Pono ea Bibele
Molimo o Ikutloa Joang ka Lintho Tse Thusang Batho ho Rapela?
Mabuddha, Mahindu, Maislamo, Bajuda, Maroma a K’hatholike le Maorthodox a Bochabela a tloaetse ho sebelisa lintho tse itseng hore li a thuse ho rapela. Kahoo, hoo e batlang e le linaheng tsohle, batho ba limilione ba lumela hore lintho tse joalo li ba thusa hore ba rapele Molimo, a ba amohele kapa ba fumane mahlohonolo. Bibele eona e ruta’ng?
BATHO ba qalile ho sebelisa lintho tse ba thusang ho rapela lilemong tse likete tse fetileng. Ka mohlala, sebakeng seo e neng e le Ninive ea boholo-holo, baepolli ba lintho tsa khale ba fumane “litšoantšo tse peli tse tšehali li eme ka pel’a sefate se halalelang, li bonahala li se rapela; li . . . tšoere moqhaka oa lipalesa kapa rosari ka [letsohong] le letšehali.”—The Catholic Encyclopedia.
Morero oa lirosari ke ofe? Encyclopedia eona eo e araba tjena: “Neng le neng ha lithapelo li lokela ho phetoa ka makhetlo a mangata, ho ka etsahala hore motho a nolofalloe ho bala makhetlo ao ha a thusoa ke ntho e itseng ho feta ha a bala ka menoana.”
Mabili a thapelo a etsa hore ho pheta-pheta thapelo ho be bonolo le ho feta. Lekhetlo ka leng ha lebili le bilika, ebang le bilikisoa ka letsoho, ka metsi kapa ka motlakase, ba le sebelisang ba re ho tšoana le ha ba rapela. Hangata ha batho ba sebelisa mabili a thapelo ba bile ba pheta li-mantra—e leng mantsoe a phetoa-phetoang a sephiri kapa litemana tsa sephiri. Nahana hore na Molimo o ikutloa joang ka lintho tse joalo.
“U se ke ua Pheta-pheta Lintho Tse Tšoanang”
Jesu Kreste, eo le batho ba limilione bao e seng Bakreste ba lumelang hore e ne e le moprofeta oa Molimo, o ile a hlalosa kamoo Molimo a ikutloang kateng mabapi le ho pheta-pheta thapelo, ha a ne a re: “Ha u rapela, u se ke ua pheta-pheta lintho tse tšoanang, feela joalokaha batho ba lichaba ba etsa, kaha ba nahana hore ba tla utluoa ka lebaka la ho sebelisa mantsoe a mangata.”a—Matheu 6:7.
Kahoo, haeba Molimo ha a rate ha re “pheta-pheta lintho tse tšoanang,” na ebe lintho tse thusang batho hore ba lule ba pheta-pheta lithapelo tsona oa li rata? Ka lebaka leo, ha ho kae kapa kae moo Bibele e bolelang hore mohlanka ea tšepahalang oa Molimo o kile a sebelisa lirosari, mabili a thapelo kapa lintho tse joalo ha a rapela. Mabaka a sena a hlaka le ho feta ha re utloisisa hore na ha e le hantle thapelo ke eng le hore na morero oa eona ke ofe.
Thapelo e Khahlisang Molimo
Thapelong ea Jesu ea mohlala, ka ho khetheha o ile a re Molimo ke “Ntat’a rōna.” E, Mōpi oa rōna hase ea sa tsotelleng kapa matla a itseng a sephiri ao batho ba lokelang ho phaphatha khotso ho ’ona ka ho pheta-pheta mantsoe a tšoanang, ho etsa meetlo ea bolumeli kapa ho peteketsa mantsoe a itseng a sephiri. Ho e-na le hoo, ke Ntate ea lerato, ’me o batla hore re mo talime a le lerato re be re mo rate. Jesu o ile a re: “Ke rata Ntate.” (Johanne 14:31) Moprofeta e mong Iseraeleng ea boholo-holo o ile a re: “Jehova, u Ntat’a rōna.”—Esaia 64:8.
Re ka atamela Jehova, Ntate oa rōna oa moea joang? (Jakobo 4:8) Joaloka kamanong leha e le efe, re atamela ho Molimo ka hore re buisane le eena. Molimo o “bua” le rōna ka Bibele—e leng Lentsoe la hae le ngotsoeng—leo ho lona a re senolelang mesebetsi ea hae, botho ba hae le morero oa hae ka rōna. (2 Timothea 3:16) Le rōna re bua le Molimo ka thapelo. Ho hlakile hore thapelo e joalo e lokela ho tloha botebong ba pelo, e bontše hore re na le kamano e haufi-ufi le eena, e se ke ea e-ba taba feela ea ho phetha molao le moetlo oa bolumeli.
Ak’u nahane sena: Bana ba phetseng hantle, ba bohlale ba lelapeng le mofuthu, le nang le lerato, ba ne ba tla bua le batsoali ba bona joang? Na ba ne ba tla pheta-pheta mantsoe a tšoanang kapa lipolelo tse tšoanang, mohlomong ba bile ba thusoa ke ntho e itseng hore ba bale makhetlo ao ba entseng seo ka ’ona? Ho hlakile hore ba ne ba ke ke ba etsa joalo! Ho e-na le hoo, ba ne ba tla bua ka mokhoa o utloahalang, o bontšang tlhompho ’me ba bue ho tsoa botebong ba pelo.
Re lokela ho etsa joalo ha re rapela Molimo. Ha e le hantle, re ka bua le Molimo ka hoo e ka bang ntho leha e le efe e re tšoenyang. Bafilipi 4:6, 7 e re: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo . . . e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello.” Bonneteng, ha re tšoenyehile ka ntho e itseng, re ka ’na ra e rapella khafetsa. Empa sena se fapane le ho pheta-pheta mantsoe a tšoanang.—Matheu 7:7-11.
Ka Bibeleng ho na le mehlala e mengata ea lithapelo tseo Molimo a khahlisoang ke tsona, tse akhang lipesaleme kapa lipina, le lithapelo tseo Jesu ka boeena a ileng a li etsa.b (Pesaleme ea 17 le ea 86, lihloohoana; Luka 10:21, 22; 22:40-44) Thapelo e ’ngoe eo Jesu a ileng a e etsa e khaolong ea 17 ea Johanne. Ak’u iphe metsotso e seng mekae hore u e bale. Ha u ntse u e bala, ela hloko kamoo Jesu a ileng a tšollela maikutlo a hae ho Molimo kateng. Hape, hlokomela kamoo thapelo eo e neng e se ea boithati kateng—kamoo e neng e bontša lerato le tebileng leo a nang le lona ho balateli ba hae. O ile a re: “Ntate ea halalelang . . . ba lebele ka lebaka la ea khopo,” e leng Satane.—Johanne 17:11, 15.
Na mantsoeng a Jesu u utloa ntho leha e le efe e bontšang hore lithapelo tsa hae li ne li se na boikutlo, e le taba feela e etsoang ka tloaelo? Ho hang feela! O re behetse mohlala o motle hakaakang! Ka sebele, bohle ba batlang ho atamela ho Molimo oa ’nete, ba lokela ho tseba botho ba hae hantle. Ebe ka mor’a moo, lerato le thehiloeng tsebong eo le ba susumetsa hore ba lahle meetlo le mekhoa ea bolumeli e sa khahliseng Molimo. Ho ba joalo, Jehova o re: “Ke tla ba ntat’a lōna, ’me le tla ba bara le barali ba ka.”—2 Bakorinthe 6:17, 18.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Thapelong ea hae ea mohlala, Jesu ha aa ka a re: “Joale, le etse thapelo ena,” e leng ho neng ho tla hanana le seo a neng a qeta ho se bua. Ho e-na le hoo, o ile a re: “Joale, le rapele ka tsela ena.” (Matheu 6:9-13) O ne a bolela’ng? Joalokaha thapelo eo ea mohlala e bontša, re lokela ho ameha ka lintho tsa moea ho feta tsa nama.
b Le hoja lipesaleme li ne li binoa maemong a sa tšoaneng, li ne li sa phetoe khafetsa joaloka mantsoe a sephiri, ebile li ne li sa binoe meketeng ea bolumeli eo ho eona ho neng ho sebelisoa lirosari kapa mabili a thapelo.
NA U KILE UA IPOTSA?
◼ Na keletso ea Jesu ea hore re se ke ra pheta-pheta mantsoe a tšoanang ha re rapela e ntse e sebetsa le tabeng ea ho sebelisa lirosari kapa mabili a thapelo?—Matheu 6:7.
◼ Lithapelo tsa rōna li lokela ho bontša hore re lumela eng ka Molimo?—Esaia 64:8.
◼ Haeba re lahla mashano a bolumeli, Molimo o tla re nka joang?—2 Bakorinthe 6:17, 18.