Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/09 maq. 19-21
  • Nka Sebelisa Nako ea ka Hantle Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Sebelisa Nako ea ka Hantle Joang?
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bothata ba #1 Ho Etsa Kemiso
  • Bothata ba #2 Ho Khomarela Kemiso
  • Bothata ba #3 Ho ba Makhethe le ho Hlophiseha
  • Nka Sebelisa Nako ea ka Hantle Joang?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Timetso ea Sodoma le Gomora
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Jesu o Phekola Batho ka Mohlolo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Jesu o Hanyetsa Teko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 6/09 maq. 19-21

Bacha Baa Botsa

Nka Sebelisa Nako ea ka Hantle Joang?

“Ke utloile motho e mong a soasoa le e mong a re, haeba u batla hore ke fihle sebakeng se itseng ka hora ea bone, u lokela ho mpolella hore ke fihle moo ka hora ea boraro. Ke ha ke tla elelloa hore ke lokela sebelisa nako ea ka hantle!”—Ricky.a

U KA rata ho ekeletsoa lihora tse kae ka letsatsi? U ka etsa’ng ka nako eo e eketsehileng?

□ Nka e qeta ke e-na le metsoalle

□ Ke robetse

□ Ke ithuta

□ Ke ikoetlisa

□ Ke etsa lintho tse ling ․․․․․

Le hoja e ne e ka ba ntho e ntle ho ba le lihora tse ngatanyana ka letsatsi, seo se ke ke sa etsahala! Joale, u lokela ho etsa’ng? Bacha ba bangata ba ithutile hore ha ba hlophisa nako ea bona hantle, seo se ba fa lihora tse seng kae tse eketsehileng tseo ba li hlokang haholo. Ba boetse ba hlokometse hore ha ba hlophisa nako ea bona seo se ba fokoletsa ho imeloa kelellong, se etsa hore ba sebetse hantle sekolong ebile se etsa hore batsoali ba bona ba ba tšepe haholoanyane. A re bone hore na ho sebelisa nako hantle ho ka u tsoela molemo joang.

Bothata ba #1 Ho Etsa Kemiso

Se ka ’nang sa u sitisa. Ha u nahana ho etsa lintho ka kemiso, seo se etsa hore u ikutloe eka u qabeletsoe! U rata ho etsa lintho ka nako leha e le efe, ’me ha u batle hore sohle seo u se etsang bophelong se laoloe ke kemiso.

Lebaka leo u lokelang ho ba le eona. Morena Solomone o ile a ngola, a re: “Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo.” (Liproverbia 21:5) Ha ho potang hore Solomone e ne e le motho ea phathahaneng. O ne a nyetse, a e-na le bana ebile e le morena—mohlomong tsena tsohle le pele a e-ba lilemo li 20! Ha nako e ntse e ea, o ile a phathahana le ho feta. Ka ho tšoanang, le uena u phathahane hona joale. Mohlomong u tla phathahana le ho feta ha u ntse u hōla. Ho molemo hore u qalelle hona joale ho ba ea hlophisehileng!

Seo bacha ba bang ba se buang. “Hoo e ka bang likhoeling tse tšeletseng tse fetileng, ke ile ka qala ho etsa kemiso ea kamehla. Ke ne ke leka ho inolofalletsa lintho, ’me ho ba le kemiso ho ile ha nthusa!”—Joey.

“Ho ngola lintho fatše ho nthusa hore ke latele kemiso. Ha ke e-na le lintho tse ngata tseo ke lokelang ho li etsa, ’na le ’Mè re li ngola fatše, e le ho bona hore na re ka thusana joang ho finyella lipakane tsa rōna.”—Mallory.

Se tla u thusa. Nahana ka sena: A re nke hore le nka leeto ka koloi. Setho ka seng sa lelapa se akhela mekotla ka buting. Empa ha ho bonahale eka e tla fella. U ka etsa’ng? U ka ’na ua e ntša kaofela ka buting ebe u qala ho e paka bocha, u kenye e moholo pele. Butle-butle u tla fumana sebaka sa ho kenya e menyenyane.

Ho etsahala se tšoanang bophelong. Haeba u qala ka lintho tse sa reng letho, u tla hloka nako ea ho etsa lintho tsa bohlokoa. Ha u qala ka lintho tsa bohlokoa u tla hlolloa ke hore na u salloa ke nako e kae ea ho etsa lintho tse ling!—Bafilipi 1:10.

Ke lintho life tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo u lokelang ho li etsa?

․․․․․

Khutlela lethathamong leo u le entseng ’me u li ngole ka tatellano ho latela hore na li bohlokoa hakae. Haeba u qala ka ho etsa lintho tsa bohlokoa, u ka ’na ua hlolloa ke hore na u salloa ke nako e kae ea ho etsa lintho tseo e seng tsa bohlokoa hakaalo. Empa u hopole hore u ke ke ua atleha haeba u qala ka tseo e seng tsa bohlokoa!

Seo u ka se etsang. Batla bukana eo u tla ngolla ho eona lintho tseo u lokelang ho li etsa, ’me u li thathamise ho latela bohlokoa ba tsona. Ka lehlakoreng le leng, mohlomong e ’ngoe ea lintho tse latelang e ka u thusa.

□ Almanaka ea selefouno

□ Bukana ea ho ngolla lintlha

□ Almanaka ea k’homphieutha

□ Almanaka ea deskeng

Bothata ba #2 Ho Khomarela Kemiso

Se ka ’nang sa u sitisa. Ha sekolo se tsoa, seo u batlang ho se etsa feela ke ho phomola le ho shebella TV ka metsotso e seng mekae. Kapa u ikemiselitse ho ithuta, empa u fumana molaetsa ka fono o u memelang ho ea shebella filimi e itseng. Nako eo filimi e qalang ka eona e ke ke ea fetoloa, empa uena u ka khona ho ithuta ho fihlela bosiu. U ipolella hore, ‘Ebile ke sebetsa hantle le ho feta ha ke le tlas’a khatello.’

Lebaka leo ka lona u lokelang ho e khomarela. U ka ’na ua fumana limaraka tse holimo ha u ithuta nakong eo kelello ea hao e hlaphohetsoeng haholoanyane. Ho phaella moo, na u se u ntse u se na mathata a mangata ao u lokelang ho sebetsana le ’ona? Ke hobane’ng ha u ikekeletsa ’ona ka ho balla tlhahlobo ka lepotlapotla ho fihlela e se le bosiu haholo? Ho ka ’na ha etsahala’ng hoseng ka le hlahlamang? U ka ’na ua seloa, ua ikutloa u sithabetse le ho feta, ua tlameha ho tsoa ka tlung u se u matha, ’me mohlomong u be u fihle sekolong se se se kene.—Liproverbia 6:10, 11.

Seo bacha ba bang ba se buang. “Ke rata ho shebella TV, ho letsa katara le ho qeta nako ke e-na le metsoalle ea ka. Hase hore lintho tsena li fosahetse; empa ka nako e ’ngoe li nka sebaka sa lintho tsa bohlokoa ebe ke qetella ke etsa lintho ka lepotlapotla.”—Julian.

Se tla u thusa. U se ke ua etsa kemiso ea lintho tseo u lokelang ho li etsa feela—empa u etse le ea lintho tseo u thabelang ho li etsa. Julian o re: “Ho bonolo ho etsa lintho tseo ke lokelang ho li etsa, ha ke tseba hore ka mor’a moo ke il’o etsa lintho tseo ke li thabelang.”

Tlhahiso e ’ngoe ke ena: Ipehele pakane e khōlō, ebe u ipehela tse ling tse nyenyane tse tla u thusa hore u e finyelle. Joey ea lilemo li 16, ea boletsoeng pejana o re: “Ke rata ho ba mosebeletsi ea rutang batho Bibele kamehla. Pakane ena e nthusa hore ke khomarele kemiso ea ka hona joale ha ke ntse ke itokisetsa nako eo ka eona ke tla beng ke phathahane le ho feta bophelong.”

