Bacha Baa Botsa
Ke Hobane’ng ha ke Tšaba ho Bolella ba Bang Seo ke se Lumelang?
“Ke bile le menyetla e metle ea ho buisana le ba bang sekolong ka seo ke se lumelang. Empa ke ile ka cha ntši.”—Kaleb.a
“Tichere ea rōna e ile ea re botsa ka tlelaseng hore na re nahana’ng ka taba ea ho iphetola ha lintho. Ke ne ke tseba hore ona ke monyetla o motle oa hore ke bue ka seo ke se lumelang. Empa ke ile ka shashabana ’me ka le nyaea la koloba. Ka mor’a moo, ke ile ka ikoahlaea haholo.”—Jasmine.
HAEBA u mocha oa Mokreste, mohlomong u kile ua ba boemong bo kang ba Kaleb le Jasmine. E ka ’na eaba le uena u rata linnete tsa Bibele tseo u ithutileng tsona ’me u batla ho li bolella ba bang. Empa e ka ’na eaba u sehoa ke letsoalo ha u nahana ho bua le ba bang ka seo u se lumelang. Leha ho le joalo, u ka ithuta ho ba sebete. U ka etsa seo joang? Leka ho sebelisa litlhahiso tse latelang ha u ntse u itokisetsa ho ea sekolong selemo le selemo:
1. Hlalosa seo u se tšabang. Ha u nahana ho bolella ba bang seo u se lumelang, ho bonolo ho nahana ka boemo bo bobe ka ho fetisisa bo ka etsahalang! Leha ho le joalo, ka linako tse ling, u ka kokobetsa tšabo ea hao ka ho ngola fatše seo u se tšabang.
Qetela polelo e latelang.
◼ Ha ke bolella bao ke kenang sekolo le bona seo ke se lumelang, ho ka ’na ha etsahala sena:
․․․․․
Ho ka ’na ha u khothatsa ho tseba hore le bacha ba bang ba Bakreste ba na le bothata bo tšoanang. Ka mohlala, Christopher ea lilemo li 14, o re: “Ke tšaba hore bana ba bang ba tla ntšeha ’me ba bolelle ba bang hore kea makatsa.” Kaleb, ea qotsitsoeng qalong o re, “Ke ne ke tšaba hore motho e mong a ka ’na a mpotsa potso eo ke tla sitoa ho e araba.”
2. Amohela phephetso. Na u mpa u tšoha feela ntle ho mabaka? Che. Ashley o re, “Bana ba bang ba ile ba etsa eka ba thahasella seo ke se lumelang. Empa hamorao ba sotha seo ke se buileng ’me ha ba bona ba bang, ba ntšoma.” Nicole ea lilemo li 17, eena o re: “Moshanyana e mong o ile a bapisa temana e ’ngoe ka Bibeleng ea hae le ka Bibeleng ea ka, ’me li ne li sebelisitse mantsoe a sa tšoaneng. O ile a re Bibele ea ka e fetotsoe. Ke ile ka ema hlooho! Ke ne ke sa tsebe hore na nka re’ng.”b
Ho ba boemong bo kang bona e ka ba ho tšosang haholo! Empa ho e-na le hore u bo qobe, bo amohele e le phephetso eo u lokelang ho tobana le eona bophelong ba hao ba Bokreste. (2 Timothea 3:12) Matthew ea lilemo li 13, o re: “Jesu o itse balateli ba hae ba tla hlorisoa, kahoo re ke ke ra lebella hore bohle ba re rate kapa ba rate seo re se lumelang.”—Johanne 15:20.
3. Nahana ka melemo e ka bang teng. Na ho na le molemo o ka hlahisoang ke boemo bo bonahalang bo sa thabise? Amber ea lilemo li 21, o nahana joalo. O re: “Ho thata ho hlalosetsa batho ba sa hlompheng Bibele seo u se lumelang, empa seo se u thusa ho utloisisa le ho hlahloba seo u se lumelang.”—Baroma 12:2.
Ak’u boele u shebe boemo bo hlalositsoeng Ntlheng ea 1. Bonyane nahana ka lintho tse peli tse ntle tse ka tlisoang ke boemo boo ’me u li ngole ka tlaase mona.
1 ․․․․․
2 ․․․․․
Tlhahiso: Ke joang ho bolella ba bang seo u se lumelang ho ka u fokoletsang khatello ea lithaka? Ho etsa seo ho tla ama boikutlo ba hao ba ho itšepa joang? Ho tla ama boikutlo ba hao ka Jehova Molimo joang? Hona ho tla ama boikutlo ba hae ka uena joang?—Liproverbia 23:15.
4. Lula u le malala-a-laotsoe. Liproverbia 15:28 e re: “Pelo ea ea lokileng ea thuisa e le hore e arabe.” Ntle le ho thuisa ka seo u tla se bua, leka ho nahana ka lipotso tseo ba bang ba ka ’nang ba li botsa. Batlisisa ka lihlooho tseo ’me u fumane lintlha tseo u tla nolofalloa ho li hlalosa.—Sheba chate e reng: “Rera Esale Pele Hore na U Tla Re’ng,” e leqepheng la 25.
5. Kena temeng. U ka etsa’ng haeba u se u itokiselitse ho bolella ba bang seo u se lumelang? U ka sebelisa e ’ngoe ea litsela tsena. Ho bolella ba bang seo u se lumelang ho tšoana le ho sesa: Batho ba bang ba kena butle ka metsing, ba bang baa ikakhela. Ka ho tšoanang, u ka qalisa moqoqo ka taba e sa amaneng le bolumeli ebe u o fetola butle-butle e le ho bona hore u leke metsi ka lere. Empa haeba u tšoenyehile ka hore lintho li ka ’na tsa se ke tsa tsamaea hantle, mohlomong ho ka ba molemo hore u ‘ikakhele’ tabeng. (Luka 12:11, 12) Andrew ea lilemo li 17, o re: “Ho bolella ba bang seo ke se lumelang, ha ho thata joalokaha ke ne ke nahana. Hang ha ke se ke qalisitse moqoqo, ho tsoela pele ka oona ho ne ho le bonolo ho feta kamoo ke neng ke lebeletse kateng!”c
6. Sebelisa kahlolo e molemo. Joalokaha u ne u ke ke ua ikakhela ka metsing a sa tebang, ela hloko hore u se ke ua kena likhang tse se nang thuso. U hopole hore ho na le nako ea ho bua le ea ho khutsa. (Moeklesia 3:1, 7) Esita le Jesu o ile a hana ho araba lipotso tse ling. (Matheu 26:62, 63) Hopola molao-motheo ona: “Motho ea sebelisang kahlolo e molemo o bona tlokotsi esale pele ’me a e qobe, empa ea sa nahaneng oa itšohlometsa ’me a ikoahlaee hamorao.”—Liproverbia 22:3, Today’s English Version.
Kahoo haeba u lemoha hore ho ka ’na ha qhoma khang, u se ke ua “itšohlometsa” ho eona. Ho e-na le hoo, fana ka karabo e khutšoaane le e masene. Ka mohlala, haeba seithuti-’moho le uena se u soma, se re: ‘Ke hobane’ng ha u sa tsube?’ u ka ’na ua re, ‘Ha ke rate ho silafatsa ’mele oa ka!’ Ho itšetlehile ka hore na se tla re’ng, u ka ’na ua etsa qeto ea ho se hlalosetsa haholoanyane ka seo u se lumelang.
Lintlha tse ka holimo li ka u thusa hore ‘kamehla u lokele ho ikarabella’ ka seo u se lumelang. (1 Petrose 3:15) Ho hlakile hore seo ha se bolele hore ha u sa tla hlola u tšoha. Empa Alana ea lilemo li 18, o re: “Ha u hlalosetsa ba bang seo u se lumelang le hoja u tšohile, u utloa eka u finyeletse ntho e itseng—u hlōtse tšabo ea hao ebile u tobane le boemo bo neng bo ka ’na ba se ke ba tsamaea hantle. ’Me haeba lintho li tsamaea hantle, u tla thaba le ho feta! U tla thabisoa ke hore u bile le sebete sa ho bua.”
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.
b Liphetolelo tsa Bibele li sebelisa mantsoe a sa tšoaneng. Leha ho le joalo, tse ling li fetoletse ka botšepehi lipuo tseo Bibele e neng e ngotsoe ka tsona qalong.
c Sheba lebokose le leqepheng la 26 le reng, “Litsela Tsa ho Qalisa Moqoqo.”
SEO U KA NAHANANG KA SONA
◼ Na see e ka ba seo ngoana e mong sekolong sa hao a se nahanang?
‘Kea tseba hore u e mong oa Lipaki Tsa Jehova. E ka ’na eaba u nahana hore ke tl’o u soma, empa ha e le hantle kea u hlompha. Ho tla joang hore u lule u khobile matšoafo har’a mathata a mangata hakaale lefatšeng? Ke tšohile. Na ho tla ba le ntoa e ’ngoe haufinyane? Na batsoali ba ka ba tla hlalana? Na letsatsi la kajeno le tla ntikella ke sa thunngoa kapa ke sa hlajoa ka thipa sekolong? Ke na le lipotso tse ngata, empa uena u bonahala u e-na le morero bophelong ’me u tseba seo u batlang ho se finyella. Na ke ka lebaka la bolumeli ba hao? Nka rata ho buisana le uena ka taba ena, empa ke tšaba ho e qala. Ha u ka mpa ua e qala?’
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 26]
SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG
“Bana ba bang baa ntšeha ha ke bua ka seo ke se lumelang. Empa hangata baa ntlohela ha ba hlokomela hore ha ke tsotelle.”—Francesca, Belgium.
“Ha u sa bolelle ba bang hore u Mokreste, u ka ’na ua itebala ’me ua qala ho itšoara joaloka bona. Ha ua lokela ho ea le mokhopi; u lokela ho ema ho seo u leng sona.”—Samantha, United States.
