Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/08 maq. 26-29
  • Ke Lokela ho Nka Taba ea ho Beheloa Nako ea ho Fihla Lapeng Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Lokela ho Nka Taba ea ho Beheloa Nako ea ho Fihla Lapeng Joang?
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lintho Tse Amehang
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Fihla Lapeng Kapele?
    Tsoha!—1992
  • Ke Hobane’ng ha ke Beheloa Melao e Mengata Hakaale?
    Tsoha!—2006
  • Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba sa Nkutloisise?
    Tsoha!—2012
  • Ke Hobane’ng ha Nako eo ke e Behetsoeng ea ho Fihla Lapeng Bosiu e sa Tenyetsehe?
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 10/08 maq. 26-29

Bacha Baa Botsa

Ke Lokela ho Nka Taba ea ho Beheloa Nako ea ho Fihla Lapeng Joang?

U fihla lapeng ka mor’a hore u be le metsoalle ea hao mantsiboea. Nako e se e ile. U fihla ka mor’a nako eo batsoali ba hao ba u behetseng eona, joale u lokela ho ba hlalosetsa lebaka. Ua tsilatsila ha u lokela ho kena ka tlung. U re ka pelong, ‘Mohlomong Ntate le ’Mè ba se ba robetse.’ U bula lemati butle, ’me u kopana le bona ba shebile oache, ba u emetse hore u itlhalose.

NA U se u kile ua ba boemong bo tšoanang le bo hlalositsoeng ka holimo? Na ho na le mohla u sa lumellaneng le batsoali ba hao tabeng ea hore na nako e loketseng ea ho fihla lapeng ke efe? Debora ea lilemo li 17 o re: “Re lula sebakeng se batlang se sireletsehile, empa ha nka fihla ka mor’a khitla lapeng, batsoali ba ka baa tšoha.”a

Ke hobane’ng ha ho le thata hakaale ho mamela molao oa hore na u fihle neng lapeng? Na ke phoso ho lakatsa ho ba le bolokolohi bo eketsehileng? U ka etsa’ng ho sebetsana le boemo haeba u behetsoe molao o thata oa hore na u fihle neng lapeng?

Lintho Tse Amehang

Ho beheloa nako ea hore na u fihle neng lapeng e ka ba ho ferekanyang, haholo-holo haeba ho bonahala ho kena-kenana le nako eo u e qetang u e-na le metsoalle ea hao. Natasha ea lilemo li 17 o re: “Nako eo ke e behetsoeng ea hore na ke fihle lapeng neng ea nkhalefisa. Ka lekhetlo le leng batsoali ba ka ba ne ba tseba hore ke shebeletse filimi le metsoalle lelapeng le leng haufi le heso. Leha ho le joalo, e ile eare ha ho feta metsotso e ’meli feela ke e-s’o fihle eaba ba se ba letsa ba batla ho utloa hore na ke hobane’ng ha ke e-s’o fihle hae!”

Ngoanana e mong ea bitsoang Stacy o bua ka bothata bo bong. O re: “’Mè le Ntate ba ne ba lebeletse hore ke fihle lapeng pele ba robala. Ha ba ne ba ka nkemela, ke ne ke fumana ba tenehile ba bile ba halefile.” Joale ho ne ho etsahala’ng? Stacy o re: “Ba ne ba etsa hore ke ikutloe ke le molato.” Oa phaella: “Sena se ne se nkutloisa bohloko haholo. Ke ne ke sa utloisise hore na ke hobane’ng ha ba sa robale!” Ho se utloane ka taba eo le batsoali ho ka ’na ha etsa hore u ikutloe joaloka Katie ea lilemo li 18, ea reng: “Ke lakatsa eka batsoali ba ka ba ka ntšepa haholoanyane e le hore ke se ke ka ikutloa eka ke loanela bolokolohi.”

Mohlomong u ikutloa joaloka bacha bao mantsoe a bona a sa tsoa qotsoa. Haeba ho joalo, ipotse:

◼ Ke hobane’ng ha ke thabela ho qeta nako e itseng ke le sieo lapeng? (Tšoaea karabo.)

□Ho etsa hore ke ikutloe ke e-na le bolokolohi.

□ Ho etsa hore ke imolohe maikutlong.

□ Ho mpha nako ea ho ba le metsoalle ea ka.

Mabaka ana aa utloahala. Ke ntho ea tlhaho hore u batle ho ba le bolokolohi bo eketsehileng ha u ntse u hōla, ’me e ka ba ho khathollang ho etsa lintho tse hlapholang kelello. Ho feta moo, Bibele e u khothalletsa hore u be le metsoalle e nang le tšusumetso e ntle. (Pesaleme ea 119:63; 2 Timothea 2:22) Ho ka ba thata ho etsa seo haeba u lokela ho lula lapeng nako ena kaofela!

Leha ho le joalo, u ka etsa’ng hore u be le bolokolohi boo haeba ho bonahala eka nako eo u e behetsoeng ea u khina? Nahana ka lintho tse latelang.

Bothata ba #1: Ho beheloa nako ho etsa hore u ikutloe eka u ngoana. Andrea eo hona joale a leng lilemo li 21 o re: “Ke ne ke ikutloa eka ke ngoana ha ke lokela ho senya monate oa ba bang mantsiboea e le hore ke kōpe e mong oa bona hore a nkise lapeng pele e e-ba bosiu.”

Se ka thusang: Ha re re mohlomong u batla ho fumana lengolo la ho khanna. Libakeng tse ling ho behoa molao oa hore na u khanne hokae, neng kapa u na le mang—bonyane ho fihlela u le lilemong tse itseng. Na u ne u tla etsa qeto ea hore ho molemo hore u se ke ua nka lengolo la ho khanna, mohlomong u behe lebaka la ho re: “Ho thusa’ng haeba ha ke na ho ba le bolokolohi bo feletseng? Ho betere ha ke se na lona.” Che, u ne u ke ke ua etsa joalo! U ne u tla nka ho fumana lengolo leo e le katleho e khōlō.

Ka tsela e tšoanang, leka ho nka nako eo u e behetsoeng e le pontšo ea hore ua hōla—e le mohato o loketseng. U se ke ua nahana haholo ka lintho tseo nako eo u e behetsoeng e u khinang ho li etsa, empa u nahane ka bolokolohi boo e u fang bona. Etsoe na hona joale ha u na bolokolohi bo fetang boo u neng u e-na le bona ha u sa le monyenyane?

Lebaka leo sena se sebetsang: Ho ka ba bonolo ho amohela nako eo u e behetsoeng haeba u nka hore e u fa monyetla oa ho etsa lintho tse itseng ho e-na le hore ea u sitisa. Haeba u e sebelisa hantle, u ka ’na ua fuoa bolokolohi bo eketsehileng hamorao.—Luka 16:10.

Bothata ba #2: Ha u utloisise hore na ke hobane’ng ha u lokela ho fihla lapeng kapele hakaalo. Nikki, eo ka nako e ’ngoe a neng a sa rate nako eo a e behetsoeng, o re, “Kea hopola hore ho na le nako eo ke neng ke nahana hore ’Mè o beha melao molemong oa hore feela e mpe ebe o e behile.”

Se ka thusang: Sebelisa molao-motheo o ho Liproverbia 15:22, o reng: “Merero ea senyeha moo ho se nang lekunutu, empa ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyelloang.” Buisana ka bonolo le batsoali ba hao ka taba ena. Leka ho fumana hore na ke hobane’ng ha ba khethile nako eo.b

Lebaka leo sena se sebetsang: Ho utloa mabaka a batsoali ba hao ho ka ’na ha u bula mahlo. Stephen o re: “Ntate o ile a mpolella hore ’Mè o sitoa ho khaleha pele ke fihla lapeng. Ho ne ho se mohla nkileng ka nahana ka taba eo.”

Hopola: Kamehla ho molemo ho tšohla taba ka moea o fatše, u sa halefa, ho seng joalo ha ho potang hore ho tla ba le liphello tse sa thabiseng. Natasha ea qotsitsoeng pejana o re: “Ke hlokometse hore ha ke bua le batsoali ba ka ke halefile, hangata ba nkhanela ho etsa lintho tse ling tseo ke batlang ho li etsa ka mor’a moo.”

Bothata ba #3: U utloa eka ba laola bophelo ba hao. Ka linako tse ling, batsoali ba re melao ea lapeng—e ka ’nang ea akarelletsa ho beheloa nako ea ho fihla lapeng—e molemong oa hao. Brandi ea lilemo li 20 o re: “Ha batsoali ba ka ba bua joalo, ke utloa eka ha ba batle ha ke iketsetsa liqeto kapa hona ho ntša maikutlo a ka.”

Se ka thusang: U ka latela keletso ea Jesu e ho Matheu 5:41, e reng: “Haeba e mong ea nang le bolaoli a u qobella hore u tsamaee le eena maele e le ’ngoe, u ee le eena limaele tse peli.” Ashley le abuti oa hae ba fumane tsela e molemo ea ho sebelisa molao-motheo ona. O re: “Hangata re leka ho fihla lapeng metsotso e 15 pele ho nako eo re e behetsoeng.” Na u ka ipehela pakane e tšoanang?

Lebaka leo sena se sebetsang: Ho monate haholo ho etsa lintho hobane re batla ho li etsa eseng hobane feela re tlameha! Hape nahana ka sena: Ha u khetha ho fihla hae pejana, ke uena ea laolang nako ea hao. Ho feta moo, u ka ’na ua hopola molao-motheo ona: “Ketso e molemo ea hao e se ke ea e-ba joalokaha eka ke ka ho qobelloa, empa e be ea boithatelo ba hao.”—Filemone 14.

Ho fihla lapeng ka nako ho boetse ho etsa hore batsoali ba hao ba u tšepe, e leng ntho eo hangata e etsang hore ba u fe bolokolohi bo eketsehileng. Wade ea lilemo li 18, o re, “Ha batsoali ba hao ba u tšepa, ba tla u fa bolokolohi bo eketsehileng.”

Ngola bothata bo bong boo u nang le bona ka nako eo u e behetsoeng.

․․․․․

Ke eng e ka u thusang hore u hlōle bothata boo?

․․․․․

U nahana hore ke hobane’ng ha seo se ka u thusa?

․․․․․

Ka letsatsi le leng u ka ’na ua tloha lapeng ’me ua ba le bolokolohi bo eketsehileng. Empa hajoale, e-ba le mamello. Tiffany eo hona joale a leng lilemo li 20, o re: “E ka ’na eaba hona joale ha u na bolokolohi bohle boo u bo batlang, empa ha u ka ithuta ho amohela lithibelo tseo u li behetsoeng, u ke ke ua qeta lilemo tsohle tsa bocha u sulafaletsoe.”

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/​ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso sehloohong sena a fetotsoe.

b Ho fumana litlhahiso tse ling, sheba sehlooho sa “Bacha Baa Botsa . . . Ke Hobane’ng ha ke Beheloa Melao e Mengata Hakaale?” Tsoheng! ea December 2006.

SEO U KA NAHANANG KA SONA

◼ Ho beheloa nako ea ho fihla lapeng ho bontša joang hore batsoali ba hao ba amehile ka uena?

◼ Haeba u fihlile ka mor’a nako eo u e behetsoeng, u ka etsa’ng hore batsoali ba boele ba u tšepe?

[Lebokose le leqepheng la 27]

SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG

“Ke lumela hore ke ntho e utloahalang hore ke beheloe nako ea hore na ke fihle neng lapeng hobane ha ke sa robale ka ho lekaneng, ke teneha le feela!”—Gabe, ea lilemo li 17.

“Nako eo ke e behetsoeng e nqobisitse ho kena mathateng ka makhetlo. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng ha re le ’mokeng o mong, bacha ba bang ba neng ba le banyenyane haholo ba ile ba tla le joala. Hang ha re bona joala, ’na le motsoalle oa ka re ile ra be re se re itšoarella ka nako eo re e behetsoeng ea ho fihla lapeng e le hore re tsamaee.”—Katie, ea lilemo li 18.

[Lebokose le leqepheng la 28]

E LE HORE U UTLOISISE HANTLE

Ke hobane’ng ha u sa buisane le batsoali ba hao ka taba ee ea ho beheloa nako ea hore na u fihle lapeng neng e le hore le leke ho lumellana lintlheng tsee tse latelang?

◼ Ka matsatsi ana ․․․․․ ke tla fihla lapeng ka hora ea: ․․․․․, ’me ka matsatsi ana teng ․․․․․ ke tla fihla ka hora ea: ․․․․․.

◼ Kea utloisisa hore haeba nka fihla ka mor’a nako eo ke e behetsoeng, bonyane ka libeke tse ․․․․․ ke tla fokoletsoa nako e le hore ke fihle ka ․․․․․

◼ Haeba nka hlompha nako eo ke e behetsoeng bonyane ka likhoeli tse ․․․․․ nako eo e tla hlahlojoa hape.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28]

HA U BATLA HORE U EKELETSOE NAKO . . .

◼ Bua ka taba ena ka nako e loketseng.—Moeklesia 3:1, 7.

◼ Iketsetse lebitso le letle ka ho fihla ka nako.—Matheu 5:37.

◼ Kōpa batsoali ba hao hore ba u ekeletse nako ea ho fihla lapeng e le hore ba bone hore na u tla bontša boikarabelo.—Matheu 25:23.

[Lebokose le leqepheng la 29]

MOLAETSA HO BATSOALI

◼ Ke metsotso e 30 ka mor’a nako eo u e behetseng mora oa hao hore a fihle ka eona lapeng, ’me u utloa lemati le buleha butle. Ka pelong u re, ‘Kea kholoa o nahana hore ke robetse.’ Leha ho le joalo, ha ua robala. Ha e le hantle, esale u lula monyako ho tloha nakong eo e neng e lokela hore ebe o fihlile ka eona lapeng. Joale lemati le bulehile ka ho feletseng ’me mora oa hao oa u bona. U tla re’ng? U tla etsa’ng?

Ho na le lintho tse peli tseo u ka li etsang. U ka ’na ua nka taba ena habobebe ’me ua re ka pelong: ‘Ngoana o tla lula e le ngoana.’ Kapa u ka ’na ua feteletsa taba eaba u re, “U qetetse ho tsamaea.” Ho e-na le hore u nkoe ke pelo, mamela pele, mohlomong ho na le lebaka le utloahalang la hore ebe o liehile ho fihla. Joale u ka sebelisa taba ena ea ho fihla ka mor’a nako eo a e behetsoeng e le monyetla oa ho ruta ngoana oa hao thuto ea bohlokoa. Joang?

Tlhahiso: Bolella ngoana oa hao hore u tla bua le eena ka taba ena hosasa. Joale ka nako e loketseng, lula le eena fatše ’me u mo bolelle hore na u tla sebetsa taba ena joang. Batsoali ba bang ba lekile ho sebelisa mokhoa o latelang. Haeba mora kapa morali oa bona a fihla ka mor’a nako, lekhetlong le latelang ha a tsamaea, ba mo bolella hore a khutle metsotso e 30 pele ho nako eo ka tloaelo a e behetsoeng. Empa haeba mora kapa morali a tloaetse ho fihla lapeng ka nako ’me a ipaka hore a ka tšeptjoa, mohlomong u ka nahana ho mo fa bolokolohi bo eketsehileng ka linako tse ling, ua ba ua mo ekeletsa nako ea hore na a ka fihla neng lapeng. Ke habohlokoa hore ngoana oa hao a tsebe hantle hore na o lokela hore a be a le lapeng neng le hore na liphello e tla ba life haeba a sa fihle ka nako eo a e behetsoeng. Joale tiisa hore o fumana liphello tseo haeba a sa mamele.

Temoso: Bibele e re: “Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna ho ke ho tsejoe ke batho bohle.” (Bafilipi 4:5) Pele u behela ngoana oa hao nako ea hore na a fihle neng lapeng, u ka ’na ua fumana ho le molemo ho buisana le eena ka taba ena, u mo lumelle hore a fane ka tlhahiso ea hore na o ne a ka rata ho beheloa nako efe, ’me a fane ka mabaka a seo. Nahana ka sena ka ho teba. Haeba ngoana oa hao a bontšitse hore o na le boikarabelo, u ka ’na ua lumela tlhahiso ea hae haeba e utloahala.

Ho fihla ka nako ke ntho e hlokahalang bophelong. Ka hona, ho behela ngoana nako ea hore na a fihle neng lapeng hase feela taba ea ho mo sireletsa. Ke ho fa ngoana oa hao lefa le tla mo tsoela molemo hamorao ha a se a tlohile lapeng.—Liproverbia 22:6.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Nako eo u e behetsoeng ea hore na u fihle neng lapeng ke pontšo ea hore ua hōla, joaloka ho fumana lengolo la ho khanna

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela