Ke Mang ea Lokelang ho Etsa Qeto ea Hore na Bolumeli ba ’Nete ke Bofe?
JESU o ile a hlakisa hore Molimo ha a amohele mefuta e meng ea borapeli. O ile a bua ka “baprofeta ba bohata,” a ba tšoantša le sefate se hlahisang litholoana tse se nang thuso ’me a re “sea rengoa ’me se lahleloa mollong.” O ile a boela a re: “Hase e mong le e mong ea reng ho ’na, ‘Morena, Morena,’ ea tla kena ’musong oa maholimo.”—Matheu 7:15-22.
Ha e le hantle, Jesu o ile a re ka ba bang ba neng ba tla ipolela hore baa mo latela: “Ke tla ba bolella: Ha kea ka ka le tseba le ka mohla! Tlohang ho ’na, lōna ba etsang tlōlo ea molao.” (Matheu 7:23) Ho feta moo, ha Jesu a ne a bua le baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae, o ile a bontša hore mantsoe ao Molimo a neng a a boleletse Baiseraele ba koenehileng a sebetsa le ho bona, a reng: “Ke ha lefeela hore ebe se ntse se nthapela, hobane se ruta litaelo tsa batho e le lithuto.”—Mareka 7:6, 7.
Ho hlakile hore hase borapeli ba mofuta o mong le o mong bo amoheloang ke Molimo kapa Mora oa hae. Kahoo, hase borapeli ba mofuta o mong le o mong boo e leng ba ’nete. Na see se bolela hore ho na le bolumeli bo le bong feela bo rutang ’nete? Na ebe Molimo o sebelisa malumeli a mangata, le hoja ho na le ao a sa a amoheleng? Kapa mohlomong na Molimo o amohela borapeli ba batho ka bomong le ho se amohele borapeli ba ba bang ba malumeling a sa tšoaneng, ho sa tsotellehe hore na malumeli a bona a ruta eng?
Molimo o ile a bululela moapostola Pauluse hore a ngole tjena: “Joale kea le eletsa, barab’eso, ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste hore kaofela le bue ka tumellano, le hore ho se ke ha e-ba le likarohano har’a lōna, empa hore le kopane ka ho loketseng kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana.” (1 Bakorinthe 1:10) Bibele e boetse e khothalletsa Bakreste hore ‘ba be le kelello e tšoanang ’me ba be le lerato le tšoanang, ba kopane hammoho moeeng, ba bolokile kelellong monahano o le mong.’—Bafilipi 2:2.
Ha bonngoe bo joalo bo le teng, ha e le hantle phello e ba bolumeli bo le bong. Ka hona, Bibele e re “Morena o mong, tumelo e ’ngoe, kolobetso e ’ngoe.”—Baefese 4:4, 5.
Seo Tlaleho ea Bibele e se Bontšang
Tlaleho ea Bibele e bontša ka ho hlaka hore se boletsoeng ka holimo se lumellana le Mangolo ka botlalo. Ha u hlahloba tlaleho ena, u tla hlokomela hore Molimo o ne a sebelisana le batho ba hae ka borapeli bo le bong feela. Qalehong ea histori ea batho, Molimo o ile a sebelisa bapatriareka, kapa lihlooho tsa malapa e le baemeli ba hae. Ba hlaheletseng ho bona ke Noe, Abrame (Abrahama), Isaka le Jakobo.—Genese 8:18-20; 12:1-3; 26:1-4; 28:10-15.
Ba lesika la Jakobo ba ile ba qetella ba le bokhobeng Egepeta. Ha ba le moo, ba ne ba hateletsoe ka sehlōhō empa leha ho le joalo ba ata ho fihlela ba e ba limilione. Molimo o ile a ba lopolla bokhobeng, a ba tšelisa Leoatle le Lefubelu ka mohlolo. Joale o ile a ba amohela e le batho ba hae, a ba fa melao ka mokena-lipakeng, Moshe. Ba ile ba fetoha sechaba sa boholo-holo sa Iseraele, e leng sechaba sa Molimo.—Exoda 14:21-28; 19:1-6; 20:1-17.
Re lokela ho hlokomela hore Molimo ha aa ka a amohela borapeli ba lichaba tse neng li pota-potile Baiseraele. Ha e le hantle, o ile a otla batho ba hae ha ba kheloha melao ea hae ’me ba sebelisa mekhoa eo ea borapeli.—Levitike 18:21-30; Deuteronoma 18:9-12.
Batho ba lichaba tse ling ba neng ba batla ho rapela Molimo oa ’nete ba ne ba lokela ho etsa’ng? Taba ea pele, ba ne ba tlameha ho furalla borapeli ba bona bo fosahetseng ’me ba ikopanye le Baiseraele ho rapeleng Jehova Molimo. Ba bangata ba bona ba ile ba amoheloa ke Molimo ’me ea e-ba bahlanka ba hae ba tšepahalang. Bana ba akarelletsa basali ba kang Rahaba oa Mokanana le Ruthe oa Momoabe; banna ba kang Uria oa Mohethe le Ebede-meleke oa Moethiopia; hammoho le lihlopha tsa batho, tse kang Bagibeone. Morena Solomone oa Iseraele o ile a etsa thapelo e tsoang botebong ba pelo molemong oa ba joaloka bana, ba ileng ba ikopanya le batho ba Molimo borapeling ba ’nete.a—2 Likronike 6:32, 33.
Ka Mor’a Hore Jesu a Tle Lefatšeng
Hamorao, ha Jesu a romeloa lefatšeng, ho ile ha thehoa borapeli ba ’nete lithutong tsa hae, ’me morero oa Molimo o ile oa hlakisoa ka tsela e ikhethang. Ha nako e ntse e ea, barapeli ba ’nete ba ile ba bitsoa “Bakreste.” (Liketso 11:26) Ka hona, Bajuda ba neng ba batla hore Molimo a ba amohele ba ile ba tlameha ho furalla tsela eo ba neng ba rapela ka eona. Ba ne ba se na monyetla oa ho khetha pakeng tsa borapeli ba bona le bo thehiloeng ke Jesu, kapa ho khetha ho ithapella e le batho ka bomong. Joalokaha re bone Lentsoeng la Molimo, barapeli ba ’nete ba ne ba momahane ‘tumelong e le ’ngoe.’—Baefese 4:4, 5.
Kajeno, ba bang ba ka ’na ba nka hore khopolo ea hore Molimo o sebelisana le batho ka bolumeli bo le bong feela e feteletse ’me ba thatafalloa ho e amohela. Empa Bibele e etsa hore re fihlele qeto eo. Nakong e fetileng, batho ba bangata ba neng ba ithapella ba le bang ba ile ba lemoha taba ena. Ba ile ba ikopanya le barapeli ba ’nete ba Jehova, ’me lipelaelo leha e le life kapa tšabo eo pele ba neng ba e-na le eona, li ile tsa nkeloa sebaka ke litlhohonolofatso tse enneng le thabo e khōlō. Ka mohlala, Bibele e re ka mor’a hore monna e mong oa Moethiopia a amohele Bokreste ’me a kolobetsoe, ‘o ile a tsoela pele ho tsamaea a thabile.’—Liketso 8:39.
Motho leha e le ofe kajeno ea amohelang le ho phela tumellanong le bolumeli ba ’nete o tla fumana tlhohonolofatso e tšoanang. Empa kaha ho na le malumeli a mangata haholo ao u ka khethang ho ’ona, u ka khetholla bolumeli bo le bong feela ba ’nete joang?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a U ka bala ka batho bana litlalehong tse latelang tse hlahang ka Bibeleng: Joshua 2:1-7; 6:22-25; Ruthe 1:4, 14-17; 2 Samuele 11:3-11; Jeremia 38:7-13 le Joshua 9:3-9, 16-21.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Ho tla etsahala eng ka bolumeli bo hlahisang litholoana tse se nang thuso?