Seo u ka se etsang. Ke lipakane life tse seng kae tse utloahalang tseo u ka li finyellang likhoeling tse tšeletseng tse latelang?

․․․․․

Ke pakane efe e utloahalang eo u ka e finyellang lilemong tse peli tse latelang, hona u lokela ho qalella ho etsa’ng hona joale e le hore u e finyelle?

․․․․․

Bothata ba #3 Ho ba Makhethe le ho Hlophiseha

Se ka ’nang sa u sitisa. Ha u tsebe hantle hore na ho ba makhethe le ho hlophiseha ho amana joang le ho sebelisa nako ea hao hantle. Ntle ho moo, ho bonahala ho le bonolo haholo ho ba bohlasoa. U ka ’na ua hloekisa kamore ea hao hosasane—kapa ua hla ua e tlohela! Kaha ha u tsotelle leha ho le bohlasoa, eo hase taba e u tšoenyang. Na ehlile ho joalo?

Lebaka leo ka lona u lokelang ho ba makhethe le ho hlophiseha. Ha lintho tsohle li le makhethe li bile li hlophisehile, seo se tla u bolokela nako ha u li batla. Hape sena se tla etsa hore u imolohe kelellong, e leng ntho eo u hlileng u e hlokang.—1 Bakorinthe 14:40.

Seo bacha ba bang ba se buang. “Ka linako tse ling, ha ke se na nako ea ho beha liaparo tsa ka moo li lokelang ho lula teng, ke qetella ke se ke sa fumane lintho tseo ke li hlokang hobane li koahetsoe ke bohlasoa!”—Mandy.

“Ke qetile beke ke ntse ke batla sepache sa ka. Kahoo ka sulafalloa haholo. Qetellong ke ile ka se fumana ha ke hloekisa kamore ea ka.”—Frank.

Se tla u thusa. Leka ho khutlisetsa lintho moo li lulang teng kapele kamoo u ka khonang. Ho hleka lintho ka linako tsohle ho e-na le ho emela hore ho be bohlasoa ho tla u nolofalletsa ho hloekisa ka potlako le ho fumana lintho habonolo.

Seo u ka se etsang. Leka ho itloaetsa hore u be makhethe. Beha lintho ka makhethe ’me u bone hore na seo se ke ke sa u nolofalletsa bophelo.

Qala ka lintho tse nyenyane—u qale kajeno! Ke litlhahiso life tse fanoeng sehloohong see tseo u ka li sebelisang?

․․․․․

Ke tla leka ho sebelisa litlhahiso tsena ka libeke tse ․․․․․ ’me ke bone haeba li ka nthusa.

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.

SEO U KA NAHANANG KA SONA

◼ U hloka ho robala lihora tse kae e le hore u sebetse hantle?

◼ U ka ’na ua kōpa mang hore a u thuse ho etsa kemiso?

◼ Haeba u se u ntse u e-na le kemiso, u ka ’na ua lokela ho etsa liphetoho life?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20, 21]

Ka beke, bacha ba pakeng tsa lilemo tse 8 le 18 ba qeta lihora tse kana ba etsa lintho tse latelang:

17

ba e-na le batsoali ba bona

30

ba le sekolong

44

ba shebeletse TV, ba bapala lipapali tsa video, ba romellana melaetsa ba bile ba mametse ’mino

NAKO EA KA E FELLA HOKAE?

Kopanya lihora tseo u li qetang beke ka ’ngoe

u shebeletse TV: ․․․․․

u bapala lipapali tsa video: ․․․․․

u sebelisa k’homphieutha: ․․․․․

u mametse ’mino: ․․․․․

Kakaretso: ․․․․․

Lihora tseo nka li sebelisetsang lintho tsa bohlokoa: ․․․․․

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Haeba u qala ka ho kenya lintho tse nyenyane, u ke ke ua ba le sebaka sa ho kenya lintho tsa bohlokoa haholo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela