Ho Laola Mocheso ka Har’a Seolo
Na ho Entsoe?
◼ E le ka lebaka le utloahalang, ho ’nile ha thoe liolo tsa bohloa li hahiloe ka tsela e hlollang ea boenjiniere. Litutulu tsena tse khōlōhali tse hahiloeng ka mobu le mathe, li ka ba bophahamo ba limithara tse tšeletseng. Mabota a tsona a botenya ba lisenthimithara tse 45 a chesoa ke letsatsi ho fihlela a tiea joaloka konkreite. Liolo tse ling li ’nile tsa hahoa ka bosiu bo le bong feela.
Bohareng ba seolo ho lula mofumahali, ea behelang mahe a likete letsatsi le letsatsi. Bohloa “bo sebetsang” bo se nang mapheo, bo bileng bo sa boneng bo isa mahe ana liphaposing tse ahiloeng ka tsela e ikhethang. Ha bo le moo, boa a hlokomela ho fihlela a qhotsoa. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba ntho e hlollang ka ho fetisisa ka seolo ke mokhoa oo moea o potolohang ka oona ka har’a sona.
Ak’u nahane: Ho na le maphao le mapetso a mangata a etsang hore moea o ka har’a seolo o lule o le mochesong o tšoanang—ho sa tsotellehe maemo a ntseng a fetoha ka ntle ho seolo. Ka mohlala, naheng ea Zimbabwe e Afrika, bosiu mocheso o ka theohela likhatong tse 2 tsa Celsius ha motšehare teng o ka nyolohela likhatong tse 38 tsa Celsius. Empa ka har’a seolo mocheso ha o fetohe, o lula o le likhatong tse 31 tsa Celsius. Hobane’ng?
Moea o hloekileng o kena hantle le masobeng a tlaase seolong, athe moea o chesang oa khale o tsoa le masobeng a ka holimo. Moea o pholileng o kena seolong ka maphao a ka tlaase ’me o fetele liphasejeng le liphaposing tse ling. Ha ho hlokahala, bohloa bo bula masoba ao kapa bo a koale e le hore bo boloke mocheso o le boemong bo loketseng. Ho bohlokoa hore seolo se lule se le mochesong o loketseng e le hore bohloa bo ka hlahisa fungus, e leng lijo tsa bona tse ka sehloohong.
Seolo sa bohloa se hahiloe ka tsela e hlollang hoo litsebi tsa meralo li ileng tsa sebelisa mokhoa o tšoanang ha ho hahoa mohaho oa liofisi Zimbabwe. Mohaho oo o sebelisa karolo ea leshome feela lekholong ea motlakase o sebelisoang ke mehaho e lekanang le oona bakeng sa tsamaiso ea moea o hloekileng.
U nahana’ng ka see? Na e bile ka tšohanyetso feela hore bohloa bo khone ho laola mocheso ka har’a seolo? Kapa na see ke bopaki ba hore ho na le ea qapileng seo?
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 25]
Top: Stockbyte/Getty Images; bottom: Scott Bauer/Agricultural Research Service, USDA