Ho Hōlisa Bacha—Kamoo Bohlale bo ka U Thusang
“Re leka ka matla ho tataisa mora le morali oa rōna, empa ho bonahala eka re lula re ba omanyetsa sena le sane. Ka linako tse ling rea ipotsa hore na ebe re ba thusa hore ba itšepe kapa re etsa hore ba ikhalale. Ho thata ho tseba hore na re leka-lekanye lintho joang ha re ba khalemela.”—George le Lauren, Australia.
HA HO bonolo ho hōlisa mocha. Ntle le hore batsoali ba lokela ho sebetsana le mathata a macha a bakoang ke ngoana oa bona, e ka ’na eaba batsoali ka bobona ba tšoenyehile ka hore mora kapa morali oa bona oa hōla. Ntate e mong oa Australia ea bitsoang Frank, o re: “Re utloa bohloko ha re nahana hore ka le leng bana ba rōna ba tla phurusetsa. Ho thata ho amohela hore ha u sa laola bophelo ba bona.”
Lia, ea qotsitsoeng pejana lihloohong tsena, o lumellana le seo. O re: “Ke thatafalloa ke ho tšoara mora oa ka joaloka mohlankana, kaha ke ntse ke mo nka e le ngoana. E ntse e ka ke maobane mona ha a ne a qala ho ea sekolong!”
Le hoja ho ka ’na ha e-ba thata ho amohela seo, bacha ha e sa le bana ba banyenyane. Ke bana ba ntseng ba koetlisetsoa ho ba batho ba baholo ’me batsoali ba bona ke matichere ebile ke batšehetsi ba bona ba ba fang morolo. Empa joalokaha George le Lauren ba bontšitse, batsoali ba ka etsa hore ngoana oa bona a itšepe kapa a ikhalale. Batsoali ba ka leka-lekanya lintho joang tabeng ee? Bibele e fana ka keletso e ka ba thusang. (Esaia 48:17, 18) A re ke re shebeng mehlala e meng ea sena.
Puisano e Ntle ke ea Bohlokoa
Bibele e re Bakreste ba “potlakele ho utloa” ’me ba “liehe ho bua.” (Jakobo 1:19) Le hoja keletso ena e le molemo ha u sebetsana le bana ba lilemo tsohle, ho mamela ho bohlokoa haholo ha u sebetsana le bacha. ’Me ho ka ’na ha u hloka hore u etse boiteko bo matla.
Ntate e mong oa Brithani ea bitsoang Peter, o re: “Ke ile ka tlameha ho ntlafatsa tsela eo ke buisanang le bara ba ka eona ha ba kena lilemong tsa bocha. Ha bashemane ba rōna ba sa le banyenyane, ’na le mohats’a ka re ne re ba bolella hore na ba etse’ng ’me ba ne ba mamela. Empa hona joale kaha ba se ba hōlile, re se re lokela ho ba behela mabaka, re buisane le bona ’me re ba tlohelle hore ba sebelise matla a bona a ho nahana ha ba rarolla mathata a itseng. Ka mantsoe a mang, re lokela ho ba finyella lipelo.”—2 Timothea 3:14.
Ho mamela ke habohlokoa ka ho khetheha ha ho e-na le ho se lumellane. (Liproverbia 17:27) Danielle ea lulang Brithani, o ile a hlokomela hore seo ke ’nete. O re: “Ke ne ke e-na le bothata ka morali e mong oa ka mabapi le tsela e se nang tlhompho eo a neng a nkaraba ka eona ha ke ne ke re a etse lintho tse itseng. Empa o ile a mpolella hore ke lula ke mo kharumela le ho mo laela hore a etse lintho. Re ile ra rarolla qaka ena ka ho lula fatše le ho mamelana. O ile a ntlhalosetsa kamoo ke buang le eena kateng le hore na seo se etsa hore a ikutloe joang ’me le ’na ka mo hlalosetsa kamoo ke ikutloang kateng.”
Danielle o ile a hlokomela hore ho ‘potlakela ho utloa’ ho mo thusitse hore a lemohe sesosa sa taba. O re: “Hona joale ke leka ho se tenehele morali oa ka ’me ke bua le eena feela ha ke sa halefa.” O phaella ka hore, “Kamano ea rōna e ntse e ntlafala.”
Liproverbia 18:13 e re: “Ha mang kapa mang a araba taba pele a e utloa, hoo ke booatla ho eena le tlotlollo.” Ntate e mong ea bitsoang Greg, ea lulang Australia, o ile a hlokomela hore seo ke ’nete. O re: “Ka linako tse ling re qabana le bana ba rōna haeba ’na le mosali oa ka re potlakela ho fana ka khalemelo ho e-na le hore re qale ka ho mamela le ho utloisisa hore na bana ba ikutloa joang. Esita le haeba re sa lumellane ka ho feletseng le tsela eo ba ikutloang ka eona, re hlokometse hore ke habohlokoa ho ba fa nako ea hore ba itlhalose pele re ba fa khalemelo kapa keletso leha e le efe e hlokahalang.”
Ba Fuoe Bolokolohi bo Bokae?
Mohlomong ntho e atisang ho qabanya batsoali le bana ka ho fetisisa ke taba e amanang le bolokolohi. Mocha o lokela ho fuoa bolokolohi bo bokae? Ntate e mong o re: “Ka linako tse ling ke nka hore ha ke fa morali oa ka bolokolohi bo seng bokae, eena joale o se a nka hore a ka iketsetsa borata.”
Ho totobetse hore ho fa bacha bolokolohi bo se nang moeli ho tla hlahisa litholoana tse babang. Ha e le hantle, Bibele e lemosa hore “moshanyana ea itaolang o tla hlabisa ’m’ae lihlong.” (Liproverbia 29:15) Bacha ba lilemo tsohle ba hloka melao e tsitsitseng e ba tataisang, ’me batsoali ba lokela ho tiisa hore ba latela melao e behiloeng ka lapeng ’me ba etsa seo ka tsela e lerato. (Baefese 6:4) Ka nako e tšoanang, bacha ba lokela ho fuoa bolokolohi bo itseng e le hore ba tle ba ithute ho etsa liqeto tse bohlale hamorao bophelong.
Ka mohlala, nahana hore na u ile ua ithuta ho tsamaea joang. Qalong, ha u ne u sa le lesea, u ne u lokela ho pepuoa. Ha nako e ntse e ea, u ile ua qala ho khasa ua ntan’o tsamaea. Ke ’nete hore ha ngoana e monyenyane a se a tseba ho tsamaea seo se ka ba kotsi ho eena. Kahoo, batsoali ba hao ba ne ba lula ba u behile leihlo mohlomong ba bile ba u thibela ho ea libakeng tse kotsi, tse kang litepisi. Leha ho le joalo, ba ile ba u lumella hore u itsamaele ka bolokolohi e le hore ka mor’a ho sulubana ka makhetlo a ’maloa—e leng hoo u neng u ke ke ua ho qoba—u ithute ho tsamaea hantle.
Ho etsahala ntho e tšoanang le tabeng ea ho fumana bolokolohi. Ha e le hantle, qalong batsoali ba pepa bana ba bona ba banyenyane. Ba etsa sena ka ho ba etsetsa liqeto. Ha nako e ntse e ea, ’me bana ba bontša hore le bona baa hōla, ka tsela ea tšoantšetso batsoali ba ba lumella hore ba khase. Ba ba lumella hore ba iketsetse liqeto tse itseng. Khabareng, ba lula ba ba behetse lithibelo tse loketseng ho ba sireletsa kotsing. Ha ba ntse ba hōla, batsoali ba ba lumella hore ba “itsamaise.” Joale ha e se e le batho ba baholo ba tla khona ho ‘jara mejaro ea bona’ ka ho feletseng.—Bagalata 6:5.
Ithute Mohlaleng o ka Bibeleng
Kamoo ho bonahalang kateng, ha Jesu e sa le mocha, batsoali ba hae ba ne ba mo file bolokolohi bo itseng, empa ha aa ka a bo sebelisa hampe. Ho e-na le hoo, o ile “a tsoela pele ho ipeha tlas’a” batsoali ba hae ha a ntse “a hatela pele bohlaleng le khōlong ea ’mele ’me a amoheleha ho Molimo le ho batho.”—Luka 2:52.
U le motsoali, u ka ithuta mohlaleng ona ’me ua fa bana ba hao bolokolohi bo eketsehileng ha ba bontša hore ba bo sebelisa ka boikarabelo. Ela hloko seo batsoali ba bang ba se buang mabapi le seo ba se hlokometseng tabeng ena.
“Ke ne ke rata ho itšunya-tšunya haholo linthong tseo bana ba ka ba neng ba li etsa. Ha nako e ntse e ea, ke ile ka ba ruta melao-motheo ’me ka ba lumella hore ba iketsetse liqeto ho latela seo ba ithutileng sona. Ka mor’a moo, ke ile ka hlokomela hore pele ba etsa liqeto ba ne ba se ba li sekaseka ka hloko.”—Soo Hyun, Korea.
“’Na le monna oa ka kamehla re tšoenyeha ka ho fa bana ba rōna bolokolohi bo eketsehileng, empa ha rea lumella sena ho sitisa bana ba rōna hore ba sebelise bolokolohi boo ba bo fumaneng ka tšoanelo.”—Daria, Brazil.
“Ke bone hore ke habohlokoa hore ke babatse mora oa ka ea lilemong tsa bocha ka tsela e ntle eo a sebelisang bolokolohi boo ke mo fang bona. Le ’na ke etsa seo ke reng a se etse. Ka mohlala, kea mo bolella hore na ke ea hokae le hore na ke il’o etsa’ng moo. Haeba ke tla lieha ho khutla, kea mo tsebisa.”—Anna, Italy.
“Lelapeng la rōna re totobatsa hore hase tlamo hore bara ba rōna ba be le bolokolohi empa ba ka bo fuoa haeba ba bontša hore ba ka tšeptjoa.”—Peter, Brithani.
Ho Khola Litholoana
Bibele e re: “Ho molemo hore monna ea shahlileng a jare joko bocheng ba hae.” (Lillo Tsa Jeremia 3:27) Tsela e ’ngoe e molemo ka ho fetisisa eo mocha a ka jarang joko ea boikarabelo ka eona ke ka ho ithuta ka phihlelo bonnete ba mantsoe a reng: “Leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.”—Bagalata 6:7.
Mohlomong e le ka sepheo se setle, batsoali ba bang ba sireletsa bana ba bona hore ba se ke ba khola litholoana tsa liketso tsa bona tse booatla. Ka mohlala, nka hore mora o hafotsa chelete hoo a qetellang a le sekolotong. O tla ithuta’ng haeba ’Mè le Ntate ba mo lefella sekoloto seo? Ka lehlakoreng le leng, a ka ithuta’ng haeba batsoali ba hae ba mo thusa ho etsa moralo oa seo a tla se etsa ho lefella sekoloto seo?
Batsoali ha ba etsetse bana ba bona molemo oa letho ha ba ba sireletsa hore ba se ke ba ithuta liphello tse tlisoang ke ho phela ka tsela e se nang boikarabelo. Sena se ba ruta feela hore kamehla ho tla lula ho e-na le motho ea ba ntšang mathateng, ea salang a lokisa moo ba sentseng teng le ho ba pata bohlasoa. Ho molemo hore u tlohelle bacha ba kotule seo ba se jetseng ’me ba ithute ho itharollela mathata. Sena ke sa bohlokoa e le hore ‘matla a bona a ho lemoha a koetlisetsoe ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.’—Baheberu 5:14.
“Motho ea Ntseng a Fetoha, ea Ntseng a Hōla”
Ha ho pelaelo hore batsoali ba nang le bana ba lilemong tsa bocha ba tobane le mosebetsi o boima. Ka linako tse ling, ba ka ’na ba llisoa ke ho tsieleha ha ba ntse ba leka ho hōlisa bana ba bona “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.”—Baefese 6:4.
Qetellong, ho hōlisa bana hantle, hase taba ea ho ba laola empa ke ho ba ruta mekhoa e metle le ho e kenya lipelong tsa bona. (Deuteronoma 6:6-9) Na ho etsa seo ho thata ho feta kamoo ho bonahalang kateng? Ka sebele ho thata. Greg ea qotsitsoeng pejana, o re: “Re sebetsana le motho ea ntseng a fetoha, ea ntseng a hōla. Sena se bolela hore re lokela ho tsoela pele re ithuta motho eo e mocha le ho ikamahanya le eena.”
Ak’u leke ho sebelisa melao-motheo ea Bibele e tšohliloeng sehloohong sena. U se ke ua lebella mohlolo baneng ba hao. Empa le ka mohla u se ke ua nyahlatsa boikarabelo ba hao ba ho ba ’mehi-mohlala oa bona ea ka sehloohong. Bibele e re: “Koetlisa moshanyana ho ea ka tsela e mo loketseng; esita le ha a tsofala a ke ke a e kheloha.”—Liproverbia 22:6.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]
Ho fuoa bolokolohi ho tšoana le ho ithuta ho tsamaea—ho etsahala butle-butle
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]
Jesu o ile a fuoa bolokolohi bo itseng ha a ne a sa le monyenyane
[Lebokose le leqepheng la 7]
‘Nka Marapo a Botsoali’
Taba ea hore ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha a ka ’na a koatisoa ke lithibelo tseo u mo behetseng tsona ha e bolele hore u lokela ho nyahlatsa marapo a hao a botsoali. Hopola hore bacha ha ba na phihlelo bophelong ’me ba ntse ba hloka ho tataisoa.—Liproverbia 22:15.
John Rosemond o ile a ngola mantsoe a latelang bukeng ea hae e reng New Parent Power!: “Ho bonolo hore batsoali ba itumelle hore ba tšosoe ke ho se tsitse ha bana ba bona maikutlong ebe ba qala ho ba fa boikarabelo bo ba fetang e le hore ba qobe lintoa. Empa ho hlokahala hore ba etse se fapaneng le seo. Ena ke nako ea hore le nke marapo a botsoali ho e-na le ho lumella bana hore ba iketsetse borata. Le hoja bana ba ke ke ba rata taba eo, ba boetse ba lokela ho tseba hore hase bona ba laolang lintho.”
[Lebokose le leqepheng la 9]
Ba fe Bolokolohi bo Eketsehileng
Bacha ba atisa ho batla ho fuoa bolokolohi bo bongata ho feta tekano. Ka nako e tšoanang, batsoali ba bang ba atisa ho fana ka bolokolohi bo fokolang. Empa ho ka etsahala hore ho finyelloe teka-tekano e itseng tabeng ena. U ka etsa seo joang? U ka ’na ua lakatsa ho qala ka ho hlahloba lintlha tse thathamisitsoeng ka tlaase mona. Mora kapa morali oa hao o bontša boikarabelo lintlheng life ho tse latelang?
□ Ha a khetha metsoalle
□ Ha a khetha liaparo
□ Ha a sebelisa chelete
□ O fihla hae ka nako
□ O qeta mesebetsi eo a e abetsoeng lapeng
□ O qeta mosebetsi oa hae oa sekolo
□ O kōpa tšoarelo ha a entse phoso
□ Lintlheng tse ling ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
Haeba ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha o se a ntse a bontša khōlo lintlheng tse ’maloa ho tse boletsoeng ka holimo, ke hobane’ng ha u sa nahane litsela tse ling tseo u ka bontšang ka tsona hore ua mo tšepa?
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ba fe nako ea hore ba itlhalose pele u ba fa khalemelo kapa keletso leha e le efe e hlokahalang
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Batsoali ba lokela ho ruta bana ba bona ho ba le boikarabelo