Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/08 maq. 19-31
  • U Tla Araba Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Tla Araba Joang?
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hlalosa Papiso
  • Tse Hlahang Makasineng Ena
  • Ke Mang ea Leng Lesikeng Labo Jesu?
  • LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 31
  • U Tla Araba Joang?
    Tsoha!—2008
  • U Tla Araba Joang?
    Tsoha!—2008
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
    Tsoha!—2010
  • U Tla Araba Joang?
    Tsoha!—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 8/08 maq. 19-31

U Tla Araba Joang?

Hlalosa Papiso

1. Papisong e tlalehiloeng ho Luka 18:9-14, Mofarisi e ne e le motho ea joang?

(Tšoaea lebokose kapa mabokose ho a ka tlaase mona.)

□ Ea ikokobelitseng □ Ea bakileng □ Ea ikhohomosang

2. ’Mokelli oa lekhetho e ne e le motho ea joang?

(Tšoaea lebokose kapa mabokose ho a ka tlaase mona.)

□ Ea ikokobelitseng □ Ea bakileng □ Ea ikhohomosang

3. Ke ofe ho banna bao ba babeli ea neng a lokile?

․․․․․

SE KA TŠOHLOANG:

Ke eng seo u ka ’nang ua se bua kapa ua se etsa se ka etsang hore u tšoane le Mofarisi? U ka etsisa ’mokelli oa lekhetho joang?

Tse Hlahang Makasineng Ena

Araba lipotso tsena, u be u fane ka temana kapa litemana tsa Bibele tse sa tlatsoang.

LEQEPHE 8-9 Bokamoso ba lefatše bo matleng a mang? Esaia 11:․․․

LEQEPHE 20 Molimo o ikutloa joang ha ho sebelisoa litšoantšo borapeling? Exoda 20:․․․

LEQEPHE 21 Moapostola Johanne o ile a re lemosa hore re itebele khahlanong le eng? 1 Johanne 5:․․․

LEQEPHE 27 Esita le motho ea lokileng, ka linako tse ling o tla tleloa ke eng? 1 Johanne 2:․․․

Bana Batlang Litšoantšo

Na u ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosa ka mantsoe a hao se etsahalang setšoantšong ka seng.

Ke Mang ea Leng Lesikeng Labo Jesu?

Nahana ka lintlha tsena tse tla u thusa ho fumana karabo. Sheba litemana tse bontšitsoeng. Ebe u ngola mabitso a nepahetseng meleng e fanoeng.

4. ․․․․․

NTLHA E THUSANG: Ke ne ke khona ho bua maele a likete tse tharo, ’me lipina tsa ka li ile “tsa e-ba sekete le metso e mehlano.”

Bala 1 Marena 4:30-32.

5. ․․․․․

NTLHA E THUSANG: Ke ’na morena oa ho qetela oa ’muso o kopaneng oa Iseraele.

Bala 1 Marena 12:1-3, 16-20.

6. ․․․․․

NTLHA E THUSANG: Lebotho la ka le ile la hlōla la Jeroboame le neng le le leholo ho feta la ka, kaha re ne re “itšetlehile ka Jehova.”

Bala 2 Likronike 13:13-20.

◼ Likarabo li leqepheng la 19

LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 31

1. Ea ikhohomosang.

2. Ea ikokobelitseng le ea bakileng.

3. ’Mokelli oa lekhetho.

4. Solomone.—Matheu 1:6.

5. Roboame.—Matheu 1:7.

6. Abija.—Matheu 1:7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela