Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/09 maq. 7-9
  • Lerato le Hlōla Khethollo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lerato le Hlōla Khethollo
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o ne a Rata ba Eisehang
  • Molimo ha a re Felle Pelo
  • Ha ho se ho se na Lehloeo le Khethollo!
  • Re Lokela ho Momahana Joalokaha Jehova le Jesu ba Momahane
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Ho Fela ha Khethollo
    Tsoha!—2004
  • Lefatše le se Nang Khethollo—Le Tla ba Teng Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Nka Mamella Leeme la Morabe Joang?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 8/09 maq. 7-9

Lerato le Hlōla Khethollo

“Ho hlahile sehlopha sa bolumeli bo bocha ka lekhetlo la pele historing: eseng sa batho ba nkang bochaba ba bona e le bolumeli, empa sa baithaopi ba sa khetholleng batho ba bang ka maemo a bona a bophelo, morabe oo ba tsoang ho oona le naha eo ba tsoaletsoeng ho eona: banna le basali ba phuthehang hammoho ka pel’a molimo oa bona.”—A History of Christianity, e ngotsoeng ke Paul Johnson.

HA BOKRESTE ba ’nete bo ntse bo phatlalla le ’Muso oa Roma, batho ba ile ba bona ntho e ’ngoe e makatsang—e leng lelapa la moea la batho ba lichaba tse sa tšoaneng, ba ithutileng ho phela hammoho ka khotso ea sebele le ka kutloano. Se neng se etsa hore “lelapa” lena le be le khotso e ne e le lerato la sebele, le thehiloeng melao-motheong e rutoang ke Molimo, eseng maikutlong feela.

Jesu Kreste ea neng a hloiloe a bile a khetholloa ka sehlōhō o ile a ruta melao-motheo eo ka mantsoe le ka liketso. (1 Petrose 2:21-23) Lebaka ke hore o ne a tsoa Galilea ’me Bagalilea ba bangata e ne e le lihoai le batšoasi ba litlhapi, ba neng ba khelloa tlaase ke baeta-pele ba bolumeli ba Sejuda, ba Jerusalema. (Johanne 7:45-52) Jesu e ne e boetse e le mosuoe ea hloahloa ea neng a ratoa a bile a hlomphuoa ke batho. Ka lebaka leo, baeta-pele ba bolumeli ba ile ba mo honohela hoo ba ileng ba jala mashano ka eena ba ba ba rera ho mo bolaea!—Mareka 15:9, 10; Johanne 9:16, 22; 11:45-53.

Leha ho le joalo, Jesu ha aa ka a ‘busetsa bobe ka bobe.’ (Baroma 12:17) Ka mohlala, ha Bafarisi ba bang—bao e neng e le litho tsa lequloana la Bajuda le khahlanong le Jesu—ba mo botsa lipotso ka tieo, o ile a ba araba ka mosa. (Johanne 3:1-21) Jesu o ne a bile a ja le Bafarisi, ho akarelletsa le e mong ea neng a mo khetholotse ka tsela e itseng. Ka tsela efe? Mehleng eo, e ne e le tloaelo ho hlatsoa baeti maoto; empa Mofarisi eo ha aa ka a hlatsoa Jesu maoto. Na Jesu o ile a khopisoa ke seo? Che. Ho e-na le hoo, o ile a sebelisa monyetla oo mantsiboeeng ao, ho ruta thuto ea bohlokoa tabeng ea qenehelo le ea ho tšoarela.—Luka 7:36-50; 11:37.

Jesu o ne a Rata ba Eisehang

Papiso e ’ngoe ea Jesu e tsebahalang ka ho fetisisa ke ea Mosamaria ea molemo, ea ileng a ntša chelete ho lefella Mojuda ea neng a khakhathiloe ’me a nketsoe thepa. (Luka 10:30-37) Ke hobane’ng ha seo Mosamaria eo a se entseng se babatseha? Bajuda le Basamaria ba ne ba hloeane. Ha e le hantle, Bajuda ba ne ba atisa ho bitsa motho “Mosamaria” ha ba mo khesa—Jesu le eena ba ile ba mo khesa joalo. (Johanne 8:48) Leha ho le joalo, Jesu o ile a sebelisa papiso eo e matla ho bontša lerato la boahelani le se nang leeme.

Jesu o ile a tšehetsa seo a se buang ka liketso, ’me a folisa Mosamaria ea nang le lepera. (Luka 17:11-19) Ho feta moo, o ile a ruta Basamaria ba bang ba nang le kananelo, a ba a qeta nako e telele a ntse a buisana le mosali oa Mosamaria—e leng se thahasellisang haholo. (Johanne 4:7-30, 39-42) Hobane’ng? Hobane bo-rabi ba Bajuda ba neng ba khomaretse melao ka thata ba ne ba sa buisane le mosali ofe kapa ofe ha ba le bathong—esita le eo ba amanang le eena—’me ho hang ba ne ba ke ke ba buisana le mosali oa Mosamaria!

Joale Molimo o ikutloa joang ka motho ea nang le khethollo empa a leka ka matla ho e ntša pelong? Le tabeng ena, Bibele e re fa boitsebiso bo khothatsang.

Molimo ha a re Felle Pelo

Qalong Bakreste ba bangata ba Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba susumelitsoe ke mokhoa o neng o bile teng ka nako e telele oa ho khetholla batho bao e seng Bajuda, bao bongata ba bona ba neng ba fetoha Bakreste. Jehova Molimo o ile a etsa’ng ka bothata boo bo neng bo ka ’na ba baka karohano? O ile a ruta phutheho ea Bokreste a sa e felle pelo. (Liketso 15:1-5) Mamello ea hae e ile ea tsoala katleho, kaha joalokaha ho bontšitsoe qalong ea sehlooho sena, ho ile ha hlaha phutheho ea batho ‘ba sa khetholleng ba bang ka maemo a bona a bophelo, morabe oo ba tsoang ho oona le naha eo ba tsoaletsoeng ho eona.’ Ka lebaka leo, “liphutheho [li ile] tsa tsoela pele ho tiisoa tumelong le ho eketseha ka palo letsatsi le letsatsi.”—Liketso 16:5.

Re ithuta’ng ho see? Re ithuta hore ha rea lokela ho tela, empa re lokela ho tsoela pele re itšetlehile ka Molimo, ea fanang ka bohlale le matla ho ba mo ‘kōpang ka tumelo.’ (Jakobo 1:5, 6) Na u sa hopola Jennifer, Timothy, John le Olga ba boletsoeng sehloohong se qalang? Nakong eo Jennifer a eang sekolong se bohareng, o ne a se a hatetse pele moeeng ’me a ithutile ho iphapanyetsa batho ba somang morabe oa habo le ba buang ka seemo sa hae. Nakoana ka mor’a moo, ha bana ba bang ka tlelaseng ba soma ngoanana e mong, Jennifer o ile a mo buella a ba a mo khothatsa.

Ke’ng se ileng sa thusa Timothy hore a lule a khobile matšoafo ha bana bao a kenang sekolo le bona ba mo soma ka morabe oa habo? O re: “Ke ne ke amehile ka hore ke se ke ka tlisetsa lebitso la Jehova Molimo thohako. Hape, ke ne ke lula ke ikhopotsa hore re lokela ho ‘hlōla bobe ka botle’ ’me re se ke ra lumella hore bobe bo re hlōle.”—Baroma 12:21.

John o ile a khaotsa ho khetholla seithuti-’moho le eena sa Lehausa. O re: “Ha ke sa le mocha, ke ne ke kena sekolo le bana ba bang ba Mahausa, bao e ileng ea e-ba metsoalle ea ka. Ke ile ka etsa porojeke e ’ngoe le e mong oa bona, ’me ra sebetsa hantle. Hona joale ke leka ho talima batho ka bomong, eseng e le morabe o itseng.”

Olga le moromuoa-’moho le eena ha baa ka ba tšoha ha ba ne ba hlorisoa ke bahanyetsi ba khopo, empa ba ile ba lula ba tiile, ba kholisehile hore ho na le batho ba tla amohela molaetsa oa Bibele. Ba bangata ba ile ba o amohela. Olga o re: “Lilemo tse ka bang mashome a mahlano hamorao, monna e mong o ile a tla ho ’na ’me a mpha mokotlana o mong o motle. Ka hare o ne o e-na le majoana a ngotsoeng litšobotsi tsa Bokreste tse kang molemo, mosa, lerato le khotso. Monna eo o ile a mpolella hore e ne e le e mong oa bashanyana ba neng ba mpetsa ka majoe le hore hona joale e se e le ngoan’eso oa Mokreste. Ntle le mokotlana oo o tšetseng majoana, eena le mosali oa hae ba ile ba mpha lirosa tse 24 tse tšoeu.”

Ha ho se ho se na Lehloeo le Khethollo!

Haufinyane lehloeo le khethollo li tla fela. Joang? Ka hore lefatše le busoe ke ’Musi a le mong ea seng a bontšitse hore “a ke ke a ahlola ka se bonahalang mahlong a hae”—e leng Jesu Kreste. (Esaia 11:1-5) Ho feta moo, bafo ba Jesu ba lefatšeng ba tla mo etsisa ka ho phethahetseng, kaha bohle ba tla be ba rutiloe ke eena le Ntate oa hae, Jehova Molimo.—Esaia 11:9.

Hona joale batho ba Molimo ba ntse ba fuoa thuto eo e le ho ba lokisetsa ho phela tsamaisong e ncha ea lintho e fetotsoeng ka ho feletseng. Kahoo re u khothalletsa hore u sebelise monyetla ona ho ba le thuto ea Bibele e sa lefelloeng.a Ka sebele, Molimo ha a leeme; thato ea hae ke hore batho ba mefuta eohle “ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.”—1 Timothea 2:3, 4.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Haeba u ka rata ho khanneloa thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng ka nako e u loketseng le sebakeng se u loketseng, ikopanye le Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng sa heno kapa u ngolle e ’ngoe ea liofisi tsa lekala tse thathamisitsoeng leqepheng la 5. Kapa u ikopanye le Lipaki Tsa Jehova mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

Haufinyane lehloeo le khethollo li tla khaotsa ho sulafaletsa batho bophelo

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]

MELAO-MOTHEO EA BOMOLIMO E RE TATAISANG

◼ “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena. . . . U ’ne u hlōle bobe ka botle.” (Baroma 12:17-21) See se re ruta eng? Hore haeba ba bang ba u etsa hampe, uena u ba etse hantle. Jesu Kreste o ile a re: “Ba ntlhoile ntle ho lebaka.” Empa eena ha aa ka a ba hloea.—Johanne 15:25.

◼ “A re se keng ra fetoha ba ipolelisang, . . . ba honohlelanang.” (Bagalata 5:26) Mohono le boikhohomoso li ka senya kamano ea motho le Molimo, ’me hangata li etsa hore motho a be le lehloeo le khethollo.—Mareka 7:20-23.

◼ “Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) Ipotse, ‘Ke rata ho tšoaroa joang?’ Tšoara batho ba bang ka tsela eo le uena u batlang hore ba u tšoare ka eona, ho sa tsotellehe hore na ba lilemo li kae, ke ba ’mala ofe, ba bua puo efe, kapa ke ba setso sefe.

◼ “Amohelanang joalokaha Kreste le eena a le amohetse.” (Baroma 15:7, Bibele—Phetolelo e Ncha) Na u leka ho tloaelana le batho ba merabe e meng le ba litso tse ling, haholo-holo haeba e le basebeletsi ba Molimo joaloka uena?—2 Bakorinthe 6:11.

◼ “Haeba Ntate le ’Mè ba ne ba ka ntlohela, Jehova o ne a tla nthola.” (Pesaleme ea 27:10) Ho sa tsotellehe hore na ba bang ba ka ’na ba u tšoara joang, Molimo a ke ke a u tlohela haeba u lula u tšepahala ho eena.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Mosamaria ea nang le moea oa boahelani o thusa Mojuda ea nketsoeng thepa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela