Pono ea Bibele
Ke Maemong Afe ho Loketseng Hore Motho a Itšireletse ha a Hlaseloa?
KA TŠOHANYETSO, u tsosoa ke lerata har’a mpa ea bosiu. U utloa liqi tsa motho. Ho na le motho ea qhekelitseng ha hao. Pelo ea hao e otla ka matla, ’me ua ipotsa hore na u lokela ho etsa’ng.
Bona ke boemo bo ka ’nang ba hlahela leha e le mang. Tlōlo ea molao, esita le e tsamaisanang le pefo, ha e sa le ntho e etsahalang linaheng tse itseng feela kapa metseng e meholo. Kaha batho ba phela ba tšohile, ba bangata ba reka libetsa kapa ba ithuta mekhoa ea ho loana ba sa sebelise libetsa hore ba itšireletse. Mebuso e meng e entse melao e fang baahi tokelo ea ho itšireletsa ka tsela e ka ’nang ea etsa hore ba bolaee. Empa Bibele eona e re’ng? Na ho na le mohla ho loketseng hore motho a sebelise likhoka ho itšireletsa kapa ho sireletsa ba lelapa la hae?
Molimo o Hloile Pefo
Bibele e nyatsa pefo le ba e sebelisang. Mopesaleme Davida o ile a re ka Jehova Molimo: “Ka sebele moea oa Hae o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.” (Pesaleme ea 11:5) Molimo o ile a ahlola lichaba tse ’maloa tsa boholo-holo, ho akarelletsa batho ba hae, hobane li ne li sebelisa pefo li bile li tšolla mali. (Joele 3:19; Mikea 6:12; Nahume 3:1) Esita le ho bolaea motho e se ka morero ka lebaka la ho se tsotelle e ne e le molato o tebileng Molaong o neng o filoe Baiseraele.—Deuteronoma 22:8.
Bibele e khothalletsa batho hore ba qobe maemo a ka ’nang a baka likhohlano ka hore ba phehelle khotso letsatsi le letsatsi. Hangata batho ba qetella ba loanne e le hobane ba qalile ka ho tjolietsana ka mantsoe. Bibele e re: “Moo ho se nang patsi mollo oa tima, ’me moo ho se nang moetselletsi khang ea emisa.” (Liproverbia 26:20) Hangata bonolo bo thethefatsa bohale ’me bo thibela ntoa. Moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.”—Baroma 12:18.
Ha Bophelo ba Hao bo le Kotsing
Ho phehella khotso hase tiiso ea hore le ka mohla u ke ke ua hlaseloa ka mabifi. Barapeli ba tšepahalang ba Molimo ba ’nile ba hlaseloa ka mabifi ho theosa le histori. (Genese 4:8; Jobo 1:14, 15, 17) Motho o lokela ho etsa’ng haeba a hlaseloa ke lesholu le hlometseng? Jesu o ile a laela, a re: “U se ke ua hanyetsa ea khopo.” (Matheu 5:39) O ile a boela a re: “Ea u amohang seaparo sa hao sa ka ntle, u se ke ua mo hanela esita le ka seaparo sa ka tlaase.” (Luka 6:29) Jesu ha aa ka a khothalletsa batho ho sebelisa libetsa e le hore ba sireletse thepa ea bona. Haeba motho ea bohlale a hlaseloa ke lesholu le hlometseng, a ke ke a hana ho le fa thepa ea hae ea bohlokoa. Ka sebele bophelo ke ba bohlokoa ho feta lintho tse bonahalang!
Ka lehlakoreng le leng, motho o lokela ho etsa’ng haeba motho ea mo hlaselang a beha bophelo ba hae kotsing? Molao oo Molimo a neng a o file Baiseraele ba boholo-holo o fana ka leseli tabeng ena. Haeba motho a ne a ka tšoara lesholu motšehare ebe oa le bolaea, motho eo o ne a qosetsoa polao. Lebaka le totobetseng la sena ke hobane lesholu le ne le sa ahloleloe lefu ’me le ne le ka tsejoa ebe lea ahloloa. Leha ho le joalo, haeba mong’a ntlo a ne a otla lesholu bosiu ’me a le bolaea o ne a sa jarisoe molato kaha ho ne ho tla ba thata ho eena hore a bone seo lesholu leo le se etsang le ho tseba hantle hore na sepheo sa lona ke sefe. Mong’a ntlo o ne a ka etsa qeto ea hore ba lelapa la hae ba kotsing ’me kahoo a ba sireletse.—Exoda 22:2, 3.
Kahoo Bibele e bontša hore motho a ka ’na a itšireletsa kapa a sireletsa ba lelapa haeba ba hlaseloa. A ka ’na a thiba lifeisi, a thibela mohlaseli, kapa a hla a mo otla e le ho mo tsekelisa kapa ho mo qeta matla. O tla etsa seo ka sepheo sa ho mo phoka bohale kapa ho emisa tlhaselo. Boemong bona, haeba mohlaseli a lemala hampe kapa a shoa, o tla be a bolailoe ka tsietsi eseng ka boomo.
Tšireletso e Molemo ka ho Fetisisa
Ho hlakile hore maemong a mang ho loketse hore motho a itšireletse ka tsela e loketseng. Batho ba na le tokelo ea ho itšireletsa le ho sireletsa baratuoa ba bona tlhaselong e mabifi le boemong bo behang bophelo ba bona kotsing. Haeba motho a sa khone ho phema boemo boo, ha ho taelo ea Bibele e mo hanelang ho itšireletsa ka tsela e loketseng. Leha ho le joalo, ke bohlale ho etsa sohle se matleng a rōna ho qoba maemo a ka ’nang a fella ka liketso tse mabifi.—Liproverbia 16:32.
Bibele e re khothalletsa hore re “batle khotso ’me [re] e phehelle,” likarolong tsohle tsa bophelo ba rōna. (1 Petrose 3:11) Keletso ena e utloahalang e tlatsetsa ho etseng hore batho ba phele ka khotso.
NA U KILE UA IPOTSA?
◼ Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba liketso tse mabifi?—Pesaleme ea 11:5.
◼ Ke’ng e bohlale eo motho a ka e etsang ha a sireletsa lintho tse bonahalang?—Liproverbia 16:32; Luka 12:15.
◼ Ke boikutlo bofe mabapi le likhohlano bo ka re thusang ho qoba kotsi?—Baroma 12:18.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]
Bibele e bontša hore motho a ka ’na a itšireletsa kapa a sireletsa ba lelapa haeba ba hlaseloa