Rasiti e Lumellanang le Tlaleho ea Bibele
◼ Lilemong tsa bo-1870, ho ile ha epolloa letlapa la letsopa le bophara ba lisenthimithara tse 5,5 haufi le Baghdad, Iraq. Ka 2007, moprofesa Michael Jursa, oa Univesithing ea Vienna, Austria, o ile a fumana letlapa leo ha a ntse a etsa liphuputso Musiamong oa Brithani. Jursa o ile a bona lebitso Nebo-sarsekime (leo ka Sebabylona ho thoeng ke Nabu-sharrussu-ukin), e leng la ofisiri e ’ngoe ea Babylona eo ho buuoang ka eona ka Bibeleng ho Jeremia 39:3.a
Nebo-sarsekime e ne e le e mong oa balaoli ba Morena Nebukadnezare ha ho ripitloa Jerusalema ka 607 B.C.E., ’me ho ea ka se letlapeng leo o bitsoa “leqhalaha le ka sehloohong.” Ho feta moo, tlotla leqhalaha le ka sehloohong, e ne e fuoa motho a le mong feela ka nako, e leng se fanang ka bopaki bo matla ba hore Sarsekime enoa ke eena eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng.
Letlapa leo le tlaleha ka khauta eo Nebo-sarsekime a ileng a e isa tempeleng ea Merodake, e leng molimo ea ka sehloohong oa Bababylona, eo le eena lebitso la hae le hlahang ka Bibeleng. (Jeremia 50:2) Rasiti eo e ngotsoe ka la 18 khoeling ea bo11, selemong sa bo10 sa puso ea Nebukadnezare. Leha ho le joalo, ho isoa ha khauta eo tempeleng ha ho amane le ho ripitloa ha Jerusalema, ho etsahetseng lilemo hamorao. (2 Marena 25:8-10, 13-15) Empa moprofesa Jursa o re: “Ruri hoa hlolla ho fumana letlapa le kang lena, le buang ka motho ea boletsoeng ka Bibeleng, a lefella lintho tse tloaelehileng tse etsoang tempeleng ea Babylona ’me ho bile ho ngotsoe letsatsi le tobileng ho lona.” Koranta ea Brithani e bitsoang Telegraph e re ho sibolloa ha letlapa lena, leo ho thoeng ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoahali tsa mehleng ea Bibele tse sa tsoa epolloa, ho “tšehetsa taba ea hore liketsahalo tsa histori tse tlalehiloeng Testamenteng ea Khale ke ’nete.”
Leha ho le joalo, ho nepahala ha Bibele ha hoa itšetleha ka ho sibolloa ha lintho tsa khale. Bopaki bo matla le ho feta bo ka fumanoa ka Bibeleng ka boeona, haholo-holo boprofeteng ba eona. (2 Petrose 1:21) Ka mohlala, Jehova Molimo o ile a bolela lilemo tse 100 esale pele, ka moprofeta Esaia hore matlotlo ’ohle a Jerusalema a ne a “tla isoa Babylona.” (Esaia 39:6, 7) Ka tsela e tšoanang, a sebelisa moprofeta Jeremia, Molimo o ile a bolela esale pele, a re: ‘Ke tla nehelana ka lintho tsohle tse bolokiloeng tsa motse ona [Jerusalema] matsohong a lira tsa bona. Ka sebele li tla ba tlatlapa ’me li ba nke li ba tlise Babylona.’—Jeremia 20:4, 5.
Nebo-sarsekime e ne e le e mong oa lira tseo, kahoo o ile a boela a bona ha boprofeta boo ba Bibele bo phethahala. Ha e le hantle, ebang o ne a tseba kapa che, o ile a kenya letsoho ho phethahatseng boprofeta boo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho Jeremia 39:3, Phetolelo ea Lefatše le Lecha e latetse taba e ngotsoeng ka Seheberu ke Masorete, ’me e re: “Samgare-nebo, Sarsekime, Rabsarise.” Empa Seheberu se ngoloang ka liluma-’moho se ne se ka ngoloa tjena: “Samgare, Nebo-sarsekime Rabsarise [kapa, Molaoli e Moholo oa Lekhotla],” e leng se lumellanang le taba e letlapeng e ngotsoeng ka mongolo oa cuneiform.
[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 11]
Copyright The Trustees of the British Museum