Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/08 maq. 13-17
  • Likanale Tsa Brithani—Li Ntse li Hlolla le Kajeno

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likanale Tsa Brithani—Li Ntse li Hlolla le Kajeno
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lia Etsoa le ho Sebelisoa
  • Bophelo Liketsoaneng Tse Mopatisane
  • Ho Khaotsa ho li Sebelisa—le ho li Sebelisa Hape Kajeno
  • Sekepe sa Galilea—Letlotlo la Mehleng ea Bibele
    Tsoha!—2006
  • Ba Robeheloa ke Sekepe Sehlekehlekeng
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Tsoha!—2008
g 7/08 maq. 13-17

Likanale Tsa Brithani—Li Ntse li Hlolla le Kajeno

KA MONGOLI OA TSOHA! BRITHANI

Mathoasong a lekholo la bo19 la lilemo, likanale tseo ka kakaretso li leng bolelele ba lik’hilomithara tse 6 000 li ne li fapakana ho pholletsa le Engelane, Scotland le Wales. Ke hobane’ng ha li ile tsa etsoa, hona ke bo-mang ba li sebelisang lekholong lee la bo21 la lilemo?

NAKONG ea phetoho e khōlō ea indasteri Brithani lekholong la bo18 la lilemo, ho ile ha hlokahala mokhoa o sa jeng chelete empa o potlaka oa ho tsamaisa thepa ea ho etsa lintho, le thepa e seng e entsoe. Pele ho moo, ho ne ho sebelisoa lihlopha tsa lipere ho tsamaisa thepa kapa ho hula likariki litseleng tseo mariha li neng li e-ba le likoti tse tšabehang ’me li e-ba qhefeqhefe hoo ho neng ho le thata ho tsamaea ho tsona. Ka lehlakoreng le leng, pere e le ’ngoe feela e ne e ka hula habonolo le ka potlako seketsoana se tsamaeang kanaleng, se jareletseng thepa e boima ba lithane tse 30.

Ka 1761, ’Musisi oa Bridgewater o ile a laela hore ho hahoe kanale e neng e tsamaisa mashala ho tloha morafong oa hae ho a isa ho bareki ba neng ba le Manchester, e neng e le bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 16. Sena ha sea ka sa tlisetsa ’musisi eo phaello e ngata feela, empa se ile sa etsa le hore theko ea mashala Manchester e theohe ka halofo. Ka 1790, qetellong morero o moholo oa ho etsa tsamaiso ea likanale e bitsoang Grand Cross o ile oa hokahanya linōka tse ’nè tsa bohlokoa ’me oa kopanya setsi sa liindasteri sa Engelane le likou tsa linōka tseo. Ke kamoo likanale li ileng tsa qaleha kateng Brithani.

Lia Etsoa le ho Sebelisoa

Baenjiniere ba bohlale, ba neng ba akha James Brindley, ea neng a ile a ithuta ka boeena ’me mesebetsi eohle ea hae a e entse ntle le ho sebelisa lipalo kapa lipolane, ba ile ba qapa mekhoa e atlehang ea ho haha e le hore ba koalle metsi lik’hilomithara tse ’maloa ho a lebisa libakeng tse sa tšoaneng. Likotopo, litonnoro, libaka tseo metsi a koalloang ho tsona le marokho, tseo kaofela li hahiloeng ke lihlopha tsa basebetsi, li ntse li nkoa e le tse hlollang le kajeno.

Ho ile ha etsoa liketsoana tse mopatisane tsa lehong tse ka bang bolelele ba limithara tse 20 le bophara ba limithara tse peli e le hore li ka tsamaisa meqeqeko ea thepa, e kang mashala, kalaka, letsopa, liminerale tsa tšepe, litene le phofo. Liketsoana tsena li ne li huloa ke lipere tse tsamaeang litselaneng tse iphaphathileng le likanale. Liketsoana tsena tseo ho neng ho thoe “lia fofa ka lebelo” li ne li tsamaisa thepa e potlakileng kapa ea lintho tse senyehang, ’me li ne li sa khefutse tseleng, ba sebetsang ho tsona ba ne ba sebetsa le bosiu.

