Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/09 leq. 24
  • Mapheo a Liphoofolo Tse Fofang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mapheo a Liphoofolo Tse Fofang
  • Tsoha!—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lihoai Tse Fofang Tsa Merung e Mongobo
    Tsoha!—2014
Tsoha!—2009
g 2/09 leq. 24

Mapheo a Liphoofolo Tse Fofang

Na a Entsoe?

◼ U nahana hore linthong tsee ke life tse tsebang ho fofa ho feta tse ling? Na ke lifofane kapa ke liphoofolo tse kang bo-’mankhane, likokoanyana le linonyana? Wei Shyy, eo e leng moprofesa oa boenjiniere ba lifofane Univesithing ea Michigan, o re bonneteng sefofane ha se khone ho fofa joaloka liphoofotsoana tsena tse hlollang, tse “nang le bokhoni bo ikhethang ba ho fofa esita le ha ho foka lifefo tse matla, pula e na le ha lehloa le khetheha.”a Li thusoa ke’ng? Ke mapheo a tsona a uputsang, ao bakhanni ba lifofane ba ’nileng ba khalla ho a etsisa ho tloha ha ba qala ho etsa lintho tse fofang.

Ak’u nahane: Linonyana le likokoanyana tse ling li lula li fetola sebōpeho sa mapheo a tsona ha li ntse li fofa e le hore li ikamahanye le maemo a tikolohong ea tsona. Sena se li nolofalletsa hore li okaokele li be li thinye ka potlako. Ha makasine oa Science News o tlaleha seo batho ba se boneng ka bo-’mankhane, o re: “Ha bo-’mankhane ba fofa butle, ba nka limithara tse ka bang 1,5 ka motsotsoana, ba phethola mapheo lintlheng ebe ba a uputsa ka potlako ha ba fofela holimo. Bo-rasaense ba nahana hore sena . . . ke sona se etsang hore ba fofe.”

Ha e le hantle, ho sa na le lintho tse ngata tseo batho ba ka ithutang tsona ka liphoofolo tse fofang. Peter Ifju, moprofesa oa boenjiniere ba mechine le lifofane Univesithing ea Florida, oa botsa: “Hantle-ntle li etsa’ng ha li le moeeng e li nolofalletsang hore li fofe joalo?” O phaella ka ho re: “Ho na le litsela tse ngata tseo moea o phallang ka tsona, ke feela hore ha re li utloisise. Re khona ho bona seo [linonyana le likokoanyana] li se etsang, empa ha re utloisise hore na seo se sebetsa joang moeeng.”

U nahana’ng ka see? Na mapheo a khonang ho feto-fetoha le maemo a liphoofolo tse fofang a bile teng ka tšohanyetso? Kapa na a entsoe?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Le hoja liphoofolo tse ngata tse nang le mapheo li khona ho fofa puleng, bongata ba tsona li batla moo li ka ipatang.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Nonyana ea “hummingbird” e molomo o molelele

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Laurie Excell/Fogstock/ age fotostock

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

’Mankhane o nang le litsebe tse kang tsa toeba

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Delpho, M/age fotostock

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela