U Tla Araba Joang?
E Etsahetse Hokae?
1. Ha Jesu a ne a nyolohela leholimong o ne a le hokae?
NTLHA E THUSANG: Bala Liketso 1:6-12.
Tšoaea karabo ka ho etsa selikalikoe ’mapeng.
Thaba ea Karmele
Thaba ea Gerizime
Thaba ea Mehloaare
Hebrone
◼ Nakoana pele Jesu a nyolohela leholimong, barutuoa ba hae ba ile ba mo botsa eng?
․․․․․
◼ Jesu o ile a re barutuoa ba hae ba ne ba tla etsa’ng?
․․․․․
SE KA TŠOHLOANG:
Mantsoe a builoeng ke lengeloi ho Liketso 1:11 a phethahetse joang? U ka etsa’ng hore u kopanele mosebetsing oo Jesu a o fileng balateli ba hae, joalokaha o tlalehiloe ho Liketso 1:8?
Tse Hlahang Makasineng Ena
Araba lipotso tsena, u be u fane ka temana kapa litemana tsa Bibele tse sa tlatsoang.
LEQEPHE 4 Bibele e re Elia e ne e le motho ea joang? Jakobo 5:․․․
LEQEPHE 7 Motho o tla phela ka eng? Matheu 4:․․․
LEQEPHE 19 Ke mang ea ka ’nang a khomarela motho haufi ho feta mor’abo? Liproverbia 18:․․․
LEQEPHE 20 Ho na le nako ea ho etsa’ng? Moeklesia 3:․․․
Bana Batlang Litšoantšo
Na u ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosa ka mantsoe a hao se etsahalang setšoantšong ka seng.
Ke Mang ea Leng Lesikeng Labo Jesu?
Nahana ka lintlha tsena tse tla u thusa ho fumana karabo. Sheba litemana tse bontšitsoeng. Ebe u ngola mabitso a nepahetseng meleng e fanoeng.
2. ․․․․․
NTLHA E THUSANG: Nakong ea puso ea ka, Hilkia o ile a fumana “buka ea molao oa Jehova e fanoeng ka letsoho la Moshe.”
Bala 2 Likronike 34:1, 14.
3. ․․․․․
NTLHA E THUSANG: Ke ne ke le ’musisi oa pele oa Bajuda ba ileng ba khutlela Iseraele ba tsoa Babylona.
Bala Hagai 1:14.
4. ․․․․․
NTLHA E THUSANG: Ke ne ke le ’metli oa mapolanka.
Bala Matheu 1:16; 13:55.
◼ Likarabo li leqepheng la 14
LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 31
1. Thabeng ea Mehloaare.
◼ Ba ile ba botsa Jesu hore na o tla tsosolosa ’Muso neng.
◼ Jesu o ile a re barutuoa ba hae ba ne ba tla paka ka eena ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.
2. Josiase.—Matheu 1:10.
3. Zorobabele.—Matheu 1:12.
4. Josefa.—Matheu 1:16.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]
Center circle: Oxford Scientific/photolibrary