“Ebe Ngoana oa ka o Kenoe ke Eng?”
Scott le Sandraa ba ile ba ema hlooho ha morali oa bona ea lilemo li 15 a kena ka tlung. O ne a daile moriri o le mofubelu o re tlere! Ho ileng ha ba emisa hlooho le ho feta ke tsela eo a ileng a bua le bona ka eona ka mor’a moo.
“Ke mang ea itseng u daee moriri?”
“Ha le e-s’o ka le re ke se ke ka o daea.”
“Ke hobane’ng ha u sa re botsa pele?”
“Ke ne ke tseba hore le tla hana!”
JOALOKAHA Scott le Sandra ba ka paka, lilemo tsa bocha ke nako e thata ho bacha le batsoali. Ha e le hantle, liphetoho tse khōlō tseo ngoana a bang le tsona ha a fihla lilemong tsa bocha li hlaha batsoali ba bangata lesumatha. ’Mè e mong oa Canada ea bitsoang Barbara, o re: “Morali oa rōna o ile a fetoha ka ho panya ha leihlo. Ke ile ka ipotsa hore na ‘Ebe ngoana oa ka o kenoe ke eng?’ E ne eka o ile a nkoa ha re ntse re robetse, ’me sebakeng sa hae ha behoa ngoana e mong!”
Ka sebele hase Barbara feela ea fetileng boemong boo. Ak’u nahane ka seo batsoali ba likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše ba se boleletseng Tsoha!
“Ha mora oa rōna a le lilemong tsa bocha, ka ho panya ha leihlo feela o ile a bonahala e se e le motho ea tsitlellang maikutlong a hae le ea seng a sa rate ha re mo laela.”—Lia, Brithani.
“Barali ba rōna ba ile ba qala ho tšoenyeha ka seo ba leng sona, haholo-holo ka tsela eo ba shebahalang ka eona.”—John, Ghana.
“Mora oa ka o ne a se a batla ho iketsetsa liqeto. O ne a sa batle ho bolelloa hore na a etse’ng.”—Celine, Brazil.
“Morali oa rōna o ne a se a sa rate ha re mo haka kapa re mo aka.”—Andrew, Canada.
“Bashemane ba rōna ba ile ba e-ba mabifi. Ho e-na le hore ba amohele liqeto tseo re li etsang, ba ne ba tletleba ba bile ba re phehisa khang.”—Steve, Australia.
“Morali oa ka o ne a se a pata tsela eo a ikutloang ka eona. O ne a itšehla thajana, ’me a teneha ha ke leka ho mo thusa hore a ntše maikutlo a hae.”—Joanne, Mexico.
“Bana ba rōna ba ne ba se ba e-na le liphiri ba bile ba batla ho qeta nako e eketsehileng ba le bang. Hangata ba ne ba khetha ho qeta nako ba e-na le metsoalle ea bona ho e-na le ho e qeta ba e-na le rōna.”—Daniel, Philippines.
Haeba u na le ngoana ea lilemong tsa bocha, e ka ’na eaba tse ling tsa lipolelo tse ka holimo li hlalosa boemo bo tšoanang le boo u leng ho bona. Haeba ho joalo, kholiseha hore u ntse u ka khona ho utloisisa “motho enoa eo u sa mo tsebeng,” e leng mora kapa morali oa hao ea lilemong tsa bocha. Bibele e ka u thusa. Joang?
Bohlale le Kutloisiso
Maele a Bibele a re: “Fumana bohlale, fumana kutloisiso.” (Liproverbia 4:5) Litšobotsi tsena ka bobeli ke tsa bohlokoa ha u sebetsana le mocha. U lokela ho ba le kutloisiso e le hore u se ke ua sheba feela seo ngoana oa hao a se etsang empa hape u lemohe boemo boo a leng ho bona. U boetse u lokela ho ba le bohlale e le hore u etse lintho ka tsela e tla ’ne e tataise ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha hore e be motho e moholo ea nang le boikarabelo.
U se ke ua thetsoa ke lekhalo le bonahalang eka le ntse le eketseha pakeng tsa hao le mora kapa morali oa hao. ’Nete ke hore bacha ba hloka batsoali ba bona nakong ena eo ba tobanang le maemo a thata bophelong ebile ke seo ba se batlang. Kutloisiso le bohlale li ka u thusa joang hore u ba tataise ka tsela e joalo?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe lihloohong tsena.