Libuka Tse Ngotsoeng ka Letsoho Tsa Boholo-holo—Ho Fumanoa Joang Hore na li Ngotsoe Neng?
KA 1844, Konstantin von Tischendorf, eo e neng e le setsebi sa Bibele, o ile a etela ntlong ea baitlami ea St. Catherine, e mosikong oa Thaba ea Sinai, Egepeta. Ha a ntse a etsa lipatlisiso lilaebraring tsa moo, o ile a fumana matlalo a thahasellisang a ngotsoeng ka letsoho. Kaha o ne a ithutile ka mengolo ea boholo-holo,a Tischendorf o ile a lemoha hore matlalo ao e ne e le maqephe a Septuagint, e leng phetolelo ea Segerike ea Mangolo a Seheberu, kapa “Testamente ea Khale.” O ile a ngola: “Maqephe ana a fumanoeng Sinai ke a pele a khale ka ho fetisisa ao nkileng ka a bona.”
Ho boleloa hore matlalo ana ao e leng karolo ea seo hamorao se ileng sa tsejoa e le Buka ea Sinai e Ngotsoeng ka Letsoho, (Codex Sinaiticus) a ngotsoe lekholong la bone la lilemo C.E.
Kamoo Thuto ea Mongolo oa Segerike oa Boholo-holo e Qalileng Kateng
Moitlami oa kereke ea St. Benedict ea bitsoang Bernard de Montfaucon (1655-1741), ke eena oa pele oa ho ithuta ka tsela e hlophisehileng mongolo o libukeng tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho tsa Segerike. Hamorao, litsebi tse ling li ile tsa kenya letsoho. Tischendorf o ile a qala mosebetsi o moholo oa ho bokella lethathamo la libuka tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele, tsa khale ka ho fetisisa tsa Segerike lilaebraring tsa Europe. O ile a boela a nka maeto a mangata ho ea Bochabela bo Hare, a ithuta boitsebiso bo bongata le ho hatisa seo a se fumaneng.
Lekholong la bo20 la lilemo, ho ile ha e-ba le lintho tse ling tse thusang ba ithutang mengolo ea boholo-holo. E ’ngoe ea tsona e bile lethathamo le entsoeng ke Marcel Richard la litokomane tse 900 tse hlalosang libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse 55- 000 tsa Segerike, tse buang ka Bibele le tse sa bueng ka eona, tseo tse ling tsa tsona e leng tsa lilaebrari tse 820 kapa tsa batho ka bomong. Boitsebiso bona bo bongata bo thusa bafetoleli, hape bo thusa ba ithutetseng mengolo ea boholo-holo hore ba fumane nako e batlang e nepahetse ea hore na libuka tseo li ngotsoe neng.
Kamoo ho Fumanoang Kateng Hore na li Ngotsoe Neng
Ak’u nahane u ntse u hloekisa kamore e nyenyane e mokatong o ka holimo oa ntlo ea khale, ebe u fumana lengolo le ngotsoeng ka letsoho, le sa boleleng hore na le ngotsoe neng, ’me le se le thuntse ke bokhale. Mohlomong ua ipotsa, ‘Ebe lengolo lee le ngotsoe neng?’ Joale u bona lengolo le leng hape la khale. Mokhoa oo le ngotsoeng ka oona, mongolo, matšoao a puo le lintho tse ling tsa lona li tšoana le tsa lengolo la pele. Empa ntho e u thabisang ke hore lengolo lena la bobeli lea bontša hore na le ngotsoe neng. Le hoja u ke ke ua tseba selemo seo lengolo la pele le ngotsoeng ka sona, e ka ’na eaba joale u na le leseli le tla u thusa hore u hakanye nako eo le ngotsoeng ka eona.
Bangoli ba bangata ba boholo-holo ha baa ka ba ngola hore na ba qetile neng ho ngola libuka tsa bona tsa Bibele. E le hore litsebi li fumane hore na libuka tseo li ngotsoe neng, li li bapisa le lingoliloeng tse ling, ho kopanyelletsa le litokomane tseo e seng tsa Bibele tseo ho tsejoang hore na li ngotsoe neng, ebe li fihlela qeto li itšetlehile ka mongolo, matšoao a puo, khutsufatso ea mantsoe le lintho tse ling. Leha ho le joalo, ho fumanoe libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse makholo tse bontšang hore na li ngotsoe neng. Libuka tseo tse ngotsoeng ka letsoho ka Segerike, li ngotsoe ho tloha ka bo-510 C.E. ho ea ho 1593 C.E.
Kamoo Mokhoa oa ho Ngola o Thusang Kateng
Ba ithutetseng mengolo ea boholo-holo ba arola mongolo oa letsoho oa boholo-holo oa Segerike lihlopha tse peli—e leng mongolo oa libuka, o makhethe le o hlophisehileng, le mongolo o hariloeng, oo litlhaku tsa oona li kopaneng, o neng o sebelisoa ha ho sa ngoloe libuka. Bangoli ba Bagerike ba ne ba boetse ba sebelisa mekhoa e meng ea ho ngola, e kang mongolo oa litlhaku tse khōlō, mongolo oa uncial (mofuta o itseng oa ho ngola ka litlhaku tse khōlō), mongolo o hariloeng le mongolo o nyenyefalitsoeng. Mongolo o mong oa libuka, e leng oa uncial, o ile oa sebelisoa ho tloha lekholong la bone la lilemo B.C.E. ho fihlela lekholong la borobeli kapa la borobong la lilemo C.E. Mongolo o nyenyefalitsoeng oa libuka, o ile oa sebelisoa ho tloha lekholong la borobeli kapa la borobong la lilemo C.E. ho fihlela bohareng ba lekholo la bo15 la lilemo, ha ho ne ho qala ho hatisoa ka mechine Europe. Mongolo o nyenyefalitsoeng o ne o ka ngoloa ka potlako le ho nka sebaka se senyenyane, e leng ntho e neng e boloka nako le letlalo leo ho ngolloang ho lona.
Ba ithutetseng mengolo ea boholo-holo ba na le mekhoa eo ba ratang ho e sebelisa ea ho fumana hore na libuka tse ngotsoeng ka letsoho ke tsa neng. Ka tloaelo, ba qala ka ho hlahloba se ngotsoeng ka kakaretso—ebe joale baa se hlahlobisisa, ba sekaseka tlhaku ka ’ngoe. Kaha ka tloaelo ho ne ho nka nako e telele hore ho be le liphetoho tse khōlō mokhoeng o itseng oa ho ngola, le hoja ho thusa ho hlahlobisisa se ngotsoeng, tlhahlobo eo e fana feela ka leseli le akaretsang la hore na e ka ’na eaba seo se ngotsoe neng.
Ka lehlohonolo, ho na le litsela tse ling tse ka sebelisoang ho fumana nako e batlang e atametse haholoanyane. Tsona li akarelletsa ho lemoha hore na selelekela se ngotsoe joang le hore na ke sa mehleng efe. Ka mohlala, ka mor’a 900 C.E., bangoli ba ile ba qala ho ngola ba matahanya litlhaku tse peli kapa ho feta ha ba ngola ka Segerike. Hape bangoli ba ile ba qala ho ngola ka tlas’a mola hammoho le ho sebelisa matšoao a puo a neng a thusa ’mali ho bitsa mantsoe hantle.
Ka tloaelo mongolo oa motho ha o fetohe. Ka hona, ho ka boleloa feela hore taba e itseng e ngotsoe nakong ea lilemo tse ka bang 50. Ho feta moo, ka linako tse ling bangoli ba ne ba kopitsa tsela eo libuka tse ling tsa khajana li ngotsoeng ka eona, kahoo ba etsa hore seo ba se ngolang se bonahale e le sa khale ho feta kamoo se leng kateng. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mathata a mangata, ho fanoe ka nako ea hore na libuka tse ngata tsa bohlokoa tsa Bibele li ngotsoe neng.
Nako eo Libuka Tsa Bohlokoa Tsa Bibele Tsa Segerike li Ngotsoeng ka Eona
Buka e Ngotsoeng ka Letsoho ea Alexandria (Codex Alexandrinus), eo hona joale e leng Laebraring ea Brithani, e bile buka ea pele ea Bibele e ngotsoeng ka letsoho eo litsebi li ileng tsa e fumana. E na le mangolo a mangata a Bibele ’me e ngotsoe ka mongolo oa uncial oa Segerike letlalong la boleng bo phahameng la vellum. Ho nkoa hore buka ena e ngotsoe lekholong la bohlano la lilemo C.E., haholo-holo e le ka lebaka la liphetoho tse bileng teng mongolong oa uncial pakeng tsa lekholo la bohlano le la botšelela la lilemo, tse tšoanang le tse tokomaneng e nang le nako ea hore na e ngotsoe neng, e leng tokomane ea Dioscorides ea Vienna.b
Buka ea bobeli e khōlō eo litsebi li ileng tsa e fumana ke Buka e Ngotsoeng ka Letsoho ea Sinai (Codex Sinaiticus), eo Tischendorf a e fumaneng ntlong ea baitlami e St. Catherine. Buka ena e ngotsoeng ka mongolo oa Segerike oa uncial letlalong e na le karolo ea Mangolo a Seheberu a tsoang ho Septuagint ea Segerike hammoho le Mangolo ’ohle a Segerike a Bakreste. Maqephe a 43 a buka ena a bolokiloe Leipzig, Jeremane; a 347 a Laebraring ea Brithani e London; ’me a mang a mararo a St. Petersburg, Russia. Litsebi li re buka eo e ngotsoe ho elella qetellong ea lekholo la bone la lilemo C.E. Nako ena e tiisoa ke boitsebiso bo ngotsoeng ka thōko Likosepeleng, bo tsebahalang ka hore bo hlophisitsoe ke rahistori oa lekholong la bone la lilemo, Eusebius oa Cesarea.c
Buka ea boraro ea bohlokoa ke Buka e Ngotsoeng ka Letsoho ea Vatican No. 1209 (Codex Vaticanus), eo qalong e neng e e-na le Bibele eohle ka Segerike. Buka ena e ile ea hlaha ka lekhetlo la pele lethathamong la libuka la Laebrari ea Vatican ka 1475. Buka ena e ngotsoeng ka mongolo oa Segerike oa uncial matlalong a boemo bo phahameng a 759, e na le mangolo a mangata a Bibele, ntle le karolo e khōlō ea Genese, karolo e itseng ea Lipesaleme le likarolo tse ling tsa Mangolo a Segerike a Bakreste. Litsebi li re buka ena e ngotsoe mathoasong a lekholo la bone la lilemo C.E. Li fumane nako ee joang? Mongolo oa eona o tšoana le oa Buka e Ngotsoeng ka Letsoho ea Sinai, eo le eona e leng ea lekholong la bone la lilemo. Leha ho le joalo, buka eo ea Vatican e nkoa e le ea khajana. Ka mohlala, har’a tse ling, ha e na litšupiso tse bohareng ba leqephe tsa Eusebius.
Letlotlo Qubung ea Lithōle
Ka 1920, Laebrari ea John Rylands e Manchester, Engelane, e ile ea fumana pokella ea maqephe a loli a neng a sa tsoa epolloa qubung ea lithōle, Egepeta ea boholo-holo. Ha Colin Roberts, eo e leng setsebi, a ntse a hlahloba maqephe ana a neng a akarelletsa mangolo, lirasiti le litokomane tsa palo ea sechaba, o ile a bona sekhechana se nang le litemana tse ’maloa tseo a li tsebang tse hlahang ho Johanne khaolo ea 18. E ne e le sekhechana sa pele se nang le litemana tsa Mangolo a Segerike a Bakreste se neng se tsejoa ka nako eo.
Sekhechana seo se ile sa tsejoa e le Loli ea John Rylands 457, eo machabeng e neng e tsejoa e le P52. Kaha se ngotsoe ka mongolo oa Segerike oa uncial, litsebi li re ke sa mathoasong a lekholo la bobeli la lilemo—e leng lilemo tse mashome a ’maloa feela ka mor’a hore Kosepele ea Johanne e qale ho ngoloa! Ntho ea bohlokoa ke hore litemana tseo li lumellana hantle le tse fumanoeng hamorao libukeng tse ling tse ngotsoeng ka letsoho.
Ke ea Khale Empa e Nepahetse!
Bukeng ea hae e reng The Bible and Archæology, mohlahlobisisi oa lingoliloeng oa Lebrithani, Monghali Frederic Kenyon, o ngotse tjena mabapi le Mangolo a Segerike a Bakreste: “Qetellong, ho ka boleloa hore libuka tsa Testamente e Ncha li nepahetse ebile lia tšepahala.” Ka ho tšoanang, ha setsebi William H. Green a bua ka ho tšepahala ha Mangolo a Seheberu, o itse: “Ho ka boleloa ka nepo hore ha ho buka e ’ngoe ea khale e ’nileng ea kopitsoa ka ho nepahala joaloka ena.”
Mantsoe ana a re hopotsa a moapostola Petrose, a reng: “Nama eohle e joaloka joang, le khanya eohle ea eona e joaloka thunthung ea joang; joang boa omella, ’me palesa ea oa, empa lentsoe la Jehova le lula le le teng ka ho sa feleng.”—1 Petrose 1:24, 25.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Thuto ea mongolo . . . ke eo ho eona batho ba rutoang ka mengolo ea boholo-holo le ea mehla e bohareng. E shebane haholo le mengolo e linthong tse senyehang, tse kang loli, letlalo kapa pampiri.”—The World Book Encyclopedia.
b Dioscorides ea Vienna e ne e ngoletsoe Juliana Anicia ka ho khetheha, ea ileng a hlokahala ka 527 kapa ka 528 C.E. Tokomane eo “ke mohlala oa khale ka ho fetisisa oa mongolo oa uncial o ngotsoeng letlalong la vellum, eo ho ka fanoang ka nako ea hore na e ngotsoe neng.”—An Introduction to Greek and Latin Palaeography, e ngotsoeng ke E. M. Thompson.
c Boitsebiso bona bo ngotsoeng ka thōko bo tsejoang e le ba Eusebius ke litšupiso tse bohareng ba leqephe, “tse bontšang hore na ke litemana life Kosepeleng ka ’ngoe tse tšoanang le litemana tse Likosepeleng tse ling.”—Manuscripts of the Greek Bible, e ngotsoeng ke Bruce M. Metzger.
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 21]
Litsebi li khona ho fumana hore na libuka tse ling li ngotsoe neng ka ho hlahloba ka hloko libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse bontšitseng hore na li ngotsoe neng
[Lebokose leqepheng la 20]
Nako eo Moqolo oa Esaia oa Leoatle le Shoeleng o Ngotsoeng ka Eona
Moqolo oa pele oa Leoatle le Shoeleng oa buka ea Bibele ea Esaia, o sibolotsoeng ka 1947, o ne o ngotsoe letlalong ka Seheberu sa pele ho Bamasorete. Ho fumanoe hore o ngotsoe bofelong ba lekholo la bobeli la lilemo B.C.E. Litsebi li fumane nako eo joang? Li ile tsa bapisa moqolo oo le lingoliloeng tse ling tsa Seheberu ’me tsa fumana hore mongolo oa oona ke oa lilemong tse pakeng tsa 125 B.C.E. le 100 B.C.E. Ho ile ha fumanoa bopaki bo bong ho sebelisoa carbon-14 ho bona hore na o ngotsoe neng.
Ho hlollang ke hore ha ho bapisoa Meqolo ea Leoatle le Shoeleng le se ngotsoeng ke Bamasorete lilemong tse makholo a mangata hamorao, molaetsa ha oa fetoha.d Phapang e teng boholo ke ea ho peleta le ea sebōpeho sa puo. Ntho e ’ngoe ea bohlokoa ke hore litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo, Jehova, li hlaha ka tsela e tšoanang moqolong oa Esaia.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
d Bamasorete, bao e neng e le bakopitsi ba hlokolosi ba Bajuda, ba phetse lilemong tsa bo-500 C.E. ho ea ho 1 000 C.E.
[Chate/Litšoantšo leqepheng la 20, 21]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
Mongolo oa Letsoho oa Segerike
Mongolo oa libuka (uncial)
Ho tloha lekholong la bo4 la lilemo B.C.E. ho ea lekholong la bo8 kapa la bo9 la lilemo C.E.
Mongolo o nyenyefalitsoeng
Ho tloha lekholong la bo8 kapa la bo9 la lilemo C.E. ho ea lekholong la bo15 la lilemo C.E.
Libuka Tsa Bohlokoa Tse Ngotsoeng ka Letsoho
400
200
Moqolo oa Leoatle le Shoeleng
Bofelong ba lekholo la bo2 la lilemo B.C.E.
B.C.E.
C.E.
100
Loli ea John Rylands 457
125 C.E.
300
Buka e Ngotsoeng ka Letsoho ea Vatican No. 1209
Mathoasong a lekholo la bo4 la lilemo
Buka e Ngotsoeng ka Letsoho ea Sinai
Lekholong la bo4 la lilemo
400
Buka e Ngotsoeng ka Letsoho ea Alexandria
Mathoasong a lekholo la bo5 la lilemo
500
700
800
[Litšoantšo leqepheng la 19]
Ka holimo: Konstantin von Tischendorf
Ka ho le letona: Bernard de Montfaucon
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Réunion des Musées Nationaux/Art Resource, NY
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 20]
Dead Sea Scroll: Shrine of the Book, Israel Museum, Jerusalem
[Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng leqepheng la 21]
Typographical facsimile of Vatican Manuscript No. 1209: From the book Bibliorum Sacrorum Graecus Codex Vaticanus, 1868; Reproduction of Sinaitic Manuscript: 1 Timothy 3:16, as it appears in the Codex Sinaiticus, 4th century C.E.; Alexandrine Manuscript: From The Codex Alexandrinus in Reduced Photographic Facsimile, 1909, by permission of the British Library