Likanaleng tse ling, lihlopha tsa lipere tse neng li chenchoa ka mor’a nako e itseng, li ne li hula liketsoana tse hahiloeng ka tsela e etsang hore li thelle feela metsing, li nkile batho ba ka bang 120, ’me ka karolelano lipere tsena li ne li tsamaea lik’hilomithara tse 15 ka hora. Joaloka liketsoana tseo ho neng ho thoe “lia fofa ka lebelo,” liketsoana tsena tse thellang feela metsing le tsona li ne li fetela ka pele ho tse ling, ’me ha li fihla Kanaleng ea Bridgewater, li ne li tlamelloa lehare le leholo nkong e le hore le tle le khaole thapo e hulang ea seketsoana leha e le sefe se ka li emang pele! Ka ho ba teng ha likanale, ka lekhetlo la pele batho feela ba tloaelehileng ba ile ba khona ho tsamaea maeto a malelele ba sa lefe chelete e ngata ’me ba tsamaea hamonate.

Bophelo Liketsoaneng Tse Mopatisane

Bophelo bo ne bo le boima ho ba sebetsang likanaleng tsena. Mosebetsi oa bona o ne o le boima ’me hangata o le kotsi. Kaha ba ne ba lula ba le tseleng, ba ne ba se na monyetla o mokaalo oa ho fumana thuto ea sekolo ’me ka mor’a nako ba ne ba qetella ba se ba sa tloaela tsela eo batho ba bang ba phelang ka eona.

Batho ba phelang liketsoaneng tsena ba ile ba e-ba le tsebo e ikhethang ea ho etsa litšoantšo tse ntle tse mebala e khanyang tse bontšang botle ba naha, lipalesa le mekhabiso e meng, tse neng li koahela bokantle ba seketsoana ’me li torouoa le ka hare likamoreng tsa bona, tse karolong e ka morao ea seketsoana. Likamore tsena tse bophara ba limithara tse tharo le bolelele ba limithara tse peli e ne e le lehae la monna ea sebetsang seketsoaneng, mosali oa hae hammoho le bana ba bona. Empa batho bana ba phelang liketsoaneng ba ne ba iketsetsa sebaka ka hore ka bohlale ba etse libethe le liraka tse menoang. Mekhabiso e lohiloeng ka koroche e ne e behoa lishelefong, ’me lijana tse khabisitsoeng le lintho tse khabisang tsa brase li ne li behoa haufi le setofo, li phatsima ke khanya ea letsatsi. Lintho tsena kaofela li ne li etsa hore ba ikutloe ba le mabothobothong ’me ba thabile. Mosali oa sekhothali eo monna oa hae a neng a sebetsa seketsoaneng o ne a khona ho boloka lelapa la hae le seketsoana sa bona li hloekile ho sa tsotellehe mesebetsi e mengata eo a neng a e-na le eona hammoho le thepa e litšila eo hangata e neng e laeloa seketsoaneng. O ne a le motlotlo esita le ka ho karapa liropo tse khabisitseng karolo e neng e tsamaisa seketsoana e le hore li ka lula li le tšoeu toa!

Ho Khaotsa ho li Sebelisa—le ho li Sebelisa Hape Kajeno

Ka 1825, ha kaho ea tsamaiso e rarahaneng ea likanale e ne e le haufi le ho fela, George Stephenson o ile a bula Seporo sa Terene motseng oa Stockton le Darlington, e leng se seng sa liporo tsa pele tsa terene ea mashala tse ileng tsa sebelisoa ke sechaba. Le pele ho feta lilemo tse 20, literene li ne li nkela likanale khoebo, ’me likanale li ile tsa qala ho se sebelisoe le ho se hlokomeloe. Tse ling li bile tsa rekoa ke lik’hamphani tsa literene e le hore li se ke tsa qothisana lehlokoa le tsona. Ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, ha lia ka tsa sebelisoa le ho feta kaha ho ile ha hahoa litsela tse ncha, tse ntle. Esita le batho ba nang le tšepo ba ile ba nahana hore likanale li ke ke tsa hlola li sebelisoa.

Leha ho le joalo, ka lebaka la mosebetsi oa batho ka bomong le oa lihlopha tsa batho lilemong tse fetang 50 tse fetileng, likanale tseo li ntse li sebelisoa. Le hoja liketsoana tse ling likanaleng tsena li ntse li tsamaisa thepa, tse ling li se li entsoe matlo ao batho ba lulang ho ’ona kapa liketsoana tse tsamaisang baeti ba phomolong. Hona joale motho a ka tsamaea likanaleng tsena tse bolelele ba lik’hilomithara tse fetang 3 000, a feta ho tse ling tsa libaka tse ntle ka ho fetisisa Brithani hammoho le ho bona libaka tsa tlhaho tse e-song ho ka li senngoa. Ba ratang liketsoana tse mopatisane ba bile ba tsosolositse mekhoa e neng e etsoa khale, ’me mekete e etsoang khafetsa metsing e etsa hore mekhoa eo e tsejoe ke batho ba bangata. Ka sebele, ka lebaka la ho tuma ha liketsoana tsena tse khabisitsoeng ka mebala e khanyang tse tsamaisang baeti ba phomolong, hona joale ho na le liketsoana tse mopatisane tse ngata likanaleng ho feta mehleng ea ha li ne li sebelisetsoa ho tsamaisa thepa ea khoebo, ’me likanale li tsosolosoa ka tsela e tšoanang le ha li ne li etsoa lilemong tse 200 tse fetileng.

Leha ho le joalo, ke batho ba ’maloa feela ba sebelisang likanale tsena bakeng sa boikhathollo ba hlileng ba tsamaeang ka liketsoana. Hobane’ng? Lebaka ke hore ha ho tsosolosoa likanale tsena, ho ile ha etsoa libaka tsa boikhathollo tse kolokileng haufi le tsona. Libaka tsena li etsa hore batho ba boikhathollong ba tsamaeang ka maoto, ba palameng libaesekele le ba tšoasang litlhapi ba bone litoropo le libaka tse ka thōko tseo pele li neng li sa tsebahale, ’me ba sebelisa libaka tseo pele lipere li neng li tsamaea ho tsona ha li hula liketsoana. Matamo a maholo a hahiloeng e le hore a fepele likanale metsi a lekaneng hona joale ke lehae la limela le liphoofolo tsa naha, ’me likanaleng tseo ho na le limela tsa mefuta-futa, linonyana hammoho le liphoofolo tse ling.

Ho hahoa ha likanale tsa Brithani ho ile ha tlisa phetoho e khōlō—e bileng le liphello tse sa lebelloang. Hona joale, batho ba sebelisa likanale tseo ho itebatsa ho se hokae ka mathata a mehla ea kajeno ea tsoelo-pele e bileng teng ka thuso ea tsona likanale tsena.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 14]

HO FETISA LIKETSOANA TONNORONG

Ke litonnoro tse ’maloa tse nang le litselana tseo lipere li neng li hula liketsoana ho tsona. Ka hona, pele ho etsoa liketsoana tse nang le lienjene, mokhoa feela o neng o sebetsa oa ho fetisa seketsoana se mopatisane tonnorong e ne e le o kotsi oa ho se sututsa ka maoto. Ho ne ho tlamelloa mapolanka nkong ea seketsoana ka mahlakoreng. Banna ba sebetsang seketsoaneng ba ne ba kakalla mapolankeng ana, ba itšoarelle ho ’ona ebe ba sututsa seketsoana ka ho tsamaisa maoto leboteng la tonnoro. Ka har’a lefifi leo, moo ho neng ho khantšoa ka kerese e le ’ngoe feela, ho ne ho le bonolo hore ea sututsang a se ke a bona moo a behang leoto teng ebe o oela ka metsing, ’me ka linako tse ling seketsoana se ne se mo bolaea ka ho mo peteletsa leboteng la tonnoro. Ho na le nako eo tsamaiso ea likanale ea Brithani e neng e e-na le litonnoro tseo ka kakaretso li leng bolelele ba lik’hilomithara tse 68, ’me ho ne ho hiroa batho ba koetlisitsoeng ka ho khetheha bakeng sa ho sututsa liketsoana ho tsona. Tonnoro e telele ka ho fetisisa, e sa tsoa buloa hape ke e Standedge, Yorkshire, e bolelele ba lik’hilomithara tse hlano.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy of British Waterways

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 15]

HO KOALLA METSI LE HO PHAHAMISA LIKETSOANA KA BOHLALE LIKANALENG

Kaha metsi a sitoa ho tsamaea moepeng, ho etsahala’ng ha kanale e fihla libakeng tse moepa? Ho ka etsoa hore kanale e iphaphathe le mosiko oa thaba, e leng ho bolelang hore tsela e tla potoloha, kapa mohlomong ho phunngoe tonnoro thabeng. Mokhoa oa boraro o sebetsang ke oa ho phahamisa metsi libakeng tseo metsi a koalloang ho tsona. Libaka tsena tseo metsi a koalloang ho tsona li na le letangoana le nang le likeiti ka mahlakoreng a mabeli. Ka mor’a hore seketsoana se kene letangoaneng leo, likeiti lia koaloa. Joale ho buleloa metsi a mangata ka letangoaneng leo e le hore seketsoana se phahamele holimo, kapa a fokotsoe e le hore se theohele tlaase—ho latela hore na ho hlokahala ho etsoe eng.

Ho thoe’ng haeba libaka tsa boholo-holo tseo metsi a koalloang ho tsona li ke ke tsa lokisoa? Bona ke bothata bo ileng ba e-ba teng Scotland, moo ho entsoeng mosebetsi o moholo oa ho kopanya likanale tse peli tseo e leng khale li sa sebelisoe, tse pakeng tsa Glasgow le Edinburgh. Ho ne ho sa khonehe hore ho tsosolosoe libaka tseo ho koalloang metsi ho tsona tse 11 tse Falkirk, tseo mehleng ea tsona li neng li kopanya Union Canal le kanale ea khale ka ho fetisisa lefatšeng e hokahanyang maoatle, e leng ea Forth and Clyde Canal. Bothata boo bo ile ba rarolloa ka hore ho etsoe Lebili la Falkirk le bophara ba limithara tse 35, le entsoeng ka boqhetseke boo ho seng bo tšoanang le bona, le nyollang liketsoana ka ho potoloha. Lebili lena le ka phahamisa liketsoana tse robeli ka nako e le ’ngoe, tse ’nè li le ka lehlakoreng ka ’ngoe, ’me le nka metsotso e ka bang 15 feela ho li phahamisetsa boemong bo bong.

The Times ea London e hlalosa lebili lena e le “mosebetsi o tsoileng matsoho oa boenjiniere,” ’me le hlahella ka metsing a letamo le leholo le chitja, le nang le litšepe tse ka tlamellang liketsoana tse fetang 20.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Top right: Courtesy of British Waterways

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]

LEBAKA LEO RE THABELANG HO SESISA LIKANALENG

Lilemong tsa morao tjena, kaha re se re itsofaletse, ’na le mosali oa ka re ’nile ra thabela phomolo e khutsitseng hamonate ea ho tsamaea ka seketsoana likanaleng. Ke hobane’ng ha ho khutsitse hamonate? Ntlha ea pele, re hōle le sephethephethe sa likoloi hammoho le bakhanni ba batlang ho jaha. Ha u tsamaea ka seketsoana se mopatisane, se itsamaela butle, se nka hora ho tsamaea lik’hilomithara tse hlano. Ke hobane’ng ha seketsoana se tsamaea butle hakaalo? Ke ho qoba ho etsa mophula oa metsi a ka ’nang a senya mabōpo a kanale. Ka hona, hangata batho ba itsamaelang ka maoto le lintja tsa bona tselaneng ea khale e neng e sebelisoa ke lipere tse neng li hula seketsoana ba re feta tseleng!

Molemo o mong oa ho tsamaea butle ke hore re ba le nako ea ho bona botle ba naha le ho lumelisa batho ba fetang ka tsela. Libaka tse ling li botle bo hlollang. Hangata re hira seketsoana South Wales kanaleng e bitsoang Monmouthshire and Brecon Canal. E bolelele ba lik’hilomithara tse 50 ho tloha moeling oa Wales ho ea fihla lithabeng tsa Brecon tse bophahamo ba limithara tse fetang 886. Nako le nako rea nyakalla ha re fihla libakeng tseo metsi a koalloang ho tsona ’me seketsoana sa rōna se nyolleloa holimo kapa se theoleloa tlaase.—Bona lebokose le leqepheng la 15.

Liketsoana tsena li na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlokahalang ’me li mabothobotho haholo. Tse ling li bile li na le likamore tse peli tsa ho robala, ’me kamore ka ’ngoe e na le shaoara le ntloana. Ho boetse ho na le mokhoa oa ho futhumatsa seketsoana haeba ho ka bata mantsiboea. Ka tloaelo rea iphehela, empa ha re batla ho phomola, re ka ema ho e ’ngoe ea lireschorente tse mabōpong a kanale ’me ra ja lijo tse hlabosang.

Ho rena khutso ka ho khetheha lihoreng tsa hoseng, nakong eo metsi a kanale e kang ke seipone, ’me lifate le maralla a hlaheletse ka ho ’ona. Ho khutsitse hamonate hoo pina ea linonyana e utloahalang ka ho hlaka. Likokolofitoe ha li etse lerata mabōpong ’me li tsamaea ka pel’a rōna li iketlile.—Se nehetsoe.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Courtesy of British Waterways

Top right: By kind permission of Chris & Stelle on Belle (www.railwaybraking.com/belle)

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 13]

Courtesy of British Waterways

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela