Matlotlo a Fumanoang Puerto Rico
KA LA 19 November, 1493, Christopher Columbus o ile a fihla sehlekehlekeng se tlokomang sa Caribbean ka sehlopha sa hae sa likepe tsa Spain. Ha a le moo, o ile a reha sehlekehleke seo San Juan Bautista (Mohalaleli Johanne Mokolobetsi). Ka mor’a hore a tlatseletse lintho tse hlokahalang tse neng li se li fokotsehile, o ile a tloha le likepe tsa hae ’me a tsoela pele leetong la hae la bobeli la ho sibolla libaka.
Mofuputsi enoa ha aa ka a khahloa hakaalo ke mabōpo a moo a matle haholo a khabileng ka lifate tsa palema le joang bo tlokomang ba libakeng tsa tropike. Columbus o ne a shebile lihlekehleke tse khōloanyane le maruo ao a neng a ikemiselitse ho a sibolla ho tsona.
Ponce de León, e leng Mosepanishe eo ba bang ba reng o ne a e-na le Columbus leetong leo, o ile a etsa qeto ea ho khutlela sehlekehlekeng seo, seo baahi ba sona ba neng ba se bitsa Boriquén. Kaha o ne a ile a utloela ka lintho tse khabisang tse entsoeng ka khauta tseo baahi ba sehlekehlekeng seo ba neng ba e-na le tsona, o ne a lumela hore e tlameha ebe maralleng a sona ho na le khauta. Lilemo tse 15 hamorao o ile a khutla ho ea batla khauta. Ka 1521, Masepanishe a ile a haha motse o moholo lebōpong le ka leboea la sehlekehleke seo. Ponce de León o ile a reha motse oo Puerto Rico, e bolelang “Kou e Ruileng,” a lebeletse hore o tla fumana khauta e ngata.a
Ponce de León o ile a fumana hore o ne a tšepile lefeela. Khauta e seng kae e neng e le teng Puerto Rico e ile ea fela ka potlako ’me mathata a lipolotiki a eketseha. Qetellong, Ponce de León o ile a leba sebakeng seo kajeno se bitsoang Florida, United States of America.
Le hoja sehlekehleke seo se se na liminerale tse kaalo, kapele batho ba Spain ba ile ba hlokomela hore kou e khōlō ea Puerto Rico e ne e le letlotlo la bohlokoa. Lekholong la bo16 la lilemo, ba ile ba fetola motse-moholo oa sehlekehleke seo kou e sireletsehileng ea hore ba sireletse likepe tsa bona tse neng li tsamaisa khauta li tloha Linaheng Tsa Amerika li e isa Spain. Ka mor’a nakoana, San Juan e ile ea tsebahala e le “sebaka seo Masepanishe a itsetsepetseng ho sona Amerika.”
Marako a tiileng, a bophahamo ba limithara tse 13 le bophara ba limithara tse tšeletseng—hammoho le liqhobosheane tse peli tse khōlōhali—li bontša boiteko bo sa tloaelehang boo batho ba San Juan ba neng ba bo entse ba ho sireletsa motse oa bona. Kajeno, San Juan e ntse e le kou e ratoang haholo ke batho ba etelang lihlekehlekeng tsa Caribbean. Baeti ba ka inahanela hore na e tlameha ebe bophelo bo ne bo le joang mehleng ea bokoloni ha ba ntse ba tsamaea pel’a marako ao a motse ’me ba hlahloba mehaho ea boholo-holo.
Ho Etela San Juan ea Khale
Motse o pota-potiloeng ke marako o bitsoang San Juan ea Khale, o fapane le motse oa sejoale-joale o phetheselang o haufi le oo oa khale. Motse oa San Juan ea Khale o shebahala joaloka sekepe se phaphametseng leoatleng. Kaha o batla o pota-potiloe ke leoatle, ho na le karolo ea oona e hlaheletseng Leoatleng la Atlantic joalokaha eka ke “sefuba sa sekepe.” Karolong ena e botleng ho hahiloe El Morro, e leng qhobosheane ea Masepanishe e neng e sirelelitse khoro e kenang koung. Ka mor’a marako a El Morro a hahiloeng ho iphaphatha le mabōpo a leoatle ho na le mochophoro o mosesaane, o bōpehileng joaloka nko ea sekepe. Sebaka se ka etsang k’hilomithara le halofo ka bochabela ho hahiloe qhobosheane e ’ngoe e khōlō e bitsoang San Cristóbal, e neng e sireletsa karolo e ka morao ea sehlekehleke seo ho batho leha e le bafe ba neng ba ka e hlasela. Motse oa San Juan ea Khale o pakeng tsa liqhobosheane tsena tse peli ’me ka 1983 o ile oa khethoa ke mokhatlo oa UNESCO e le se seng sa Libaka Tsa Bohlokoahali Lefatšeng.