“Ha ke sa le monyenyane, ke ne ke sa batle ho ba mokhelo. Empa ke ile ka qala ho ananela kamoo seo ke se lumelang se nthusang ho ba motho ea molemo kateng. Ho hlokomela seo ho matlafalitse tšepo ea ka—ho entse hore ke be motlotlo ka seo ke se lumelang.”—Jason, New Zealand.
[Lebokose le leqepheng la 26]
LITSELA TSA HO QALISA MOQOQO
◼ “U rerile ho etsa’ng lehlabuleng lee?” [Ka mor’a hore a a arabe, mo bolelle lintho tsa moea tseo u rerileng ho li etsa, joaloka ho ea kopanong kapa ho eketsa nako ea hao tšebeletsong.]
◼ Bua ka se hlahileng litabeng, ebe ua mo botsa: “Na u utloile ka taba ee? U nahana’ng ka eona?”
◼ “Na u nahana hore mathata a lefatše a lichelete [kapa mathata a mang] a tla ke a ee moriting? [Emela karabo.] Ke hobane’ng ha u nahana joalo?”
◼ “Na u kena kereke?”
◼ “U bona eka u tla be u finyelletse eng bophelong lilemong tse hlano ho tloha joale?” [Ka mor’a hore a a arabe, mo bolelle lipakane tsa hao tsa moea.]
[Chate e leqepheng la 25]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
rera esale pele hore na u tla re’ng Le sehe!
Tlhahiso: Buisana ka chate ena le batsoali ba hao le metsoalle ea hao. E tlatse. Ebe ua nahana hore na ke lipotso life tse ling tseo liithuti-’moho le uena li ka ’nang tsa li botsa.
Potso Karabo
‘U ikutloa joang → Ha kea ba hloea, →
Melao ea ka batho ba ratanang empa le teng ha ke
boitšoaro e le ba bong bo lumellane le seo
tšoanang?’ ba se etsang.
Ho Ratana Ke hobane’ng → Ke entse qeto ea ho →
ha u sa ratane? se ratane ho fihlela
ke hōlile.
Ke hobane’ng → Ke hlompha naha eo →
Ho se Nke ha u sa lumelise ke lulang ho eona,
Lehlakore folakha? empa ha ke e rapele.
Ke hobane’ng → Ke amohela ho →
ha u hana ho tšeloa eng kapa eng
tšeloa mali? e ke keng ea mpeha
Mali kotsing ea hore ke
tšoaetsoe AIDS.
Empa Bibele e re
re ile mali, ke kahoo
ke sa amoheleng ho
tšeloa mali.
Mang-mang ea kenang → Re rutoa melao ea →
kereke le lōna o Molimo, empa ha re
Liqeto entse tjena le tjena. qobelloe ho etsa
Joale uena u sitisoa lintho! Kaofela ha
ke eng? rōna re lokela ho
ho iketsetsa liqeto.
→ Ke hobane’ng ha ke →
lokela ho lumela
Ke hobane’ng hore li iphetotse?
Pōpo ha u sa lumele hore Bo-rasaense ha ba
lintho iphetotse? lumellane tabeng
ena, e leng bona
bao ho nkoang hore
ke litsebi!
Potso e Patlisiso Karabo
Latelang
→ ‘Na seo → 1 Bakorinthe 6:9, 10; → Che, empa ke
Melao ea hase ho ba Lipotso—Bacha Baa khahlanong le
boitšoaro khetholla?’ Botsa—Likarabo Tse mefuta eohle ea
Sebetsang, Buka ea 2, boitšoaro bo
khaolo ea 28.d bobe—eseng ba
batho ratanang
e le ba bong
bo tšoanang
feela.
→ Na ke ka → Sefela sa Lifela 8:4; → E, ho joalo.
lebaka la Bacha Baa Botsa, Buka Re ratana feela
Ho Ratana bolumeli ea 2, khaolo ea 1. ha re se re
ba hao? ikemiselitse ho
kena lenyalong,
’me hajoale ha ke
e-s’o ikemisetse
ho kena ho lona!
→ Kahoo, na u → Esaia 2:4; → Che, kaha le
ke ke ua Johanne 13:35; Ha e le Lipaki Tsa Jehova
Ho se Nke loanela naha Hantle ke Eng Seo tse limilione
Lehlakore ea heno? Bibele e se Rutang? linaheng tse ling
leqepheng la li ke ke tsa
→ Empa na u → Liketso 5:28, 29; → ․․․․․
ke ke ua Baheberu 11:6; → ․․․․․
a tšela le buka ea Seo Bibele
ha u se u e se Rutang,
Mali bona hore u leqepheng la
ka ’na 129-131.
ua shoa?
Na Molimo
a ke ke a
u tšoarela?
→ Na see ha se → ․․․․․ → ․․․․․
bontše hore e
mong le e
Liqeto mong a ka
iketsetsa seo
a se ratang
kerekeng ea
lōna?
Pōpo → ․․․․․ → ․․․․․ → ․․․․․
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
d E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
e E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ho bolella ba bang seo u se lumelang ho tšoana le ho sesa. U ka kena butle ka metsing, kapa ua ikakhela!