selemo le selemo, joaloka ea sehopotso sa lefu la Jesu Kreste.b
Ho feta moo, sehlekehleke sena se hōle se nang le mopopotlo oa mahoholi a leoatle o lika-likelitseng letangoana ke se seng sa libaka tsa bohlokoa haholo seo linonyana tsa leoatle li qhotsetsang ho sona libakeng tsa Tropike. Hase khale ha ho ne ho thoe linonyana tse ka bang limilione tse 25 tse bitsoang li-sooty tern li hahela moo kamehla.
Ha e sa le Sephiri sa Linonyana Feela
Ha Motsamaisi oa Sekepe, James Cook oa mofuputsi a fihla letsatsi pele ho Keresemese sehlekehlekeng seo ka 1777, ho ne ho se na batho ba ahileng moo. Empa ho ne ho e-na le linonyana tse ngata. Cook o ile a se reha Sehlekehleke sa Keresemese.c Ho bonahala eka ka lilemo-lemo, ke linonyana feela tse neng li tseba sehlekehleke seo.
Ka lekhetlo le leng ha re etetse moo, mohlokomeli e mong ea sebetsang Lefapheng la tsa Paballo ea Liphoofolo le Limela Tsa Naha o ile a re bontša lintho tse hlollang sebakeng seo. Ha re ntse re tsamaea le mohlokomeli re ea lebōpong, ho ile ha hlahella linonyana tse ntle, tse bohelehele tse ’mala o mosoeu tsa li-tern ho tla re lumelisa. Li ne li fofela haufi le rōna ka tsela ea papali li shebile ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang.
Linonyana tse ngata tsa li-sooty tern li ne li lutse fatše pel’a lebōpo leo. Linonyana tseo li tla Sehlekehlekeng sa Keresemese li le likete tse makholo ho tla qhotsetsa teng. Ha li fihla teng, li qeta libeke li fofa bosiu le motšehare ka holim’a moo li tlil’o qhotsetsa teng, li bitsana li emetse tse ling tsohle hore li fihle pele li lula fatše lepalapaleng moo.
Malinyane a li-sooty tern a qala ho solla leoatleng ha a le likhoeli li ka bang tharo. A qeta lilemo tse hlano ho isa ho tse supileng a le leoatleng a sa khutlele sebakeng se ommeng, ho fihlela ha a se a loketse ho qhotsa. A qeta boholo ba lilemo tseo a ntse a fofa. Masiba a tsona ha a na oli e lekaneng hore li ka lula li phaphametse ka metsing.
Re ile ra bona linonyana tse ling tse ’mala o motšo tse bitsoang li-noddy, li fuame malinyane le ho alama mahe. Le hoja linonyana tsena tsa leoatleng li hahela malinyane a tsona lihlaha, li-tern tse tšoeu tsona ha li hahele malinyane a tsona. Li behella makaleng a lifate a se nang lihlaha. Ka lehlohonolo, malinyane a tsona a qhotsoa a e-na le maoto le marō a tiileng hantle hore a khone ho itšoarella. Malinyane ana a masiba a bonojoana a itšoareletseng makaleng a ile a hapa mahlo a rōna hang-hang. Ke a linonyana tse ntle tse nyenyane tse bosoeu ba lehloa tse melomo e metšo.
Ha re ntse re tsamaea, nonyana e ’ngoe ea Sehlekehlekeng seo sa Keresemese e bitsoang shearwater e ile ea re kenya mahlo e le sebakeng se sireletsehileng seo e alameng ho sona haufi le moo. Sehlekehleke sa Keresemese se na le li-shearwater tse ngata ka ho fetisisa lefatšeng. ’Me ke se seng sa libaka tsa ho qetela tseo ho tsejoang hore li-storm petrel tsa Polynesia le li-petrel tsa Phoenix li qhotsetsa ho sona. Har’a mefuta e meng e mengata ea linonyana tse qhotsetsang moo, ke nonyana e setono se sefubelu ea libakeng tsa tropike, booby e lerootho, booby e sootho, booby e menoto e mefubelu, noddy e sootho le e ’ngoe ea mofuta oa frigate.
Li-frigate li fofa li sa uputse mapheo, li etsa menyakoe e hlollang, li utsoetsa tse ling litlhapi li le moeeng le ho tsekisana lijonyana tse lahliloeng ke batšoasi ba litlhapi. Li-frigate li tlameha ho tseba mahlale ana a moeeng, kaha ha li atise ho lula metsing. Ho tšoana le li-sooty tern, masiba a tsona aa ngobela, ebile mapheo a tsona a bophara ba limithara tse 1,8 a etsa hore li phahame ka thata ha li fofa.
Re ile ra utloa hore nonyana e nyenyane e sootho eo re e boneng pejana ke letletleruane le ’mala oa khauta la Pacific. Ke e ’ngoe ea linonyana tse ngata tse fallang, tse emisang Sehlekehlekeng seo sa Keresemese mariha hore e je le ho phomola ka mor’a ho fofa lik’hilomithara tse likete ho tloha Arctic Circle moo li qhotsetsang teng. Tsebo e hlollang ea ho fofa e tataisa linonyana tsena ho ea fihla sebakeng sena se hōle se lik’hilomithara tse ka bang 2 100 ka boroa ho Honolulu, Hawaii.
Lebaka le Khethehileng Leo re Etileng ka Lona
Re ne re atisa ho etela Sehlekehlekeng seo sa Keresemese, eseng ho ea bona linonyana, empa ho ea ba le Lipaki tse ling Tsa Jehova moo le ho kopanela le tsona libokeng le mosebetsing oa boboleli. Sebaka sena se ka thōko seo Lipaki tsena li lulang ho sona se li thatafalletsa lintho. Ka mohlala, lilemong tsa ho feta ha monna e mong oa Paki a hlokahala ka tšohanyetso, mosali oa hae o ile a iteta sefuba ho fana ka puo ea lepato kaha ho ne ho se motho e mong ea ka fanang ka eona. O ne a batla hore batho ba bangata ba tlileng lefung moo ba utloe tšepo eo Bibele e fanang ka eona ka bafu.—Johanne 11:25; Liketso 24:15.
Ka ntle ho liphetolelo tse tharo tsa Bibele tse babatsehang, ho na le lingoliloeng tse seng kae feela tsa Bibele. Leha ho le joalo, Lipaki Tsa Jehova li hatisa makasine ea Molula-Qhooa ka mebala e mene ’me e tsoa hang ka khoeli ka Segilbert hammoho le lingoliloeng tse ling tsa Bibele. Seo se makatsa batho ba bangata, kaha puo eo e buuoa ke batho ba ka tlaasenyana ho 100 000 lefatšeng. Lingoliloeng tseo tse thehiloeng Bibeleng li nolofalletsa sehlopha sena se ka thōko sa Lipaki ho tšoara liboka tsa borapeli kamehla le ho phethahatsa taelo ea Jesu ea hore ho boleloe litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.—Matheu 24:14; Baheberu 10:24, 25.
Baeti ba sokolisoa ke lipalangoang. Empa Sehlekehlekeng sa Keresemese motho a ka nka lihora tse tharo feela a tsamaea ka koloi ho tloha London ho ea Poland a feta le Tennessee! Empa seo se ka etsahala joang? Mabitso a thahasellisang a motse oa Banana, oa London, oa Paris, oa Poland, oa Tennessee le oa Tabwakea, a hopotsa motho ka libaka tseo baeti ba bang ba qalileng ho fihla sehlekehlekeng seo ba neng ba tsoa ho tsona.
Ka lekhetlo le leng ha re etetse moo, ngaka e ’ngoe e mosa e ile ea re memela hore re ee le eona Poland, e leng ho ileng ha re fa monyetla oa ho paka moo ka lekhetlo la pele. Kaha re ne re lokela ho nka lihora tse peli feela re le Poland, re ile ra tlameha ho matha ha re tloha ntlong e ’ngoe re ea ho e ’ngoe e le hore re mpe re fihle malapeng ’ohle. Batho bohle bao re ileng ra buisana le bona ba ile ba mamela molaetsa oa rōna oa Bibele ka hloko ’me ba amohela lingoliloeng, tseo ba neng ba makatsoa ke hore li ngotsoe ka puo ea bona.
Re rata batho bana ba ratehang ba Sehlekehlekeng se hōle sa Keresemese. Re boetse re rata linonyana tse hlollang tsa sehlekehlekeng seo. E ka ’na eaba khale koana Motsamaisi oa Sekepe, Cook o ne a nahana hore sehlekehleke seo “ke sa linonyana” feela, empa batho ba bangata ba lulang moo kajeno ha ba lumellane le seo. Le bona ba re ke lehae la bona ho tšoana le linonyana tseo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kiribati e kile ea bitsoa Lihlekehleke Tsa Gilbert. Hona joale Kiribati e akarelletsa lihlekehleke tse 16 tsa Gilbert, tsa Phoenix le tsa Line hammoho le sa Banaba (Sehlekehleke sa Ocean).
b Lipaki Tsa Jehova li mamela taelo ea Jesu ea hore li ikhopotse lefu la hae hang ka selemo ka letsatsi le lumellanang le leo a shoeleng ka lona.—Luka 22:19.
c Leoatleng la Indian le teng ho na le sehlekehleke se bitsoang hore ke sa Keresemese.
[Limmapa tse leqepheng la 16]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Sehlekehleke sa Keresemese
Banana
Tabwakea
London
Paris
Poland
Mola oo letsatsi la k’halendara ea machaba le qalang ho oona
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Linonyana tsa mofuta oa “frigate”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
GaryKramer.net
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
“Tern” e tšoeu
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Doug Perrine/SeaPics.com
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Li-“booby” tse sootho
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Valerie & Ron Taylor/ardea.com
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Re boboleling le Lipaki tsa moo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
GaryKramer.net