Motse oa khale o tsosolositsoe ka hloko. Baahi ba teng ba penta matlo a bona ka mebala e khanyang haholo, ba khabisa mathule a bona a entsoeng ka litšepe ka lipalesa tse mebala-bala ’me lijareteng tsa bona ba jala limela tse ngata tsa libakeng tsa tropike. Majoana a chitja a ’mala o boputsoa bo bothokoa, a boreleli, a ileng a sebelisetsoa ho kata literata tse tšesaane tsa San Juan a ne a tsoa merafong ea tšepe ea Spain. Manya a tšepe a fumanoang morafong a ne a etsoa majoana ’me a sebelisetsoa ho tsitsisa likepe tsa Spain tse neng li tla Puerto Rico.
Marakong a San Cristóbal, likanono tsa Masepanishe tsa boholo-holo li ntse li korotse li shebile koung. Hona joale ha ho sa tla likepe tsa boholo-holo tsa Masepanishe tse neng li tla li jareletse khauta, empa ho se ho lula ho tla likepe tse khōlō tse nkileng bahahlauli koung ena. Khutso e teng mona hammoho le botsoalle ba baahi ba sehlekehlekeng sena li etsa hore sebaka sena se ratoe haholo ke bahahlauli. Le hona joale litaso ke tsona tse lokelang ho feta pele ho makoloi motseng oa khale, ka hona, bakhanni ba iketlileng ka tloaelo ba leta ba sa fele pelo hore bahahlauli ba nke lifoto seterateng.
Libaka Tse ’Nè Tsa Bohlokoa Tse Lokelang ho Sireletsoa
Le hoja baahi ba etsang karolo ea boraro ba sehlekehlekeng sena ba lula San Juan, ho na le libaka tse ling tse ngata tse ntle Puerto Rico. Ke ’nete hore sehlekehleke sena se senyenyane, empa tlelaemete ea teng e feto-fetohang le sebōpeho sa sebaka sena li etsa hore ho be le limela le liphoofolo ka mefuta-futa. Libaka tse latelang ke tse ’nè feela tsa tse ling tse ikhethang tseo ba boholong Puerto Rico ba lekang ka matla ho li sireletsa.
El Yunque National Forest ke sebaka se sirelelitseng o mong oa meru ea tropike e fokolang e ntseng e le teng lihlekehlekeng tsa Caribbean. Se na le matsoapo a entsoeng botle ke liphororo. Lithunthung tse tšehla tsa semela se kang phaenapole li khantša limela tse botala bo lefifi morung oa teng o teteaneng, ha lifate tse khōlō tsa ’mamauoaneng li tseka sebaka le li-liana le lifate tsa palema. Le hoja papakhaie ea Puerto Rico e le kotsing ea ho fela, e ntse e le teng sebakeng sena se sirelelitsoeng, ’me sehohoana se senyenyane se phelang lifateng, seo ha batho ba se bona ba nahanang ka Puerto Rico, se fana ka lehlaso morung oo ka pina ea sona e monate, e sa khaotseng.
Ha motho a le hōle, o bona eka matsoapo a El Yunque a koahetsoe ke lesira la silevera. ’Mala ona ke oa makhasi a lifate tsa yagrumo, tse ileng tsa ata ka mor’a tšenyo e ileng ea bakoa ke Leholiotsoana Hugo lilemong tse ’maloa tse fetileng. Ho mela ha tse ncha ke pontšo ea hore lintho li ka ’na tsa loka. Setsebi se seng sa lintho tse phelang lirapeng tsa lifate se ile sa re: “Moru o ka boetse oa hlaphoheloa ntle ho thuso e kaalo ea batho ka mor’a hore o senngoe ke likoluoa tsa tlhaho. Ntho e hlileng e bakang kotsi e khōlō ke ho itšunya-tšunya ha batho.” Sebakeng sena ho na le mefuta e ka bang 225 ea lifate, e 100 ea limela tsa ’mamauoaneng le e 50 ea ’mametsana. Kaha sebaka sena se na le mefuta e mengata haholo ea limela, se khethiloe hore e be Sebaka sa Machaba a Kopaneng sa Paballo ea Tikoloho le Lintho Tse Phelang ho Eona.
Guánica Biosphere Reserve. Ho ka etsahala hore ebe ke karolo ea ’ngoe feela lekholong ea meru e libakeng tsa tropike e qetang nako e telele e sa fumane pula, e ntseng e setse lefatšeng. Leha ho le joalo, ho na le mohlala o hlaheletseng o sebakeng seo motho a nkang lihora tse ’maloa ho fihla ho sona ha a tsamaea ka koloi a tloha El Yunque. Litsebi tse ling tsa bophelo ba limela li hlalosa Guánica e le “mohlala o motle ka ho fetisisa lefatšeng oa sebaka se nang le limela tse melang morung o haufi le libaka tsa tropike, o qetang nako e telele o sa fumane pula.” Guánica ho na le linonyana tse ngata tse fumanehang Puerto Rico feela, hammoho le mefuta e 750 ea limela, tseo karolo ea tsona ea bosupa lekholong e leng kotsing ea ho fela. Lipalesa tsa teng tse sa tloaelehang li hohela linonyana tsa hummingbird le lirurubele tse ngata. Haufi le meru ena e omeletseng ho na le lebōpo le lelelele la leoatle le ntseng le le boemong ba lona ba tlhaho, moo likolopata tsa leoatleng li tlang teng ho tla behela.
Lifate Tsa Mangrove le Mopopotlo oa Likorale Tsa Leoatle. Sebakeng sena sa Guánica se sirelelitsoeng ho boetse ho na le moru oa lifate tsa mangrove haufi le lebōpo la leoatle. E mong oa bahlokomeli ba sebaka sena o ile a re: “Sebaka sena se sirelelitsoeng se thusa lifate tsa mangrove hore li tlokome, kaha ha ho na liindasteri le temo e qothisanang lehlokoa le tsona. Lifate tsena tsa mangrove ke sebaka se setle seo litlhapi tse ngata tse mopopotlong oa likorale tsa leoatle li qhotsetsang ho sona.” Libaka tse ling tse ikhethang tseo bahahlauli ba li ratang, ka lebaka la lifate tsa mangrove tse tlokomang, ke likou tse nang le metsi a phatsimang, tseo bongata ba tsona li fumanoang Puerto Rico.—Sheba lebokose le ka tlaase.
Mepopotlo ea likorale tsa leoatle e haufi le mabōpo e sirelelitsoe hore ho se ke ha e-ba le batho ba tšoasang litlhapi ka bongata ho eona, ’me lihlekehleke tse nyenyane tse ’maloa le mafika a koahetsoeng ke metsi li hloailoe hore e be libaka tse sirelelitsoeng. Lirapa tsena tse ka tlas’a metsi li na le lintho tse ntle haholo tse bonoang ke batho ba qoelang metsing, ba ka bonelang haufi likolopata le li-manatee hammoho le litlhapi tse mebala-bala tsa mefuta e sa tšoaneng.
Le hoja Puerto Rico e sa ka ea khahla Columbus ’me ea soetsa bahlōli ba Masepanishe ba neng ba batla leruo, kajeno e thabisa batho ba etelang ho eona. Ho bona, Puerto Rico e na le matlotlo a mangata a tlhaho.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Nakoana ka mor’a moo, ho se utloisisane pakeng tsa batho ba etsang limmapa ho ile ha etsa hore lebitso la sehlekehleke seo le ferekanngoe le la motse oa sona o moholo. Haesale ho tloha ka nako eo, sehlekehleke seo se ’nile sa bitsoa Puerto Rico, ho e-na le hore lebitso leo fuoe motse-moholo oa sona, e leng San Juan.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 16]
SEBAKA SE IKHETHANG SA HO SHEBA LINALELI
Arecibo Observatory ke se seng sa libaka tse thahasellisang seo motho a ka etelang ho sona ho ea sheba linaleli, ’me se bohōle ba lik’hilomithara tse 80 ka bophirimela ho San Juan. Se na le sebonela-hōle se amohelang melaetsa e tsoang sepakapakeng, se nang le seipone se bōpehileng joaloka sekotlolo, se bophara ba limithara tse 305. Kaha sebonela-hōle sena se seholo, litsebi tsa linaleli li khona ho bona lintho tse ke keng tsa bonoa ka libonela-hōle tse ling.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy Arecibo Observatory/David Parker/Science Photo Library
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 17]
HO “SESA KA HAR’A LINALELI”
Sehlekehlekeng sa Vieques se haufi le lebōpo la Puerto Rico, ho na le kou e nyenyane e bitsoang Kou ea Liphoofotsoana Tse Khantšang. Kou ena e rehiloe lebitso leo hobane e tsebahala ka hore e na le liphoofotsoana tse ngata ka ho fetisisa tse phelang metsing tse khantšang. Neng le neng ha liphoofotsoana tsena li tšosoa ke ho itseng, li khantša boputsoa bo botala. Sena se etsa pono e sa tloaelehang ka ho fetisisa linthong tsa tlhaho.
Ntho ea pele eo baeti ba tlang koung ena bosiu ba e bonang ke khanya e phatsimang ha litlhapi tse tšohileng li baleha sekepe sa bona. Mophula oa litlhapi tsena o sala o khantšitse metsing a lefifi joalokaha eka ho oa linaleli tse tala. Ha batho ba sesa, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e etsang lefifing ea bonahala. Ha ba ntša matsoho metsing, marotholi a theohela metsing eka ke linaleli tse phatsimang. Moeti e mong o ile a re: “Ekare motho o sesa ka har’a linaleli!”
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
El Morro
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Motse oa khale ha motho a o sheba a le San Cristóbal
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
San Juan ea Khale
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Sefate sa ’mamauoaneng morung oa El Yunque
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Lebōpo la leoatle, Guánica
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Heeb Christian/age fotostock
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Lipapakhaie tsa Puerto Rico
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Mopopotlo oa likorale tsa leoatle
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 14]
Passport Stock/age fotostock
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]
All photos: Passport Stock/age fotostock
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 17]
Parrots: U.S. Geological Survey/Photo by James W. Wiley; reef: © Stuart Westmorland 2005; swimmer: Steve Simonsen