Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/08 leq. 3
  • Lebaka Leo ba Bangata ba se Nang Tšepo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo ba Bangata ba se Nang Tšepo
  • Tsoha!—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Etsahala’ng ka Boemo ba Leholimo?
    Tsoha!—2003
  • Na See se Supa Tlokotsi?
    Tsoha!—2008
  • Tumelo le Bokamoso ba Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Na Liboka Tse Mabapi le Boemo ba Leholimo li Tla bo Ntlafatsa?
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 5/08 leq. 3

Lebaka Leo ba Bangata ba se Nang Tšepo

Lefatšeng ho pota, ho etsahala lintho tse tšosang hoo batho ba tšabang hore na bokamoso bo tla ba joang. Metseng e mengata e meholo, baahi ba behoa leihlo ka lik’hamera tse lebelang. Ka lebaka la ho tšaba bokhukhuni, libaka tse ngata tse phetheselang tsa boema-fofane e se eka ke likampo tsa masole. Masholu a mangata le batho ba baholo ba hlekefetsang bana ka thobalano ba sebelisa Inthanete e le hore ba fumane batho ba sa lemoheng, bao ba ka ba utsoetsang kapa ba ba hlekefetsa. Mabapi le tikoloho, lintho tse kang tšilafalo, ho senngoa ha meru, ho fela ha mefuta ea limela le liphoofolo le ho futhumala ha lefatše, li sokela bokamoso ba lintho tse phelang lefatšeng lena la rōna.

LE HOJA meloko e ’meli kapa e meraro e fetileng ea batho e ne e sa nahane hore lintho tsena li ka etsahala, kajeno ke lintho tseo lefatše le amehileng ka tsona. Ka lebaka le utloahalang, batho ba bangata baa ipotsa hore na ho etsahala’ng ka lefatše le hore na bona le bana ba bona ba tla phela bophelo bo joang nakong e tlang. Na ho na le nako eo ka eona batho ba tla tšaba ho palama bese, terene kapa sefofane? Kaha litheko li ntse li phahama ’me lirafshoa tsa lefatše li sebelisoa haholo, na ka moso batho ba tla khona ho lefella phekolo ea boemo bo botle, lijo tsa boleng le mafura a lekaneng?

Ha letona le leng la bophelo Canada le bua ka litefello tse ntseng li phahama tsa phekolo, le ile la re: “Re tšoha haholo ha re nahana ka bokamoso.” Batho ba bangata ba boetse ba amehile ka lijo le mafura. Hobane’ng? E le hore linaha tse ling li se ke tsa itšetleha haholo ka mafura a fumanoang mesaletseng ea lintho tsa boholo-holo, li sebelisa chelete e ngata ho hlahisa mafura ka limela, a kang ethanol. Ka hona, ka lekhetlo la pele historing, masimo a teng a lokela ho hlahisa lijo bakeng sa batho a be a hlahise mafura bakeng sa likoloi. Ka lebaka leo, ho phahama ha litheko tsa lijo ho se ho ntse ho bonahala.

Ka nako e tšoanang, phapang e teng pakeng tsa barui le bafutsana e ntse e eketseha ’me seo se baka khatello sechabeng. Tlaleho ea Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo e re: “Lilemong tsena tse leshome tse qalang tsa lekholo la bo21 la lilemo, ho na le tsoelo-pele e khōlō boiketlong ba batho, ha ka lehlakoreng le leng ho e-na le bofutsana bo boholo. Lilemo tseo baahi ba linaheng tse futsanehileng haholo ba neng ba li phela li fokotsehile ka halofo ha li bapisoa le tsa baahi ba linaheng tse ruileng haholo.” Sena se bakoa haholo ke maloetse le ke mathata a teng sechabeng le moruong linaheng tse sa tsitsang lipolotiking.

Ho phaella mathateng ana, bothata ba ho futhumala ha lefatše bo ka ’na ba etsa hore libaka tse ngata li fetohe mahoatata, ’me ho be le maemo a mabe a leholimo, e leng lona lebaka le etsang hore batho ba bangata ba rutehileng ba tšoenyehe ka bokamoso. Bangoli ba makasine ea Bulletin of the Atomic Scientists, ba behang nako ea se bitsoang Oache ea Letsatsi la Timetso ba bontša hore bokamoso bo bonahala bo le lerootho “ha bo-rasaense ba tsoela pele ho bona liphello tse mpe tseo [ho futhumala ha lefatše] ho bang le tsona tikolohong ea Lefatše le linthong tse phelang ho lona.”

Na maemo a tla fela a be mabe joalokaha ho bonahala ho le joalo? Na tšepo feela eo re ka bang le eona ea ho ba le bokamoso bo thabisang e itšetlehile ka baeta-pele ba khoebo, ba lipolotiki, ba bolumeli le ba saense? Ba bang ba re, ‘ntle le moo re ka tšepa eng? Ke rōna ba ikentseng mathateng ana, ka hona re lokela ho intša ho ’ona.’ Ba bang ba nka hore batho ba ke ke ba fumana tharollo ’me ke Molimo feela eo re ka mo tšepang hore re be le bokamoso bo sireletsehileng. Haeba ho joalo, re ka kholiseha joang hore Molimo oa re thahasella le hore o tla re sireletsa hore re se ke ra itimetsa? Lihlooho tse latelang li tla araba lipotso tsena.

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 3]

Na tšepo feela eo re ka bang le eona ea ho ba le bokamoso bo thabisang e itšetlehile ka baeta-pele ba khoebo, ba lipolotiki, ba bolumeli le ba saense?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela