Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/08 leq. 3
  • Katleho ea Lefeela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Katleho ea Lefeela
  • Tsoha!—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Fumana Katleho ea Sebele Bophelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • U ka Finyella Katleho ea Sebele Joang?
    Tsoha!—2014
  • Kamoo U ka Atlehang Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Re ka Fumana Tataiso Hokae?
    Tsoha!—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 11/08 leq. 3

Katleho ea Lefeela

O ne a sa tsoa feta lilemo tse 20 ’me a ipabola ’minong a bile a ruile haholo. Ke batho ba ’maloa feela ba tumang le ho atleha licheleteng ba sa le banyenyane hakaalo. Empa lintho li ile tsa qala ho mo tsamaela hampe bophelong. Ka mor’a hore lenyalo la hae la pele le la bobeli le senyehe, o ile a tlameha ho qeta nako e itseng a le litsing tse thusang batho ho tlohela bokhoba ba tahi le lithethefatsi. O ile a qala ho seleballoa bophelong.

KA MASOABI, batho ba bangata ba hlaheloa ke boemo bo kang ba mosali enoa e mocha; litabeng ho lula ho hasoa lipale tse utloisang bohloko tsa batho ba tummeng. Esita le batho ba bonahalang eka ba atlehile khoebong, ba atisa ho ba le mathata bophelong. Ha tlaleho e ’ngoe ea koranta e bua ka bo-ralichelete ba New York City, e ile ea re: “Ho lelekisa phaello ho senya mesebetsi, ho qhala malapa ho bile ho etsa hore ba rekisang lithethefatsi ba lule ba phathahane . . . Le hoja phaello e ngata haholo e etsoang ke bo-ralibanka ba Wall Street e etsa hore ba inke e le marena, ba bang ba ferekana maikutlong ka lebaka la khatello e matla ea mosebetsi ’me ba bang ha ba sa khona ho etsa letho bophelong.”

Na mathata a joalo a bakoa ke ho leka ho fumana thabo le katleho ka litsela tse fosahetseng? Ke ’nete hore re hloka chelete e itseng e le hore re phele. Empa na ho atleha ha rōna bophelong ho itšetlehile ka hore re ipokelle maruo? Liphuputso li bontša hore ha ho joalo. Ka mohlala, phuputso e entsoeng Chaena e bontšitse hore morao tjena ha batho ba se ba fumana moputso o imenneng ka makhetlo a mabeli le halofo ho feta pele, ha e le hantle ba batla ba sa khotsofala bophelong.

Ka hona, e tlameha ebe katleho ea sebele e itšetlehile ka ntho e ’ngoe ea bohlokoa ho feta mosebetsi oo motho a o etsang le boleng ba ntlo, koloi kapa oache ea hae. Ho fapana le hoo, na ha ea lokela ho bonahala ka seo motho a leng sona, ho akarelletsa melao-motheo eo a phelang ka eona le morero oa hae bophelong? Ka mohlala, motho a ka ’na a ba bohlale ’me a ba le tšusumetso e matla sechabeng, empa a se na boitšoaro, lerato le metsoalle ea sebele. E mong a ka ’na a tuma a ba a rua, empa ha a nahana ka tseo a li entseng bophelong, a ipotse, “Hantle-ntle ke entse’ng bophelong? Ha e le hantle ke phelela’ng?”

Ka hona, hoa utloahala hore batho ba atlehileng e le kannete ba tla phehella ntho e itseng ea bohlokoa haholoanyane bophelong ’me ba tataisoe ke melao-motheo e utloahalang. Ka hona, ba tla ba le khotso, ba itlhomphe ba be ba hlomphuoe ke ba bang. Hape ba tla ba le sepheo bophelong ba be ba khotsofale, ’me morero oa bona e ke ke ea e-ba ho phelela ho ikhotsofatsa feela. Ba bang ba ka ’na ba botsa, ‘Ke melao-motheo efe eo? Hona sepheo sa bona ke sefe bophelong?’ Na re ka ikarabella lipotso tsee ka borōna kapa re lokela ho batla likarabo mohloling o mong? Lihlooho tse latelang li tla tšohla lintlha tsena.

[Lebokose le leqepheng la 3]

MAIKUTLO A FOSAHETSENG KA KATLEHO

Ho ea ka phuputso e entsoeng ke lingaka, baatlelete ba bangata ba bacha ba sebelisa lithethefatsi tse matlafatsang tse ka ’nang tsa ba ntša kotsi, e le hore ba ipabole lipapaling. Tlaleho e mocheng o mong oa Inthanete o bitsoang Education Update, e re: “Phuputsong e ’ngoe e sa tsoa etsoa, ha liithuti tsa k’holeje li ne li botsoa hore: ‘Haeba le ne le tseba hore le tla hlōla kapa le kene thiming haeba le sebelisa li-steroid, empa ka mor’a lilemo tse hlano le tla kula, na le ne le tla li sebelisa?’, hoo e batlang e le liithuti kaofela li ile tsa re li ne li tla li sebelisa. Ha potso eo e se e fetoloa, ho thoe, ‘haeba le ne le tseba hore le tla shoa ka mor’a lilemo tse hlano teng?,’ tse etsang karolo ea 65 lekholong li ile tsa re li ne li tla ’ne li li sebelise.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela