Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/09 leq. 30
  • Maikutlo a Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maikutlo a Babali
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • R. W., United States
  • Ithute ho Phetla Bibele
    Lihlooho Tse Ling
  • Thuto ea 3—Ho Lekanya Liketsahalo Kemisong e sa Khaotseng ea Nako
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Timeline
    Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
  • Karolo ea Pele—Kamoo Bibele e Tlileng ho Rōna Kateng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 3/09 leq. 30

Maikutlo a Babali

Libuka Tse Ngotsoeng ka Letsoho Tsa Boholo-holo—Ho Fumanoa Joang Hore na li Ngotsoe Neng? (February 2008) Sehlooho sena sea nkhopisa. Ke tseba C.E. e emela “Mehla e Tloaelehileng” ’me B.C.E. e emela “Pele ho Mehla e Tloaelehileng.” Ka lilemo tse 70 tseo ke li phetseng, ke ’nile ka bona ho sebelisoa B.C. le A.D. ha ho buuoa ka nako ea pele Jesu a tsoaloa le ea ka mor’a hore a tsoaloe. Ke nka hore ho sebelisa B.C.E. kapa C.E. ho bontša hore le latola tsoalo ea Jesu ka tsela e itseng.

R. W., United States

Karabo ea “Tsoha!”: Le hoja A.D. (Anno Domini, e bolelang “ka selemo sa Morena oa rōna”) le B.C. (Pele ho Kreste) li sebelisoa linaheng tseo batho ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste, re khethile ho sebelisa mantsoe C.E. (Mehla e Tloaelehileng) le B.C.E. (Pele ho Mehla e Tloaelehileng). Hobane’ng? Ntlha ea pele ke hore ho na le bopaki bo matla bo bontšang hore Jesu o hlahile ka selemo sa 2 B.C.E. Ea bobeli ke hore lingoliloeng tse ngata tse hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova li abjoa hohle ka lipuo tse baloang ke batho ba bangata bao e seng Bakreste. Ntlha ea boraro ke hore tlotla “Kreste” e bolela “Motlotsuoa.” Jesu e bile Mesia, kapa Kreste, ha a ne a tlotsoa ka moea oa Molimo nakong ea ha a ne a kolobetsoa ka 29 C.E. (Matheu 3:13-17) Kahoo, Jesu ha aa hlaha e le Kreste; e bile Kreste ka selemo seo a kolobelitsoeng ka sona. Re lokela ho hlokomela hore batho ba bangata ba sebelisa tlhaloso ea C.E. le ea B.C.E. le hore litlhaloso tseo li hlaha hoo e batlang e le lidikishinaring tsohle tsa kajeno hammoho le libukeng tsa litsebi. Ka kōpo, kholiseha hore Lipaki Tsa Jehova li nka Jesu a phetha karolo ea bohlokoa haholo hammoho le sehlabelo sa hae ho phethahatseng merero ea Molimo le tabeng ea hore re bolokehe.

Bacha Baa Botsa . . . . Nka Sebetsana Joang le Mathata a ho Kula? (February 2008) Ha ke na mantsoe a teboho ka sehlooho sena seo ke se fumaneng ka nako e loketseng! Ke ile ka kula ’me ka qeta libeke tse tharo ke le sepetlele. Ke ne ke sa tsoa lokolloa sepetlele ha ke fumana makasine ena. Lintlheng tse ngata, ke ne ke ikutloa joaloka bacha ba boletsoeng sehloohong seo. Ke leboha mehlala le keletso eo le faneng ka eona.

K. P., Canada

Ke ile ka angoa ke hore ebe Jehova Molimo o tšelisa esita le batho ba holofetseng joaloka ’na. Ha ke sa le monyenyane, lingaka li ile tsa fumana hore ke letoope. Le hoja ke sa khone ho tsamaea, ke pula-maliboho ea thusang. Ke lebeletse ka thabo nako eo ka eona bohle ba holofetseng ba “tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla,” lefatšeng le tlang la Paradeise.—Esaia 35:5, 6.

J. J., Rephabliki ea Korea

Ke balile sehlooho sena ka makhetlo-khetlo. Ke ile ka lla, ha ke utloa mantsoe a lerato a Jehova. Ho ne ho tšoana leha eka o re phuthetse ka kobo e mofuthu e le hore ho se ke ha e-ba le letho le re ntšang kotsi. Ke leboha haholo.

M. T., Japane

Lefu—Na Ehlile ke Qetello ea Bophelo? (December 2007) Ke hlokahalletsoe ke ’Mè likhoeling tse ’maloa tse fetileng, ’me ke ile ka angoa ka ho teba ke tsela eo lihlooho tsena li hlalositseng taba ena ka eona, haholo-holo tšepo ea hore bafu ba tla tsosoa. Ke leboha haholo. Li ntšelisitse le ho nkhothatsa haholo.

M. R., Madagascar

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela